Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/12 maq. 21-23
  • Na U ka Rata ho ja Mushroom?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Rata ho ja Mushroom?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Temo ea Li-mushroom
  • Lia Latsoeha Ebile li ka Sebelisoa ka Litsela Tse sa Tšoaneng
  • Ke Ile ka Ithuta ’Nete ea Bibele Romania
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2005
  • Sebelisa Inthanete ka Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Tsoha!—2012
g 3/12 maq. 21-23

Na U ka Rata ho ja Mushroom?

MARENA a Egepeta ea boholo-holo a ne a nka li-mushroom e le sejo se lutlisang mathe. Li ne li bolokeloa lelapa la borena. Baroma ba ne ba re li-mushroom ke lijo tsa melimo ’me ba ne ba li ja ka liketsahalo tse khethehileng feela. Bagerike ba boholo-holo ba ne ba etsa mekete ea li-mushroom ’me ba ne ba lumela hore li-mushroom li matlafatsa bahlabani ba bona ha ba il’o loana.

Leha ho le joalo, kajeno li-mushroom ha li jeoe ke batho ba maemo a phahameng feela. Batho lefatšeng ka bophara ba thabela ho li ja! Na le uena u thabela ho li ja? Haeba u rata ho ja li-mushroom, na ua tseba hore haele hantle ke eng? Na li-mushroom ke liphoofolo, meroho kapa ke ntho e ’ngoe? Li lengoa joang? Na li na le phepo? Hona, u lokela ho etsa joang haeba u bona li-mushroom tse metseng naheng?

Ele hore re fumane likarabo, ’na le mosali oa ka re ile ra nka leeto ho tloha Sydney, Australia, ho ea Mittagong, e leng motse o motle o lihlabeng tse ka boroa tsa New South Wales. Re ne re lebile hokae? Polasing ea Noel Arrold ea li-mushroom.

Temo ea Li-mushroom

Noel, e leng Moaustralia ea shahlileng, ke setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane haholo le sa li-mushroom. O ithutetse temo ea li-mushroom linaheng tse ’maloa pele a khutlela Australia, moo a li lemang e le hore a li rekise. O re: “Li-mushroom ke li-fungus e leng mofuta oa lintho tse phelang tse akarelletsang hlobo le boroku. Pele, litsebi tsa baeloji li ne li nahana hore li-fungus ke limela, empa hona joale rea tseba hore li fapane haholo le limela tse tloaelehileng.

“Ka mohlala, li-fungus ha li etse lijo tsa tsona ka tsela eo limela tse tala li iketsetsang lijo ka ho sebelisa khanya ea letsatsi. Li ka mela le moo ho leng lefifi. Li khona ho ntša metsoako e matla e potlakisang tšebetso ea lik’hemik’hale tse fetolang lintho tsa tlhaho hore e be lijo tseo li ka li monyang. Mokhoa ona o ikhethang oa ho sila lijo o boetse o etsa hore li-fungus li se tšoane le liphoofolo. Kaha li-fungus hase limela tse tloaelehileng, ebile hase liphoofolo, litsebi tsa baeloji li li beha ka sehlopha sa tsona li le ling—e leng li-fungus.”

Noel o phaella ka hore: “Ha li le naheng, li-mushroom tse hōlileng li ntša lisele tse nyenyane tse limilione tse kopanang le lisele tsa li-mushroom tse ling hore li khone ho ikatisa. Ha lisele . . . li oela sebakeng se batang le se mongobo le se nang le lijo tse ngata, li ka hōla ’me tsa etsa li-mushroom tse ling. Batho ba lemang li-mushroom ka morero oa ho li rekisa ba etsa hore li ikatise ka ho sebelisa maemo a tšoanelehelang hore li hōle e le hore ba be le chai e eketsehileng le e maemong a holimo.”

Ha re ntse re tsoela pele ka leeto la rōna, Noel o ile a hlalosa hore mefuta e meng ea li-mushroom e hloka maemo a fapaneng ao e ka melang ho ’ona. Ka mohlala, li-mushroom tse bitsoang Agaricus bisporus, e leng tse ratoang haholo lefatšeng, li mela hantle manyolong a polasi a ntšitsoeng libaktheria. Mefuta e meng e hōlela ka mekotleng e tšetseng limela tse shoeleng, libotlolong tse tšelang lijo thollo, lipalong tsa lehong kapa likutung tse katetsoeng ka mafoforetsane a mapolanka. Har’a mefuta e likete e tsejoang ea li-mushroom, ke mefuta e ka bang 60 feela e lemeloang ho rekisoa.

Noel o lema li-mushroom tsa hae ka har’a thanele ea khale ea seporo e seng e sa sebetse e haufi le Mittagong. O re: “Kaha ka moo ho pholile ebile ho mongobo, ke sebaka se loketseng sa ho lema li-mushroom.” Ka moo, re bone mekotla e latellaneng, lipitsa le libotlolo kaofela li hometsoe ke li-mushroom tsa mefuta le boholo bo sa tšoaneng. Tse ling li ile tsa re hopotsa lirosa tse thuntseng; tse ling li tšoana le likhahla kapa ekare ke sehlopha sa lipalesa kapa likhele. Re ile ra khahloa ke ho bona mebala-bala ea tsona!

Lia Latsoeha Ebile li ka Sebelisoa ka Litsela Tse sa Tšoaneng

Noel o re: “Batho ba bangata ba rata kamoo li-mushroom tse tsoang linaheng tse ling li shebahalang kateng, empa e ka ’na eaba ha ba tsebe ho li pheha. Empa ho bonolo ho li pheha. Batho ba bang baa li khabela ebe baa li halika, kapa ba etsa sopho kapa salate, kapa ba li besa li ntse li felletse. ’Na ke rata li-mushroom tse bitsoang oyster ha li halikiloe ka oli. Hape, li-mushroom tsa shiitake li latsoeha joaloka nama ’me li monate haholo ha li kentsoe maheng.”

Li-mushroom tse jeoang li na le phepo ’me ke mohloli oa bohlokoa oa fiber, protheine, liminerale le livithamine. Ho boetse ho na le mefuta e meng e 2 000 ea li-mushroom, eo ho tsejoang hore e na le metsoako e phekolang. Ho ea ka tlhahlobo e ’ngoe ea meriana, lero la li-mushroom le ka sebelisoa metsoakong ea meriana e fetang 100, e ka loantšang mafu a akarelletsang kankere, lefu la sebete, AIDS, lefu la Alzheimer le k’holeseterole e phahameng.

Leha ho le joalo, ho ka ba kotsi ho kha li-mushroom tse metseng naheng. Har’a tse ling, mushroom e bitsoang Amanita phalloides, e batlile e tšoana le tse jeoang, empa eona ea bolaea. Kahoo latela molao: U se ke ua ja li-mushroom tse metseng naheng, ntle leha u boleletsoe ke setsebi sa li-mushroom hore li bolokehile hore li ka jeoa! Ke ’nete hore tse lengoang ka morero oa ho rekisoa tsona li bolokehile hore li ka jeoa. Ha e le hantle, ke li menye-menye tseo nakong e fetileng li neng li jeoa ke marena feela!

[Lebokose le leqepheng la 22]

LI-MUSHROOM LE LINTHO TSA TLHAHO

Hangata li-mushroom tsa naheng li mela libakeng tse pholileng tse mongobo merung e lefifi, moo li fetolang lifate tse shoeleng, limela le mantle a liphoofolo hore li matlafatse mobu ka tsela ea tlhaho. Tse ling li sebelisana hammoho le lifate. Li-mushroom li iphepa ka metsoako ea tlhaho e fumanehang methapong ea lifate, ha lifate tsona li monya limatlafatsi tse tsoang ho li-mushroom.

[Lebokose le leqepheng la 23]

KELETSO MABAPI LE LI-MUSHROOM

• Beha li-mushroom tse sa tsoa khuoa ka sehatsetsing u li phuthetse ka pampiri kapa u li kentse ka mokotlaneng oa lesela. Qoba ho li beha haufi le lintho tse nang le monko o bohale, kaha li ka monya monko oo.

• Haeba u ja li-mushroom li sa phehoa, li hlakole ka lesela le mongobo kapa u li tsokotse ka metsi ka potlako ebe u monya metsi ao ka lesela. U se ke ua inela li-mushroom ka metsing.

• Haeba u pheha li-mushroom, sebelisa borashe bo bonolo ho tlosa litšila tse ka holimo.

• U se ke ua ebola li-mushroom—letlalo la tsona le monate ebile le na le phepo!

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Li-“mushroom” li hōlisetsoa ka liphaposing tsena tseo mocheso oa tsona o laoloang

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Li-“mushroom” tse ling li shebahala joaloka lipalesa tse ntle

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Li-“mushroom” tse kentsoeng ka ontong le lierekisi tse khotliloeng, makhasi a sepiniche, konofolo le li-“chive” tse khabetsoeng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]

Courtesy of the Mushroom Information Center

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 23]

Top: Courtesy of the Mushroom Information Center; bottom: Courtesy of the Australian Mushroom Growers Association

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela