Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/12 leq. 28
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maano a Khoebo Indastering ea ho Becha
  • Ke Nako Efe e Loketseng ea ho Bona Moahloli?
  • Na ho Bapala Papali ea Chelete ho Hobe Hakaalo?
    Tsoha!—1991
  • Lefatše la Papali ea Chelete
    Tsoha!—1991
  • Liphello tse Bohloko tsa ho Bapala Papali ea Chelete
    Tsoha!—1992
  • Bathaothuoa ba Bacha ba Papali ea Chelete—Bacha!
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 3/12 leq. 28

Tsa Mona le Mane

“Palo ea batho ba kenang lenyalong ba Engelane le Wales e theohile haholo ho tloha ha ho etsoa tlaleho ea batho ba kenang lenyalong,” ka 1862.—OFISI EA LIPALO-PALO TSA SECHABA EA BRITHANI.

Baokameli ba fetang halofo ba lik’hamphani tse nyenyane tseo e seng tsa ’muso United States, “ba lebeletse hore bahiruoa ba utsoe ntho e ’ngoe ea bohlokoa [k’hamphaning] nakong ea selemo se tlang.”—REUTERS NEWS SERVICE, UNITED STATES.

Ofisi e Khahlanong le ho Bontšoa ha Litšoantšo Tse Litšila Tse Hlephisang Boitšoaro le ho Etsoa ha Likhatiso Tse Seng Molaong e re: Ka nako e ka tlaase ho selemo ka mor’a hore ho qalisoe letšolo la ho koala liwebsaete tse bontšang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ba boholong Chaena ba ne ba se ba “koetse tse fetang 60 000.”—CHINA DAILY, CHAENA.

“Batho ba fetang limilione tse 215—kapa ba etsang karolo ea boraro lekholong ea baahi ba lefatše—ba [lula] linaheng tseo eseng tsa habo bona.”—LETLŌLE LA MACHABA A KOPANENG LA NTŠETSO-PELE EA TEMO, ITALY.

“Ho liithuti tse 19 tse ipolaeang letsatsi le letsatsi India, tse tšeletseng tsa tsona [li etsa seo] hobane li tšaba ho hlōleha litlhahlobong.”—INDIA TODAY INTERNATIONAL, INDIA.

Maano a Khoebo Indastering ea ho Becha

Motho a le mong oa Jeremane ea lemaletseng ho becha, o lahleheloa ke bonyane chelete e imenneng ka makhetlo a leshome ho feta e lahlehelang motho ea sa ho lemallang. Kahoo, koranta ea Süddeutsche Zeitung e re makhoba a ho becha ke “bareki ba bohlokoa.” E le hore liindasteri tsa ho becha li fumane phaello, li hlophisa lipapali le ho etsa mechine ka tsela e ka susumeletsang batho hore ba lemalle ho becha. Ha mochine o sebetsa ka lebelo, seo se etsa hore motho ea bechang a hlōlehe ho ithiba ’me a lemalle ho becha. Maano ana a ho etsa khoebo aa atleha—ho boleloa hore karolo ea 56 lekholong ea chelete e fumanoang mechineng ea papali ea chelete, e tsoa ho batho ba lemaletseng ho becha. Karolo ea 38 lekholong ea chelete e kenang e fumanoe lik’hasinong; karolo ea 60 eona e fumanoe lipapaling tsa ho becha Inthaneteng.

Ke Nako Efe e Loketseng ea ho Bona Moahloli?

Na ho ka etsahala hore mabaka a mang a ka thōko a ame tsela eo kahlolo e tla lihuoa ka eona? Phuputso e ’ngoe e bontša hore seo se ka etsahala. Sehlopha sa bafuputsi se hlahlobile liqeto tse fetang 1 000 tsa parole tse entsoeng ke baahloli ba nang le phihlelo ba Iseraele. Phuputso eo e ile ea fumana hore ka mor’a hore baahloli ba khutle lijong kapa khefung e khutšoanyane, karolo ea 65 lekholong ea likahlolo tseo ba fanang ka tsona li ne li le molemo ho feta tseo ba fanang ka tsona ka mor’a khefu e latelang. Bafuputsi ba phethile ka hore hase kamehla likahlolo li lihuoang ho lateloa molao, empa “li ka laoloa ke maemo a sa amaneng ho hang le liqeto tsa molao.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela