U ka ithuta ho ba Motho ea Nang le Khotso
LE HOJA e ka ’na eaba re tsoetsoe re e-na le mekhoa e itseng e mebe, hangata motho o ithuta liketso tse mabifi. Hoa tšoana le ka ho ba le khotso. Empa ke mang ea ka re rutang ho ba le khotso e le kannete? Ha ho pelaelo hore ke motho ea nang le bolaoli bo phahameng ka ho fetisisa e leng ’Mōpi oa rōna, eo bohlale ba hae bo ke keng ba lekanngoa. Nahana ka lintlha tse hlano tse latelang le likeletso tse bohlale tse amanang le lintlha tseo, tse fumanoang ka Bibeleng.
1 “U se ke ua honohela motho ea mabifi.” (Liproverbia 3:31) Hlokomela hore motho ea nang le matla e le kannete ke ea nang le litšobotsi tse kang boitšoaro le bonolo. Liproverbia 16:32 e re: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla.” Joaloka lebota le matla la letamo, motho eo o khona ho mamella khatello ha a qholotsoa. Ha e le hantle, o bontša bonolo ha a halefisoa, ’me kahoo o “leleka khalefo.” (Liproverbia 15:1) Leha ho le joalo, motho ea nang le khalefo o tlakoloha ka bohale le ha a halefisoa ke lintho tse sa reng letho.—Liproverbia 25:28.
2 Khetha metsoalle ka bohlale. Liproverbia 16:29 e re: “Motho ea mabifi o tla eka oa habo.” Ka le hlakoreng le leng, “ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” (Liproverbia 13:20) Ha e le hantle, ha re tloaelana le batho ba nang le khotso, boitšoaro le ba bonolo, ha ho pelaelo hore re tla leka ho ba etsisa.
3 Loanela ho rata batho ba bang e le kannete. Tlhaloso e loketseng ka ho fetisisa ea lerato e kileng ea ngoloa e fumanoa ho 1 Bakorinthe 13:4-7. E re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. . . . Ha [le] halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. . . . Le jara lintho tsohle, . . . le mamella lintho tsohle.” Jesu o ile a re haeba re batla ho etsisa lerato la Molimo, re lokela ho rata le lira tsa rōna.—Matheu 5:44, 45.
4 Lumella Molimo hore a felise ba khopo. “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, baratuoa, . . . kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” (Baroma 12:17-19) Ha re e-na le tumelo ho Molimo le litšepisong tsa hae, re tla ba le khotso ea sebele eo batho ba se nang tumelo ba ke keng ba khona ho e utloisisa.—Pesaleme ea 7:14-16; Bafilipi 4:6, 7.
5 E-ba le tšepo ea hore ’Muso oa Molimo ke oona o tla tlisa khotso ea sebele lefatšeng. ’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo ’me haufinyane o tla felisa bokhopo bohle ’me o laole lefatše lohle ka ho feletseng. (Pesaleme ea 37:8-11; Daniele 2:44) ’Musong oo, “ea lokileng o tla atleha,” ’me ho tla ba le ‘khotso e ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo.’—Pesaleme ea 72:7.
Lithuto tse joalo tsa Bibele li thusitse batho ba limilione—ho akarelletsa le ba bang ba neng ba rata liketso tse mabifi—hore ba rate khotso. Nahana ka mohlala oa Salvador Garza.