Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/12 maq. 10-12
  • Moo Chelete e Tsamaeang ka Maoto a Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moo Chelete e Tsamaeang ka Maoto a Mane
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Thuto 2
    Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng
  • Re ne re Ikemiselitse ho Phetha Bosebeletsi ba Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ke Motlotlo Hore Ebe ke Khethile Mosebetsi o Nepahetseng
    Lipale Tsa Bophelo Tsa Lipaki Tsa Jehova
Tsoha!—2012
g 8/12 maq. 10-12

Moo Chelete e Tsamaeang ka Maoto a Mane

ENMARIE KANI, e leng moroetsana ea lilemo li 17 ea lulang lihlabeng tsa Papua New Guinea o re, “fariki ke ntho ea bohlokoa haholo moo re lulang teng, kahoo ho e hōlisa ke mosebetsi o moholo. Ha Ntate a ne a nkōpa hore ke hlokomele lelinyane la fariki, ke ne ke thabile empa hape ke tšoenyehile. Le ne le le lenyenyane hoo ke neng ke nahana hore le tla shoa.”

Enmarie o ile a hlokomela fariki ea hae e nyenyane joang? Ke hobane’ng ha lifariki li le bohlokoa joaloka chelete ho batho ba lulang mahaeng a Papua New Guinea? Enmarie o ile a bolella Tsoha! se latelang.

Ke kōpa u hlalose sebaka seo u lulang ho sona.

’Na le batsoali ba ka le bana beso ba bane—e leng banana ba babeli le bashemane ba babeli—re lula mokhorong o monyenyane motseng o ka thōko Lihlabeng tse karolong e ka Bophirimela. Motseng oo ho na le baahi ba ka bang 50, kaofela ha bona ke beng ka ’na, ’me re lula haufi le nōka e nyenyane e tsoelipanang morung o teteaneng o nang le mafika.

Batho ba bangata motseng oa rōna ba iphelisa ka ho lema kapa ho rua. Heso ho na le tšimo e khōlō ea meroho, moo re lemang lipatata, mokopu, likomkomere, kofi le lijalo tse ling. Ke rata ho lema meroho, ’me ke thabela ho sebetsa ka matsoho. Ke boetse ke etsa mesebetsi e meng ea lapeng e kang ho hloekisa ntlo, ho hlatsoa liaparo haesita le ho hlokomela fariki ea rōna.

U hlokomela fariki ea hao joang?

Ha Ntate a qeta ho re rekela fariki selemong se fetileng, e ne e le nyenyane hoo e neng e fella ka liatleng tsa ka. Letsatsi le leng le le leng ke ne ke e fepa motsoako o phofo oa tlhapi o kopaneng le lipatata tse khotliloeng, metsi, letsoai le lero la ’moba. Bosiu, ha ho qala ho bata, e ne e robala ka mokotleng oa raese o sa tšelang letho o neng o leketlile haufi le leifo ka tlung. Ke ne ke robala fatše haufi le eona. Ka lebaka leo, e ile ea hōla hantle!

Ha kea ka ka reha fariki ea rōna lebitso. Ke ne ke e bitsa Fariki, kahoo e qeteletse e le lebitso la eona. Ke ne ke hlokomela Fariki joalokaha eka ke ngoan’aka—ke e fepa, ke e hlatsoa ke bile ke qeta nako e ngata ke bapala le eona. Fariki e ile ea nthata haholo, ’me e ne e ntatela hohle moo ke neng ke ea teng.

Ha Fariki e ntse e hōla, ke ile ka e ruta mokhoa o mocha oo re ntseng re o latela le kajeno. Ke tsamaea le eona ke e fasitse ka ropo, ke e isa tšimong ea rōna ea meroho e bohōle ba metsotso e 15 ho tloha lapeng. Ha ke fihla moo, ke fasa Fariki sefateng ebe ke e siea moo e le hore e fate tšimong letsatsi lohle. E sebelisa molala oa eona o matla le sefene se thata hore e fate methapo le manyooa, ha ka nako e tšoanang e phethola mobu e bile e o kenya monontša. Ha letsatsi le likela, ke e khutlisetsa hae, moo ke fihlang ke e fepa lipatata tse tala le tse phehiloeng pele e ka ea hokong ea eona ea mapolanka hore e il’o robala.

Ke hobane’ng ha lifariki li le bohlokoa hakaale ho batho ba lulang lihlabeng?

Rōna batho ba lulang lihlabeng re na le lepetjo le reng, Chelete ke fariki ’me fariki ke chelete. Nakong ea khale pele chelete e tloaelehileng e sebelisoa lihlabeng, batho ba ne ba reka ka lifariki—e leng mokhoa o ntseng o tsoela pele le kajeno. Ka mohlala, k’hamphani e ’ngoe e rekisang likoloi e ne e fa batho fariki e phelang nako le nako ha ba reka koloi e ncha. Hangata merabe e meng e rarolla liqabang ka hore e fapanyetsane ka chelete le lifariki. Banyali ba bangata ba fa batsoali ba monyaluoa lifariki e le mahali.

Ho utloahala eka ho ja fariki ho tšoana le ho ja letsete!

U nepile! Kaha lifariki li bohlokoa, hangata re li ja feela ha ho e-na le liketsahalo tse khethehileng, tse kang mafu le mekete e meng ea bohlokoa. Leha ho le joalo, batho ba merabe e meng mona lihlabeng, ba ja lifariki tse makholo meketeng ea bona e meholo e le ho bontša kamoo ba ruileng kateng, kapa ha ba leboha ba bang ka lintho tseo ba ileng ba ba etsetsa tsona.

Lelapa leno le tla etsa’ng ka lifariki tseo u li hōlisang?

U nepile ha u re “lifariki,” hobane Fariki e ile ea e-ba le malinyane a ’maloa, ’me le leng re sa tsoa le rekisa ka li-kina tse 100 (e leng hoo e ka bang R300). Re ile ra lefa bese ka chelete eo ha re ne re ea kopanong ea setereke ea selemo le selemo ea Lipaki Tsa Jehova, e neng e tšoaretsoe motseng oa Banz o haufi le motse oa rōna. Mohlomong Ntate o tla rekisa malinyane a mang a Fariki e le hore a hlokomele lelapa leso ka lintho tseo le li hlokang letsatsi ka leng.

Ke hobane’ng ha le sa rue lifariki tse eketsehileng e le hore le ka ba le chelete e ngata?

Sepheo sa rōna hase ho ba barui, empa re batla ho ba le lintho tseo re li hlokang tse kang lijo, liaparo le bolulo. Lelapa leso le tsepamisitse maikutlo haholo linthong tse amanang le borapeli. Sena se akarelletsa ho sebeletsa Molimo oa rōna, e leng Jehova; ho ea libokeng tsa Bokreste; ho thusa batho ba bang moo re ka khonang teng ka lintho tseo ba li hlokang kapa ho ba thusa hore ba be le kamano e haufi le Molimo le ho etsa lintho tse ling re le lelapa. Ha re phele bophelo bo mabothobotho, empa re lelapa le momahaneng le le thabileng.

Ha e le hantle, matsatsing ana ke etsa mosebetsi oa nakoana oa ho sebetsa lirapeng le ho hōlisa lifariki. Mosebetsi oa ka o ka sehloohong ke ho sebetsa joaloka moevangeli oa Mokreste ho bolella baahelani ka linnete tsa Bibele. Mosebetsi ona oo Jesu a laetseng balateli ba hae hore ba o etse, o etsa hore ke lule ke phathahane matsatsi a seng makae bekeng. (Matheu 28:19, 20) Ke tšepa hore ka letsatsi le leng ke tla sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Port Moresby, moo libuka tsa Bibele li fetoleloang ka lipuo tse buuoang sebakeng seo. Empa esita leha ke sa finyelle seo ke ikemiselitseng sona, kea tseba hore ke tla lula ke thabile haholo ha ke ntse ke sebeletsa Jehova le ha borapeli ba hae bo tla pele bophelong ba ka. Ke ananela taba ea hore ebe ke ’nile ka fumana lintho tseo ke li hlokang ka lebaka la chelete e tsamaeang ka maoto a mane.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]

SEO E LENG ’NETE KA LIFARIKI

● Ho na le lifariki tse ruuoang malapeng tse ka bang limilione tse peli sehlekehlekeng sa New Guinea, fariki e le ’ngoe ho baahi ba bang le ba bang ba bararo.

● Batho ba fetang halofo ea baahi ba lulang mahaeng ba ruile lifariki.

[Limmapa tse leqepheng la 10]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

INDONESIA

PAPUA NEW GUINEA

AUSTRALIA

INDONESIA

PAPUA NEW GUINEA

PORT MORESBY

LIHLABA TSE KAROLONG E KA BOPHIRIMELA

AUSTRALIA

[Setšoantšo se maqepheng a 10, 11]

Ke ea tšimong ea meroho

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ke nako ea ho hlapa

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ke nako ea ho bapala

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela