Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/12 maq. 14-31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Lintho Life Tse Sieo Setšoantšong See?
  • Li Bokelleng ’me le Ithute
  • Batho ba Libakeng Tse Ling
  • Bana Batlang Litšoantšo
  • LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Buka ea Bibele ea 32—Jonase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jonase o Ithuta ka Mohau oa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 5/12 maq. 14-31

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ke Lintho Life Tse Sieo Setšoantšong See?

Balang 1 Likronike 16:1, 2, 4-10. Joale shebang setšoantšo sena. Ke lintho life tse sieo ho sona? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase. Qetellang setšoantšo sena ka ho kopanya matheba a ho sona, ebe lea se taka.

1. ․․․․․

2. ․․․․․

3. ․․․․․

[Setšoantšo se Qanollang]

(Sheba sengoliloeng)

SE KA TŠOHLOANG:

Na Jehova Molimo o rata ha ’mino e le karolo ea borapeli ba rōna? Ke hobane’ng ha u araba joalo??

NTLHA E THUSANG: Balang 2 Likronike 5:13, 14; Baefese 5:19.

Na u ka bolela liketsahalo tse ling tse ka Bibeleng moo ho bina e neng e le karolo ea borapeli ba ’nete?

NTLHA E THUSANG: Balang Exoda 15:1-20; Mareka 14:26; Liketso 16:25.

Ke eng e ka u thusang hore u binele Jehova le haeba u le lihlong kapa u nahana hore ha u bine hantle joaloka batho ba bang?

NTLHA E THUSANG: Balang Pesaleme ea 33:1-3.

SE KA ETSOANG KE LELAPA:

Kōpa e mong le e mong ka lapeng hore a khethe pina eo a e ratang ka ho fetisisa e rorisang Jehova. Binang lipina tseo le le lelapa khafetsa, ho fihlela le li tseba.

Li Bokelleng ’me le Ithute

E seheng, le e mene ’me le e boloke

KARETE EA BIBELE 17 JONASE

LIPOTSO

A. Jonase o ne a ronngoe hore a il’o bolela ․․․․․, moo ho neng ho lula batho ba ka holimo ho ․․․․․.

B. Le hoja qalong Jonase a ile a balehela mosebetsi oo a neng a o filoe, ke ketso efe e bontšang sebete eo a ileng a e etsa e le hore a pholose batho ba bang?

C. Qetella mantsoe ana a Bibele: “Hoo Jonase a ileng a ba likarolong . . .”

[Chate]

4026 B.C.E. 1 C.E. 98 C.E.

Adama oa bōptjoa O phetse lilemong Buka ea ho qetela

tsa bo 840 B.C.E. ea Bibele ea ngoloa

[’Mapa]

O ile a baleha Gathe-hefere a leba Tarshishe

Gathe-hefere

TARSHISHE

Ninive

JONASE

PALE EA HAE EA BOPHELO

E ne e le moprofeta oa Jehova ea sebelitseng nakong ea puso ea Morena Jeroboame II. (2 Marena 14:23-25) Jehova o ile a ruta Jonase hore a se ke a inahanela boeena feela, empa a nahanele le litlhoko tsa batho ba bang. (Jonase 4:6-11) Se etsahaletseng Jonase se re ruta hore Jehova o na le mamello e khōlō, o mohau ebile o bontša batho ba baetsalibe mosa.

LIKARABO

A. Ninive, 120,000.​—Jonase 1:1, 2; 4:11.

B. O ile a bolella banna ba tsamaisang sekepe hore ba mo lahlele ka leoatleng e le hore leoatle le khutse.​—Jonase 1:3, 9-16.

C. “ . . . tse ka hare tsa tlhapi ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.”​—Jonase 1:17.

Batho ba Libakeng Tse Ling

4. Lebitso la ka ke Melissa, ke lilemo li 9, ke na le Edilo ea lilemo li 7. Re lula Cuba. Ho na le Lipaki Tsa Jehova tse kae Cuba? Na li 51 000, 91 000, kapa li 131 000?

5. Ke letheba lefe le bontšang moo re lulang teng? Etsang selikalikoe ho lona, ebe le etsa letheba ho bontša moo le lulang teng, ’me le bone hore na le haufi hakae le Cuba.

A

B

C

D

Bana Batlang Litšoantšo

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

Le ka fumana lihlooho tse ling tsa “Se ka Tšohloang ke Lelapa,” mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.jw.org

● Likarabo tsa “SE KA TŠOHLOANG KE LELAPA” li leqepheng la 14

LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 30 LE LA 31

1. Tente e koahetseng Areka.

2. Harepa.

3. Terompeta.

4. 91 000.

5. C.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela