Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/12 leq. 9
  • Ke ne ke Rata Liketso Tse Mabifi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke ne ke Rata Liketso Tse Mabifi
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ha ke sa le Ntoa-Lumela”
    Bibele e Fetola Batho
  • Ho Tiisetsa Hoa Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ke ne ke le Ntoa-Lumela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Pale ea Ricardo le ea Andres
    Tsoha!—2019
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 8/12 leq. 9

Ke ne ke Rata Liketso Tse Mabifi

Joalokaha ho boletse Salvador Garza

HA KE sa le moshemane, ke ne ke rata ntoa ’me ke loantša mang kapa mang ea neng a nkhalefisa. ’Mampoli oa litebele oa motseng oa heso o ile a hlokomela seo ’me a nthuta litebele. Ho e-s’o ee kae, ke ne ke hahlaula United States joaloka ralitebele ea hloahloa. Hamorao ke ile ka sebetsa ke le molebeli oa setho se seng sa linokoane tse kotsi.

Ke ile ka tsoela pele ho rata liketso tse mabifi esita le ka mor’a hore ke nyale ’me ke be le bana ba tšeletseng. Ka nako eo, ke ne ke e-na le nightclub. Le hoja batho ba ile ba leka ka makhetlo ho mpolaea, ke ne ke thabela bophelo ba mofuta oo. Nkile ka thunya banna ba babeli ’me ka ba ntša maqeba a mabe. ’Na le metsoalle e meng ea ka re ile ra rera ho koetela ralipolotiki e mong ea hlaheletseng. Empa mapolesa a ile a tseba ’momori oo oa rōna ’me a ntšoara. Ha mapolesa a fumana metsoalle ea ka, a ile a thunyana le eona ’me a e bolaea kaofela. Kahoo, kea thaba hore ebe ke ne ke le teronkong ka nako eo!

Lilemo hamorao, ke ile ka lokolloa ’me ka fumana mosebetsi. Ka letsatsi le leng ha ke khutla mosebetsing ke ea lapeng, ke ile ka tšoaroa ke hlooho e bohloko haholo. Seo se ile sa ntšoenya haholo hoo ke ileng ka rapela Molimo hore a nthuse. Mosali oa ka Dolores, ea neng a ntse a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, o ile a mpolella hore Molimo o na le lebitso—e leng Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Kahoo ke ile ka mo rapela ka ho toba.

Hang ha ke hlaphoheloa, Dolores o ile a nkhothalletsa hore ke ee libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova Holong ea tsona ea ’Muso. Mosa oo Lipaki li neng li mpontša oona le ho nthahasella e le kannete, ho ile ha etsa hore ke seke meokho. Ka lebaka leo, le ’na ke ile ka qala ho ithuta Bibele ’me tsela eo ke neng ke talima bophelo ka eona e ile ea fetoha ka ho feletseng. Ke ne ke rata seo ke se rutoang.

Leha ho le joalo, ho ile ha nka nako hore ke khone ho laola khalefo. Ka mohlala, ka letsatsi le leng ha re le tšebeletsong ea ntlo le ntlo le motsoalle oa ka Antonio, re ile ra kopana le monna e mong ea ileng a re tjolietsa. Ke ne ke halefile haholo hoo ke ileng ka mo khorohela. Ka lehlohonolo, Antonio o ile a nthiba. Hamorao, a sa mphelle pelo Antonio o ile a nkhopotsa taba ea hore Jesu le eena o ile a mamella ho songoa le ho hlekefetsoa. Moapostola Petrose ea neng a sebetsa ’moho le Jesu, o ile a ngola a re: “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola.” (1 Petrose 2:23) Ke ile ka nka mantsoe ao ka botebo.

Ha ke nahana ka liphetoho tseo ke ileng ka li etsa ho theosa le lilemo, ke leboha Jehova kamehla ka moea oa hae o halalelang, o re thusang hore re bontše boitšoaro le ho ba le khotso e le kannete. (Bagalata 5:22, 23) Lelapa la ka le momahane ’me re thabile, hape re phela ka khotso. Ho feta moo, ke na le tlotla ea ho ba mosebeletsi ea qetang nako e ngata a bolela litaba tse molemo le ho thusa batho ba bang hore ba fumane khotso ea Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ho ithuta Bibele ho thusitse Salvador hore a fumane khotso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela