Moetlo oa Russia oa ho Penta Lehong
● Batho ba bangata ba etelang Russia ba thabela ho reka lihlahisoa tse entsoeng ka matsoho, tse kang lipopi tsa matryoshka. Mehleng ea pele, lihlahisoa tseo li ne li etsoa ka lehong ke baahi ba ipabolang mesebetsing ea matsoho. Tsela ea moetlo eo lehong le pentoang ka eona e bitsoa khokhloma.
Ka lilemo tse makholo, batho ba Russia ba ’nile ba jella likotlolong tse betliloeng ka hloko le ho pentoa, ’me ba sebelisa likhaba, linoelo le lijana tse ling tse entsoeng ka lehong. Hangata li ne li e-ba le mekhabiso e bontšang limela kapa liphoofolo. Baahi bohle ba motse ba ka ’na ba tšoareha ka ho etsa lihlahisoa tse sa tšoaneng tsa lehong.
Baahi ba motse ba ne ba etsa lihlahisoa tsena likhoeling tse batang tsa mariha, tse nkang nako e telele, ha ho se na mosebetsi o mokaalo oa temo oo ba ka o etsang. Lihlahisoa tsena li ile tsa kenyetsa metse e meng ea moo chelete e ngata lilemong tse makholo a mabeli kapa ho feta tse fetileng. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe, baahi bohle ba Semënov ba ile ba khaotsa ho lema ’me ba etsa likotlolo tsa lehong, mekeke, linoelo le likhaba tse ka bang limilione tse peli ka selemo se le seng feela.
Baahi ba motse o mong o pel’a toropo ea Nizhniy Novgorod ba ile ba qapa mokhoa oa ho etsa lihlahisoa tse thata, tse pentiloeng ka ’mala oa khauta. Ba ile ba etsa lipente tse sa tšabeng mollo ’me lihlahisoa tseo ba li entseng ba li kenya ka ontong. Mocheso oo o ne o etsa hore ’mala o silevera oa lihlahisoa tseo o anele hantle, ’me li be le ’mala o kang oa khauta. Mokhoa oo o ntse o sebelisoa le kajeno lifekthering tsa khokhloma tse haufi le Nizhniy Novgorod.
Mekhabisong ea khokhloma ho sebelisoa lipalesa le limela tse fumanoang merung ea Russia le makhulong a moo, hammoho le linonyana le litlhapi. Hangata ho sebelisoa liqoba tsa joang le makhasi a kopantsoeng le litholoana tse kang menokotšoai e sa tšoaneng. Ka tloaelo ho sebelisoa ’mala o mofubelu, o motšo, oa khauta le o motala. Kajeno, batho ba libakeng tse ngata ba khabisitse ka mebala e metle ea Russia litafoleng tsa bona, ba behile lihlahisoa tsena tse entsoeng ka matsoho tsa khokhloma.