Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/12 leq. 25
  • Lense e Inchafatsang ea Newt

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lense e Inchafatsang ea Newt
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
  • Tsela eo ’Mele o Khonang ho Folisa Maqeba ka Eona
    Tsoha!—2015
  • Takatso ea Motho ea ho Phela ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Ikhopotsa Liketsahalo—ka ho Toboketsa Konopo Feela!
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 7/12 leq. 25

Na e Entsoe?

Lense e Inchafatsang ea Newt

● Newt, e leng phoofotsoana e kang mokholutsoane, e na le bokhoni bo hlollang ba ho nchafatsa lintho tse kang litho tsa ’mele oa eona, lisele le mohatla. Empa na litho tse nchafalitsoeng li sebetsa hantle joaloka tsa pele? Ha li nahana ka lense ea leihlo la newt, litsebi li lumela seo.

Ak’u nahane: Li-newt li nchafatsa lilense tsa mahlo a tsona, ka ho fetola lisele tsa thaka ea leihlo hore e be lisele tsa lense. E le hore litsebi tsa baeloji li ka ithuta ka ho eketsehileng ka mokhoa ona, li ile tsa qeta lilemo tse 16 li hlahloba li-newt tsa Japane. Litsebi tsena li ile tsa ntša lense ea leihlo la newt ka ’ngoe ka makhetlo a 18. Joalokaha ho ne ho ka lebelloa, nako le nako li-newt tseo li ne li hlahisa lilense tse ncha.

Ha litsebi tseo li qeta phuputso ea tsona, li-newt tseo li ne li se li le lilemo li ka bang 30—e leng lilemo tse eketsehileng ka tse hlano ho feta tseo li ka li phelang ha li tlohetsoe naheng. Empa, li ne li ntse li khona ho nchafatsa lilense tsa tsona ka potlako, ka tsela e tšoanang le ha li sa le nyenyane. Ho phaella moo, Univesithi ea Dayton e Ohio, U.S.A., e tlaleha hore lilense tse nchafalitsoeng “li ne li batla li tšoana hantle le tse sa senyehang tse ntšitsoeng ho li-newt tse seng li hōlile, tseo ho sa kang ha ntšoa lilense tsa tsona.” Setsebi sa baeloji e leng Panagiotis Tsonis, eo e leng setho sa thimi e neng e ithuta ka li-newt o re: “Le ’na ke ne ke maketse.” O ile a re lense eo e ne “e ntlafatse ka tsela e hlollang.”

Borasaense ba na le tšepo ea hore ho ithuta ka bokhoni ba li-newt ba ho hlahisa bocha litho tsa ’mele tse senyehileng, ho tla ba thusa hore ba utloisise kamoo ba ka nchafatsang lisele tsa ’mele oa motho kateng. Tsonis o re: “Li-newt ke mohloli oa bohlokoa o tla re thusa hore re fumane tsela eo re ka nchafatsang lintho ka eona, haholo-holo ho nchafatsa litho tsa ’mele oa motho ea tsofetseng.”

U nahana’ng ka see? Na lense e inchafatsang ea newt e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Lilense tse “nchafalitsoeng” li batla li tšoana hantle le tsa pele

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 25]

Top photo: © Vibe Images/​Alamy; middle photo: © Juniors Bildarchiv/​Alamy

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela