Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/12 leq. 32
  • U Lokela ho Qala Neng ho Ruta Ngoana oa Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Lokela ho Qala Neng ho Ruta Ngoana oa Hao?
  • Tsoha!—2012
Tsoha!—2012
g 8/12 leq. 32

U Lokela ho Qala Neng ho Ruta Ngoana oa Hao?

● Monna e mong ea lulang motseng oa Summerville, South Carolina, U.S.A., o ile a ngola hore ho tloha ha mosali oa hae e le moimana oa likhoeli tse tharo, o ne a paqama haufi le eena bosiu bo bong le bo bong, ’me a bala Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele, e thusang batho ho ithuta Bibele. Ntate eo o re: “Ka mor’a hore morali oa rōna Bethiah a hlahe, re ile ra tsoela pele re mo balla pale e le ’ngoe bosiu bo bong le bo bong, ho fihlela re mo baletse buka eo eohle ka makhetlo a mararo.”

O tsoela pele ho re: “Le pele Bethiah a ka tseba ho bua hantle, o ne a se a khona ho bolela mabitso a batho ba bangata bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng, ’me a tseba ho etsisa batho bao ho buuoang ka bona litlalehong tsa Bibele tse tšohliloeng bukeng ena. O ne a boetse a ithutile ho pheta lipale tsa Bibele tse ’maloa ka hlooho.”

Lipale tse 116 tse bukeng ena e nang le litšoantšo tse ntle le e ngotsoeng ka mongolo o moholo, li ngotsoe ho latela nako eo batho ba bangata ba hlahang ka Bibeleng ba phetseng ka eona, kahoo e boetse e thusa ’mali hore a tsebe tatellano ea liketsahalo tse ka Bibeleng. Haeba u ka rata ho fumana buka ena e maqephe a 256, tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le nthomelle buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela