Pono ea Bibele
Ke Mang ea ka Fetolang Lefatše la Rōna?
“Batho ba batla likarabo ho baeta-pele ba bona. Ba lebeletse ho rarolleloa mathata, ho e-na le hore baeta-pele ba phuthe matsoho kapa ba ba fe mabaka a sa utloahaleng.”—MONGOLI-KAKARETSO OA MACHABA A KOPANENG, BAN KI-MOON.
RE PHELA nakong eo Bibele e e bitsang “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Litaba li tletse ka litlaleho tse tšosang tsa lintoa, bokhukhuni, mathata a moruo le ho senngoa ha tikoloho ho bonahalang ho tla ka potlako.
Na ho na le tšepo ea hore maemo a tla ntlafala? Na mebuso ea batho e ka rarolla mathata a lefatše? Kapa na ho na le moo re ka fumanang thuso teng?
Seo Lichaba Tse Ngata li se Buang
Lichaba tse ngata li bolela hore li tšehelitsoe ke Molimo. Ka mohlala, Kano ea ho Tšepahalla Naha ea United States of America e bolela hore ke “sechaba se le seng se sirelelitsoeng ke Molimo,” ’me cheleteng ea eona ea tšepe le ea pampiri ho ngotsoe mantsoe a reng “Re Tšepile Molimo.”
’Nete ke hore, batho ba bangata ba lulang United States ha ba lumele le hore Molimo o teng—’me ho joalo le ka ba linaheng tse ling tse bolelang hore li tšehelitsoe ke Molimo. Esita le batho ba lumelang ho Molimo ba nahana ka tsela e sa tšoaneng tabeng ea hore na Molimo o kenella hakae litabeng tsa batho.
● Ba bang ba re ho hang Molimo ha a na taba le batho ’me o ba tloheletse hore ba ipuse.
● Ba bang ba re Molimo o sebelisa mebuso ea batho ’me a ka hlohonolofatsa boiteko boo mebuso eo e bo etsang e le hore e tlise liphetoho lefatšeng.
Ke eng seo uena u se lumelang?
Ak’u nahane: Haeba ntlha ea pele e ne e le ’nete, re ne re tla ba boemong bo sa jeseng litheohelang. Haeba ntlha ea bobeli e ne e le ’nete, joale re ne re tla lokela ho ipotsa: ‘Na Molimo o rata sechaba se seng ho feta se seng? Haeba lichaba tse peli li loana, ’me ka bobeli li rapela ka tieo hore li hlōle, Molimo o tla tšehetsa sefe?’ Na ho ka etsahala hore a se ke a tšehetsa lehlakore leha e le lefe?
Seo Bibele e se Rutang
1. Motho o ne a sa bōpeloa hore a ipuse. Bibele e re: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Histori e paka bonnete ba mantsoe ao. Puso ea batho e hlōlehile ho tlisa lefatše le molemo, le hoja babusi ba ’nile ba batla ho finyella lintho tse khōlō ’me ba e-na le sepheo se setle. Ho e-na le hoo, ‘motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9.
2. Molimo oa hlokomela ha re hlaheloa ke mathata. O hlokomela boemo boo re tobaneng le bona ebile bo mo utloisa bohloko. Ho feta moo, o tla nka bohato hore a re thuse. Ka tsela efe? Ka ho sebelisa ’Muso oa hae, “o ke keng oa senngoa le ka mohla.”—Daniele 2:44.
3. ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele. Ke oona ’Muso oo batho ba limilione ba lipelo li ntle ba o rapellang thapelong e tsebahalang ea Ntat’a Rōna kapa Thapelo ea Morena. Thapelong eo, batho ba kōpa Molimo ka tieo ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Hlokomela hore ’Muso oa Molimo ha o buse leholimong feela; empa o boetse o etsa hore ho khonehe hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng.
4. A sebelisa ’Muso oa hae, Molimo a ka khona—ebile o tla fela a tlise liphetoho lefatšeng la rōna. Haeba u na le khoao ka seo, hlokomela seo Bibele e se rutang.
● Molimo o ile a fa batho bophelo bo botle le sebaka se setle hore ba lule ho sona.—Genese 1:27-31.
● Ho sa tsotellehe mathata ao re a bonang hona joale, Molimo ha a e-s’o lebale morero oa hae ka lefatše.—Pesaleme ea 37:11, 29.
● Molimo o se a nkile bohato ba ho etsa hore lefatše le batho ba nchafatsoe tumellanong le morero oa hae oa pele.—Johanne 3:16.
Na u ka rata ho ithuta ka ho eketsehileng ka ’Muso oa Molimo le kamoo o tla fetola lefatše kateng? Bahatisi ba makasine ena e leng Lipaki Tsa Jehova, ba ka rata ho u thusa hore u ithute ka oona. Ke hobane’ng ha u sa buisane le tsona ka lihlooho tse latelang lekhetlong le tlang ha li u etela lapeng la hao?
● ’Muso oa Molimo ke eng?
● O tla tlisa liphetoho life?
● ’Muso oa Molimo o tla tlisa liphetoho tseo neng, hona joang?
NA U KILE UA IPOTSA?
● Ke hobane’ng ha mebuso ea batho e hlōleha ho tlisa liphetoho?—Jeremia 10:23.
● Molimo o bontšitse joang hore oa re tsotella?—Johanne 3:16.
● ’Muso oa Molimo o tla tlisa liphetoho life lefatšeng le ho batho ba lulang ho lona?—Pesaleme ea 37:11, 29.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Na mebuso ea batho e ka rarolla mathata a lefatše? Kapa na ho na le moo re ka fumanang thuso teng?