Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/12 maq. 24-25
  • Sesosa le Likotsi Tsa Gout

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sesosa le Likotsi Tsa Gout
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho Tse ka Etsang Hore e Tšoare Motho Hape
  • Mehato e Mehlano e ka Etsang Hore e se ke ea Hlasela Motho Hape
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
  • Ho Utloisisa Ramatiki
    Tsoha!—2001
  • Kotsi e ka Fokotsoa Joang?
    Tsoha!—1996
  • Ramatiki—Lefu le Qhoalisang
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 8/12 maq. 24-25

Sesosa le Likotsi Tsa Gout

BOLOETSE ba gout ke mofuta o mong o atileng haholo oa lefu la masapo, ’me bo ka ba bohloko haholo. Buka e bitsoang Arthritis e re: “Boloetse ba gout bo bakoa ke ha ’mele o sitoa ho ntša uric acid ka ho lekaneng.” Ho feta moo, “lingaka li tseba sesosa sa boloetse bona hantle—li re bo bakoa ke ha uric acid e omella ’me e ipōpa lereng la manonyello . . . , haholo-holo monoaneng o motona oa leoto.”

Uric acid ke litšila tse potolohang maling tse bakoang ke ha lik’hemik’hale tse bitsoang li-purine li ikarola ho eona. Ha uric acid e phaellana, hangata e le ka lebaka la ho se tsoe ka ho lekaneng moseseng, ho ba le lintho tse nyenyane tse kang linale lenonyellong la monoana o motona, le hoja manonyello a mang le ’ona a ka ’na a ameha. Lenonyello le ka retela le ho ruruha, ’me la e-ba bohloko haholo.a Alfred ea tšoeroeng ke boloetse ba gout o re: “Esita le ho le thetsa hanyenyane feela ho etsa hore le be bohloko bona bo otlang pelo.”

Mokhatlo oa Arthritis Australia o phatlalalitse hore “Hangata motho a ka nka beke a hlasetsoe ke mahlaba a bakoang ke boloetse ba gout, haeba bo sa phekoloe. Motho a ka ’na a nka likhoeli kapa lilemo pele a hlaseloa ke mahlaba. Haeba motho a sa noe meriana hantle, a ka lula a e-ba le mahlaba, [a ka ’nang] a ba bohale haholo ’me manonyello a senyeha ka ho feletseng. Ka linako tse ling boloetse ba gout bo ka tšoara motho bophelo bohle ba hae.”

Gout ke mofuta o mong oa lefu la masapo le phekolehang. E le hore e phekoloe, hangata ho sebelisoa meriana e se nang li-steroid, e fokotsang ho ruruha, kapa haeba mahlaba a e-ba teng khafetsa kapa a le matla haholo ho ka sebelisoa allopurinol, e etsang hore uric acid e se ke ea bokellana. Na gout e ka thibeloa hore e se ke ea boela ea tšoara motho? Mohlomong, haeba motho eo e mo tšoereng a tseba lintho tse e bakang.

Lintho Tse ka Etsang Hore e Tšoare Motho Hape

Lintho tse ka sehloohong tse e bakang e ka ba lilemo tsa motho, bong le lefutso. Ho ea ka litsebi tse ling, batho ba fetang karolo ea 50 lekholong ba tšoeroeng ke boloetse bona, ba bo futsitse ho beng ka bona. Alfred, ea qotsitsoeng pejana o re: “Ntate oa ka le Ntate-moholo ba ne ba tšoeroe ke gout.” Ho feta moo, hangata gout e tšoara banna, haholo-holo ba lilemong tse pakeng tsa 40 le 50. Ha e le hantle, ho na le monyetla o imenneng ka makhetlo a mararo kapa a mane oa hore banna ba tšoaroe ke boloetse bona ho feta basali, kaha ha se hangata basali ba tšoaroang ke boloetse bona pele ba khaotsa ho ilela khoeli.

Botenya le ho itima lijo: Encyclopedia of Human Nutrition e re: “Sepheo sa lingaka ha e sa le feela ho khothalletsa batho ba nang le boloetse ba gout hore ba qobe ho ja lijo tse nang le purine e ngata, ho e-na le hoo, li se li amehile ka ho phekola maloetse a amanang le ho hlōleha ha ’mele ho sila lijo ka tsela e nepahetseng hoo hangata ho amahanngoang le gout: botenya, ho se sebetse hantle ha insulin ’meleng kapa tekanyo e sa tloaelehang ea mafura maling,” a kang k’holeseterole.

Leha ho le joalo, litsebi tse ling li boetse li eletsa batho ba nang le boloetse bona hore ba khaotse ho ja lijo tse nang le purine e ngata, tse kang tse nang le tomoso, mofuta o itseng oa tlhapi le mefuta e sa tšoaneng ea nama e khubelu.b

Ho noa: Ho noa joala haholo ho ka sitisa ’mele ho ntša uric acid e sa hlokahaleng, e leng se ka etsang hore e phaellane ’meleng.

Maloetse: Ho ea ka Mayo Clinic, e United States, boloetse ba gout bo ka bakoa ke maloetse a itseng a akarelletsang “khatello e phahameng ea mali (hypertension) le maloetse a sa foleng a kang lefu la tsoekere, mafura le k’holeseterole e ngata maling (hyperlipidemia) le ho sesefala ha methapo ea pelo (arteriosclerosis).” Boloetse ba gout bo boetse bo amahanngoa le “ho kula haholo ka tšohanyetso kapa ho tsoa kotsi, ho sitoa ho tsamaea ka lebaka la ho se tsohe liphateng” hammoho le boloetse ba liphio. Kamoo ho bonahalang kateng, monoana o motona oa leoto ke oona oo hangata o hlaseloang ke gout hobane mali ha a phalle ka bongata le hore mocheso oa oona o tlaase haholo—e leng lintho tse peli tse ka bakang ho phaellana ha uric acid.

Phekolo: Meriana e eketsang monyetla oa hore motho a tšoaroe ke gout, e akarelletsa thiazide diuretics (e leng meriana e tapang metsi ’meleng, eo hangata e sebelisetsoang ho alafa khatello e phahameng ea mali), lipilisi tse nang le aspirin e tlaase le meriana e etsang hore ’mele o se ke oa hana litho tse fetisetsoang ho oona le meriana ea chemotherapy.

Mehato e Mehlano e ka Etsang Hore e se ke ea Hlasela Motho Hape

Kaha lingaka li nka hore tsela eo motho a phelang ka eona ke eona e etsang hore a hlaseloe ke boloetse ba gout, litlhahiso tse latelang li ka ’na tsa thusa bakuli hore ba fokotse monyetla oa hore ba hlaseloe ke boloetse bona.c

1. Kaha gout ke boloetse bo amanang le ho hlōleha ha ’mele ho sila lijo ka tsela e nepahetseng, bakuli ba lokela ho loanela ho boloka boima ba ’mele ea bona bo le boemong bo loketseng ka hore ba se ke ba ja lijo tse nang le lik’halori tse ngata. Ho feta moo, botenya bo baka khatello e eketsehileng manonyellong a jereng boima ba ’mele.

2. Hlokomela ho itima lijo le ho theola boima ba ’mele ka sekhahla, ho ka etsang hore uric acid e be ngata maling.

3. Qoba ho ja protheine e ngata e fumanehang nameng e khubelu. Litsebi tse ling li khothalletsa batho hore ka letsatsi ba je ligramo tse 170 tsa nama e se nang mafura a mangata, e akarelletsang ea khōhō le ea tlhapi.

4. Haeba u noa lino tse tahang, li noe ka teka-tekano. Haeba u hlasetsoe ke boletse ba gout e ka ba bohlale hore u qobe ho noa joala ka ho feletseng.

5. Noa lino tse eketsehileng tse se nang tahi. Lino tseo li thusa ho hlapolla uric acid le ho e ntša ’meleng.d

Mehato e boletsoeng ka holimo ea ho thibela boloetse ba gout e ka ’na ea re hopotsa temoso ea Bibele e reng re be ba “itekanetseng mekhoeng” ’me re se ke ra “inehella veine e ngata.” (1 Timothea 3:2, 8, 11) Ha e le hantle, ’Mōpi oa rōna o tseba lintho tse tla re tsoela molemo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho ka ba le matšoao a tšoanang ha k’hemik’hale e bitsoang calcium pyrophosphate e ipōpa manonyellong, haholo-holo lefufurung le qetellong ea lesapo. Leha ho le joalo, boloetse ba “pseudogout” bona ke mofuta o mong oa lefu la masapo, ’me bo ka hloka ho phekoloa ka tsela e fapaneng.

b Ho ea ka sehlooho se phatlalalitsoeng ke makasine oa Australian Doctor, “ha ho na bopaki ba hore ho ja li-mushroom le meroho e nang le purine e ngata le lijo tse kang linaoa, li-lentil, lierekisi, sepiniche le cauliflower, ho eketsa monyetla oa hore motho a tšoaroe ke boloetse ba gout bo bohale haholo.”

c Morero oa sehlooho sena hase ho fana ka likeletso tsa bongaka. Mokuli ka mong a ka ’na a hloka phekolo e loketseng boemo ba hae. Hape, ha a lokela ho khaotsa ho noa meriana kapa ho etsa liphetoho tse khōlō tseleng eo a jang ka eona pele a bolella ngaka ea hae.

d Boitsebiso bona bo thehiloe litlhahisong tse fanoeng ke Setsi sa Mayo sa Thuto ea Tsa Bongaka le Liphuputso.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 24]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Lenonyello le ruruhileng

Lera le lenonyellong

[Setšoantšo]

Uric acid e ipōpileng lefufurung

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela