Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/12 maq. 6-7
  • Kamoo re ka Bontšang Toka Haholoanyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo re ka Bontšang Toka Haholoanyane
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla ba Teng Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Toka ea Sebele Tlas’a ’Muso oa Molimo
    Tsoha!—2012
  • Ho Fela ha Khethollo
    Tsoha!—2004
  • Na u Fumane Senotlolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 5/12 maq. 6-7

Kamoo re ka Bontšang Toka Haholoanyane

’MŌPI oa rōna o batla hore re thabe, re be le khotso ’me re thabise batho ba bang. Kahoo, u re kōpa hore re ‘re sebelise toka ’me re rate mosa.’ (Mikea 6:8) Re ka etsa seo joang? Re tlameha ho bontša litšobotsi tse tla re etsa hore re bontše toka. A re hlahlobeng kamoo Bibele e ka re thusang kateng.

HO HLŌLA MEHARO. Tsela e molemohali ea ho hlōla meharo ke ho ba le lerato, eseng lerato feela la ho nkeha maikutlo kapa la batho ba bong bo fapaneng, empa ho bontša batho ba bang lerato le nang le boitelo. 1 Bakorinthe 13:4, 5 e re: “Lerato . . . le mosa,” hape “ha le batle lithahasello tsa lona.” Ho feta moo, lerato lena ha le bontšoe ho litho tsa lelapa le metsoalle feela. Jesu o ile a botsa a re: “Haeba le rata ba le ratang, le na le moputso ofe?” a eketsa ka hore le batho ba sa tsebeng Molimo ba rata batho ba ba ratang.—Matheu 5:46.

HO HLŌLA KHETHOLLO. Liketso 10:34, 35 e re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” Molimo ha a ahlole batho ka morabe, boemo kapa bong ba bona. Ho eena “ha ho Mojuda kapa Mogerike, le lekhoba kapa motho ea lokolohileng, ha ho e motona kapa e motšehali.” (Bagalata 3:28) Haeba re etsisa Molimo, re ka hlōla khethollo. Nahana ka mohlala oa Dorothy ea neng a lula United States.

Dorothy o ile a halefisoa ke khethollo ea morabe hoo a neng a lakatsa ho tšehetsa batho ba neng ba batla ho liha ’muso o neng o hateletse batho ba batšo. Ka eona nako eo, o ile a ea libokeng tsa Bokreste tsa Lipaki Tsa Jehova ’me a hlolloa ke lerato le mofuthu leo a ileng a le bontšoa ke batho ba batšo le ba basoeu. Ho e-s’o ee kae, o ile lemoha hore ke Molimo feela ea ka fetolang botho ba motho. Ha a hlokomela kamoo Lipaki tsa makhooa li neng li e-na le lerato la sebele kateng ho eena—batho bao a ileng a re “a ka be a ba bolaile ntle ho tika-tiko e le hore a felise khatello ea batho ba batšo”—o ile a “ameha maikutlo” hoo a ileng a lla sa ’mokotsane.

HO HLŌLA LIKETSO TSE SA AMOHELEHENG. Pele e e-ba Bakreste, ba bang ba balateli ba Jesu e ne e le matahoa, bahanyapetsi, barati ba mekete e lerata ebile ba le litlhapa. Leha ho le joalo, ka thuso ea Molimo litšobotsi tseo tse mpe tsa bona li ile tsa nkeloa sebaka ke lerato, mosa le molemo. (1 Bakorinthe 5:11; 6:9-11; Bagalata 5:22) Ka ho tšoanang le kajeno, batho ba limilione ba entse liphetoho tsa bohlokoa bophelong ba bona e le hore ba rapele Molimo. Mohlala o mong ke oa Firuddin, ea lulang Azerbaijan.

Firuddin o hōletse moo ho lulang likhutsana ’me o ne a rata ho loantša bashemane ba bang. Ha a se a hōlile, e ile ea e-ba mokoetlisi oa papali ea ho otlana ka matsoho. O re: “Ke ne ke le tala, ke le khopo ke bile ke le mabifi. Haeba nakong ea lijo mosali oa ka Zahra, a ne a ka lebala ntho e itseng esita leha e ka ba thutsoana ea ho hlohlotsa meno, ke ne ke mo shapa. Haeba monna e mong a ne a ka mo sheba ke ntse ke tsamaea le eena, ke ne ke tšela monna eo phafa!”

Ka letsatsi le leng, Firuddin o ile a ameha maikutlo ha a utloa hore Jesu o ile a kōpa Molimo hore a tšoarele masole a ileng a mo khokhothela. (Luka 23:34) O ile a nahana hore ‘ke Mora oa Molimo feela ea neng a ka etsa seo.’ Ka mor’a moo, o ile a batla ho ithuta ka Molimo. Ha Lipaki Tsa Jehova li ithaopela ho mo thusa ho ithuta Bibele ntle ho tefo, o ile a lumela hang-hang. Ho e-s’o fete nako e kae, botho ba hae bo ile ba qala ho ntlafala. Ka sebele, o ile a tšoara Zahra ka mosa hoo Zahra le eena a ileng a qala ho ithuta Bibele. Kajeno, ka bobeli ba kopane borapeling ba ’nete.

Ke ’nete hore liphetoho tseo re ka li etsang bophelong, li ke ke tsa felisa ho hloka toka lefatšeng lohle! Leha ho le joalo, Molimo eena o rerile ho tlisa lefatše le lecha leo toka e tla rena ho lona. Ho feta moo, o na le matla a ho etsa joalo! Nahana ka sena: Lengolong la 2 Timothea 3:1-4, le qotsitsoeng qalong ea sehlooho se fetileng, re bone kamoo Bibele e boletseng ka ho hlaka kateng hore na batho ba ne ba tla joang mehleng ea rōna. Boprofeta boo bo phethahetse ka ho feletseng feela joalokaha boprofeta bo bong ba Bibele bo phethahetse. Hase ho hloka kelello ho nka ka botebo tšepiso eo Molimo a e entseng ea hore o tla felisa ho hloka toka. Ka sebele, Molimo o tla finyella morero oa hae. Joang?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

HEIDE O BATLA TOKA

Heide ea lulang United States o re: “Ke ne ke utloisoa bohloko ke khethollo, lintoa, bofuma le mefuta e meng ea ho hloka toka ’me ke ne ke batla tharollo. Ke ile ka leka ho sebetsa le mokhatlo oa litokelo tsa botho eaba qetellong ke kenela mokhatlo oa lipolotiki, empa sena sohle ha sea ka sa rarolla bothata ba ho hloka toka.

“Ke ne ke bona ho le bohlokoa hore ho etsoe liphetoho ’me ke ne ke bona eka mokhatlo oa mahipi ke oona o tla atleha. Empa le oona o ile oa hlōleha. Ke ile ka lemoha hore mahipi a mangata a ne a rata ho kopanela liphate, lithethefatsi le ’mino oa rock and roll ho feta ho lokisa maemo a neng a le teng, kahoo sena sohle se ile sa etsa hore ke hatellehe haholo. Ke ile ka kopana le Paki ea Jehova ’me e ile ea mpontša ka Bibeleng liphetoho tseo Molimo a rerileng ho li tlisa. Ka mohlala, e ile ea mpontša mangolo a kang la Tšenolo 21:3, 4 e reng Molimo o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle ’me o tla felisa ho hlonama, lillo le bohloko tseo hangata li bakoang ke ho hloka toka. Ke ile ka ipotsa: ‘Na litšepiso tseo li ka phethahala?’

“Lipelaelo tseo ke neng ke e-na le tsona li ile tsa fela ha ke bala seo Mangolo a se buang ka matla a Molimo le lerato la hae, le ha ke ne ke latsoa lerato le teng har’a Lipaki Tsa Jehova. Ke lebeletse ka cheseho e khōlō ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo hammoho le ho bona toka e ba teng lefatšeng ka bophara.”

[Setšoantšo se leqepheng 6]

Re ka hlōla khethollo haeba re etsisa lerato la Molimo

[Setšoantšo se leqepheng 6]

Firuddin le mosali oa hae Zahra

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela