“Lintho Tsa Pele li ke ke Tsa. . . Fihla ka Pelong”
’Mōpi oa rōna o senotse seo a tla se etsa nakong e tlang e haufi. O itse:
“Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”—ESAIA 65:17.
Ke lintho life “tsa pele” tse ke keng “tsa fihla ka pelong”? Ha e le hantle ho buuoa ka lintho tse kang ho hloka toka, ho kula, mahlomola le lintho tse ling tse ngata tse utloisang batho bohloko. Lintho tseo tse utloisang bohloko li tla fela joang? Karabo ea potso ena, e amana le “maholimo a macha” le “lefatše le lecha” tse profetiloeng esale pele.
Lipolelo tsena tse thahasellisang li tla hlalosoa hantle hore na li bohlokoa ka tsela efe, puong ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Lintho Tsa Pele li ke ke Tsa . . . Fihla ka Pelong.” Puo ena e tla fanoa Likopanong Tsa Setereke tsa Lipaki Tsa Jehova tse nang sehlooho se reng “Sireletsa Pelo ea Hao!” tse tla qala ka May United States ebe li tsoela pele lefatšeng ka bophara.
U mengoa ka mofuthu hore u be teng kopanong e tla tšoareloa haufi le moo u lulang teng. E le hore u fumane lintlha tse tobileng, ka kōpo ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena. Websaete ea www.jw.org e thathamisa libaka tseo likopano li tla tšoareloa ho tsona le matsatsi ao li tla tšoaroa ka ’ona.