Toka ea Sebele Tlas’a ’Muso oa Molimo
BOPROFETA ba Bibele bo senola hore lefatše la joale, haufinyane le tla nkeloa sebaka ke lefatše le lecha leo Molimo a tla le tlisa. Ho feta moo, lefatše leo le lecha le tla ba le ’muso o le mong—’Muso oa Molimo, oo Jesu Kreste e tla ba Morena oa oona. (Tšenolo 11:15) ’Muso oa Molimo o tla felisa ho hloka toka ka tsela efe? O tla e felisa ka litsela tse peli.
1. ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso ea batho e se nang toka le bokhoni ba ho busa. Daniele 2:44 e re: “Matsatsing a marena ao [a busang nakong ea bofelo] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso . . . O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela [mebuso ea batho], ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”
2. ’Muso oa Molimo o tla timetsa batho ba khopo, empa o boloke ba lokileng. Pesaleme ea 37:10 e re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” Temana ea 28 e re: “Jehova o rata toka, a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae. Ka sebele ba tla lebeloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”
Batho bao ba “tšepahalang” ba tla bona ha ho phethahala mantsoe ao Jesu aa buileng thapelong ea hae ea mohlala. O ile a re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Thato ea Molimo ke efe ka lefatše?
Nakong ea ha ’Muso oa Molimo o Busa Lefatše . . .
Bobolu le khatello li tla fela. Ha Baheberu 1:9 e bua ka Jesu Kreste, e re: “U ratile ho loka, ’me u hloile tlōlo ea molao.” ’Musi ea nang le toka e le kannete e leng Jesu, “o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. . . . O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12-14.
Batho bohle ba tla ba le lijo tse ngata. “Ka sebele lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona; Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.” (Pesaleme ea 67:6) ‘Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng, ’me ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.’ (Pesaleme ea 72:16) Ka mohlolo, Jesu o ile a fepa batho ba likete ka nako e le ’ngoe—e leng se neng se bontša seo a tla se etsa nakong e tlang ha a busa ’Musong oa Molimo.—Matheu 14:15-21; 15:32-38.
Mefokolo ea batho e ke ke ea sitisa toka ho phethahala. “Ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong a hae [Molimo], empa lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” (Baheberu 4:13) Re bala sena mabapi le Kreste: “A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae. O tla ahlola ba tlaase ka ho loka, ’me o tla fana ka khalemelo ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše.”—Esaia 11:3, 4.
’Muso oa Molimo o Haufi le ho Busa!
Boemo ba lefatše lena bo ntseng bo mpefala, ke bopaki ba hore le haufi le ho fela. Pesaleme ea 92:7 e re: “Ha ba khopo ba hlōmela joaloka limela, bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba thunya, ke hore ba felisoe ka ho sa feleng.” Ke joang re ka qobang ho ba har’a bao Molimo a sa ba amoheleng, empa re be har’a bao a tla ba pholosa? Jesu Kreste o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
Na u ka rata ho ba le tsebo ee ea bohlokoa? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa buisane le Lipaki Tsa Jehova joalokaha Heide, Dorothy le Firuddin ba boletsoeng pejana ba ile ba etsa? Thuto ea Bibele eo li fanang ka eona ha e lefelloe, ebile u tla be u sa itlame ka letho.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
HA BOPHELO BO BONAHALA BO SE NA TOKA
Ha Emily ea lulang United States a le lilemo li supileng, ho ile ha fumanoa hore o tšoeroe ke kankere ea mali. Ha metsoalle ea hae e ne e tšoaroa ke sefuba, Emily eena ka lilemo tse ngata o ne a mameletse phekolo e bohloko e akarelletsang chemotherapy. Emily o re: “Ruri kankere ea mali ke boloetse bo tšosang!”
Le hoja a loantšana le boloetse bona bo bohloko hakana, Emily ha a lahleheloa ke tšepo. Ho e-na le hoo, o emetse ’Muso oa Molimo oo ho oona ho seng “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Emily o re: “Lengolo leo ke le ratang ka ho fetisisa ke la Mareka 12:30 le reng: ‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.’ Ha ke rapela Jehova, oa ’matlafatsa. Ke leboha Jehova ka lelapa leso, phutheho ea Bokreste le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la Paradeise. Ho ba le tšepo ena ho nthusitse haholo.”
[Litšoantšo tse maqepheng a 8, 9]
Tlas’a ’Muso oa Molimo, batho bohle ba tla thabela ho ba le lijo tse ngata, hammoho le toka ea sebele le bophelo bo se nang khethollo