Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/12 maq. 10-12
  • Itatsoe Menoana ka “Likokoanyana Tsa Leoatleng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itatsoe Menoana ka “Likokoanyana Tsa Leoatleng”
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa oa ho Tšoasa Makhala
  • Ho Tšoasa Litlhapi Leoatleng la Galilea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Motšoasi oa Litlhapi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lebaka Leo Matlooa a Tlang a se na Letho
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 7/12 maq. 10-12

Itatsoe Menoana ka “Likokoanyana Tsa Leoatleng”

Sehlopha sa bareki ba shoeleng ke tlala se lutse reschorenteng e New York City. Bareki bana ba sebelisa thulusi ea tšepe e le hore ba bule ka boqhetseke khetla e thata ea likokoanyana tse khōlō tseo ba tl’o li ja. Le hoja li tonne mahlo joalokaha eka li ba shebile, batho ba li jang ha ba na taba le ’ona, ba tatetse feela ho itjella nama ea tsona e bonojoana le e tsoekere. Ha e le hantle ba ja eng? Makhala a leoatleng—a bitsoang li-“lobster.”

KE HOBANE’NG ha li-lobster li bitsoa likokoanyana tsa leoatleng? Ha li-lobster tsena tse khetla e thata li ntse li hahaba ka likepeng tsa bona, batšoasi ba litlhapi ba ile ba bona li tšoana le likokoanyana.

Empa ho na le ho tšoana ho hong hape. Lilemong tsa bo-1700, li-lobster li ne li le ngata haholo lebōpong la leoatle le ka leboea-bochabela ho United States hoo li neng li shebahala joaloka boieane ba likokoanyana. Makhala ana a ne a tšoasoa ebe a lahleloa masimong hore a etse manyolo. A ne a sebelisetsoa ho cheha litlhapi. Ho ne ho feptjoa batšoaruoa ka ’ona. Nakong eo, makhala a ne a qaphakile hoo sehlopha se halefileng sa bahlanka sebakeng seo se ileng sa hlōla nyeoe ea hore se se ke sa feptjoa makhala makhetlo a fetang a mararo ka beke!

Ho fapana le hoo, batho ba lulang libakeng tse hōle le leoatle ba ne ba nka makhala e le limenyemenye tse jeoang ka seoelo. Hobane’ng? Hobane ha lekhala le shoele, nama ea lona e bola kapele hoo e ke keng ea bolokoa e le boemong bo botle ka ho tšeloa letsoai kapa ho omisoa. Leha ho le joalo, bohareng ba lilemo tsa bo-1800, batho ba rekisang makhala ba ile ba qala ho a boloka ka makotikoting, ’me seo se ile sa etsa hore batho ba bangata ba khone ho natefeloa ke tatso ea ’ona. Ho feta moo, ha ho qaloa ho sebelisoa literene, ho ile ha khoneha hore ho tsamaisoe makhala a ntseng a phela ho phatlalla le United States. Ka lebaka leo, palo ea batho ba batlang makhala e ile ea nyoloha haholo. Leha ho le joalo, ho tsamaisa makhala a phelang ho ne ho tura haholo, kahoo a ne a jeoa ke batho ba ruileng feela.

Kajeno, batšoasi ba litlhapi ba tšoasa mefuta e fapaneng ea makhala mabōpong a leoatle lefatšeng lohle. Lekhala la Amerika le ka fumanoa Leoatleng la Atlantic ho tloha Newfoundland ho ea North Carolina. Setsi se seholo ka ho fetisisa se abang makhala lefatšeng ka bophara se motseng oa Maine, o leboea-bochabela ba United States. Setsi seo se romela makhala a phelang le a phehiloeng libakeng tse ling lefatšeng ka bophara. Barekisi ba ’ona ba tsamaisa hoo e ka bang lik’hilograma tse 36 000 ka sefofane se le seng.

Haeba lijo li ratoa haholo lefatšeng ka bophara, hangata likhoebo tse khōlō li li hlahisa ka bongata, ’me li fumana phaello e khōlō. Empa ha ho joalo ka makhala. Likarolong tse ngata, batšoasi ba makhala ke batho ba itšebetsang libakeng tseo ba lulang ho tsona. Ha ba khone ho ikatisetsa makhala, empa ba a lata moo a fumanehang teng ka tlhaho—e leng Leoatleng la Atlantic.

Mokhoa oa ho Tšoasa Makhala

Batšoasi ba makhala ba a tšoasa ka tsela efe? E le ho araba potso ena, Tsoha! e ile ea buisana le Jack oa Bar Harbor, e Maine eo lelapa labo le ileng la tšoasa makhala ho tloha melokong e mene e fetileng. Jack o qalile ho tšoasa ha a le lilemo li 17, ’me o ntse a sebeletsa koung eo ntate-moholo oa hae a neng a sebeletsa ho eona. Mosali oa Jack e leng Annette, le eena o khoebong ena. Annette o re: “Ke ile ka nyaloa ke motšoasi oa litlhapi, ’me a nthuta ho li tšoasa. Ke ile ka sebetsa le Jack sekepeng sa hae ka lilemo tse peli, eaba hamorao ke reka sekepe sa ka.”

Jack le Annette ba cheha makhala joang? Annette o re: “Re nka leraba la sefe, ebe ka ho lona re kenya mokotla o masoba o tletseng litlhapi tse nyenyane tseo re chehang ka tsona.” Batšoasi ba litlhapi ba tlamella matšoao a phaphamalang holim’a metsi lisefeng e le hore ba bone hore na leraba ka leng le hokae. Annette o re: “Motšoasi ka mong oa litlhapi o penta matšoao a hae ka ’mala o fapaneng e le hore hamorao ba khone ho a khetholla.”

Hang ha leraba le lahletsoe ka leoatleng, le theohela tlaase, ’me matšoao a nang le mebala aa phaphamala e le hore batšoasi ba khone ho bona moo maraba a bona a leng teng. Annette o re: “Re tlohela maraba a le ka metsing matsatsi a se makae, ebe rea khutla ’me rea a nyolla. Haeba ho e-na le makhala ka hare, rea a ntša ebe re lekanya boholo ba ’ona.” Batšoasi ba hlokolosi joaloka Jack le Annette ba khutlisetsa makhala a manyenyane ka leoatleng; a matšehali le ’ona a busetsoa ka leoatleng hore a tsoele pele ho hlahisa li-lobster tse ling.

Joale batšoasi ba litlhapi ba ea moo ho emeloang likepe teng e le hore ba rekise makhala a ntse a phela. Ha ho hlokahale hore batšoasi ba makhala ba sebakeng seo ba saene konteraka ha ba rekisetsa batho ba bang, ntle le haeba ba sebetsa ka lihlopha. Joalokaha ho boletsoe pejana, haesale ho sa khonehe hore batho ikatisetse makhala. Jack o re: “Batšoasi ba bang ba makhala ba fuoe tumello ea hore ba nke makhala a matšehali hore ba a behelise. Ba qhotsisa mahe ebe ba hōlisa malinyane ka nakoana, ba ntan’o a khutlisetsa ka metsing. Mokhoa ona o eketsa palo ea makhala a ka tšoasoang.”

E ka ’na eaba ho tšoasa makhala hase tsela e bonolo ka ho fetisisa ea ho iphelisa, kapa ea ho rua. Empa haeba u ka buisana le batšoasi bana ba litlhapi, ba tla u bolella melemo eo ba e fumanang—e kang ea ho ba le khoebo e nyenyane, ho ntšetsa pele tloaelo ea sebakeng seo le setso sa lelapa kapa monate oa ho phela le ho sebetsa leoatleng. Ntlha ea bohlokoa le ho feta ke hore, batšoasi bana ba makhala ba khotsofatsoa haholo ke ho tseba hore makhala ao ba a tšoasang a tla jeoa ke batho ba lapileng lefatšeng ka bophara.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]

LIKOTSI TSA HO TŠOASA LI-LOBSTER

Ho ka bonahala eka ho tšoasa li-lobster ke mosebetsi o bolokehileng. Empa ha ho joalo. Ka mohlala, Mokhatlo oa Naha oa Tšireletso le Polokeho Mosebetsing (NIOSH) o re “ho tloha ka 1993 ho ea ho 1997, batšoasi ba li-lobster ba shoeletseng mosebetsing Maine e ne e le ba 14 ho ba 100 000 ba ngolisitsoeng ka molao, e leng palo e fetang habeli le halofo ea batho ba shoang liindastering tsohle (ba 4,8 ho basebetsi ba 100 000).”

Ho ea ka NIOSH, phuputso ea Basebetsi ba Pholoso ba United States e fumane hore hangata “batšoasi ba li-lobster ba tšoasoa ke lithapo tse ka sekepeng, ba huleloa ka leoatleng ke maraba le ho khangoa ke metsi hobane ba sitoa ho itšoasolla lithapong kapa ba sitoa ho khutlela ka sekepeng.” Phuputsong e entsoeng ho batšoasi ba litlhapi ba ka bang 103 ka 1999 ho ea ho 2000, batšoasi ba bararo ho ba bane ba tlalehile hore ba kile ba tšoasoa ke lithapo tse chehang, le hoja ba bang ba sa ka ba oela ka leoatleng. Ho ’nile ha khothalletsoa hore batšoasi ba litlhapi ba be le sesebelisoa seo ba ka khaolang lithapo tse ba tšoasitseng ka sona, kapa ba qobe ho tšoaseha li sa tloha feela, e le hore ba itšireletse.

[Litšoantšo tse maqepheng a 10, 11]

1. Jack o nyolla leraba la makhala

2. Annette le Jack ba ntša makhala lesobeng le lenyenyane la leraba

3. Lekhala ka leng lea lekanngoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela