Pono ea Bibele
Na U Lokela ho ea Tempeleng, Tempelaneng Kapa Kerekeng e le Hore U Rapele Molimo?
BATHO ba bangata ba ea mehahong e itseng ea borapeli kamehla e le hore ba rapele Molimo. Ba bang ba nka maeto a malelele e le hore ba ee libakeng tse joalo. Na u nahana hore u lokela ho ea tempeleng, tempelaneng kapa kerekeng e le hore u rapele Molimo? Kapa na u nahana hore u ka bua le eena ka nako leha e le efe le sebakeng leha e le sefe? Bibele e re’ng ka taba ee?
Qalong ea histori ea batho, ho ne ho se na mehaho ea borapeli. Batsoali ba rōna ba pele ba ne ba lula serapeng se setle. (Genese 2:8) Ba ne ba khona ho buisana le ’Mōpi oa bona e leng Jehova Molimo ba le moo. Hamorao, ha batho ba ntse ba eketseha, banna ba lokileng ba kang Noe, ba ile ba “tsamaea le Molimo oa ’nete”—ho sa hlokahale hore ba sebelise mehaho ea borapeli. (Genese 6:9) E ne e le barapeli ba ratang Jehova le bao a ba amohelang.
Molimo ha a Lule Mehahong e Hahiloeng ka Matsoho
Banna ba pele ba tšepahalang ba ne ba tseba hore ’Mōpi oa lefatše le bokahohle bo pharaletseng, ha a lule mehahong e hahiloeng ka matsoho. Ke ka nepo Morena Solomone ea bohlale a ileng a botsa a re: “Na kannete Molimo o tla lula lefatšeng le moloko oa batho? Bona! Leholimo, e, leholimo la maholimo, le ke ke la u lekana.” (2 Likronike 6:18) Ke ’nete hore Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba e-na le tabernakele, ’me hamorao ba e-ba le tempele eo ba neng ba bokana ho eona e le hore ba etse mekete ea selemo le selemo ea borapeli ho ea ka Molao oa Molimo. (Exoda 23:14-17) Leha ho le joalo, ba ne ba ka rapela Molimo ka nako leha e le efe—ha ba alositse mehlape ea bona, ha ba sebetsa masimong, ha ba e-na le malapa a bona kapa ha ba lutse ba le bang.—Pesaleme ea 65:2; Matheu 6:6.
Ka ho tšoanang, re ka rapela Molimo re le sebakeng leha e le sefe le ka nako leha e le efe. Jesu Kreste e leng mohlala oa rōna, o ne a tloaetse ho ea sebakeng se ka thōko se khutsitseng, e le hore a rapele. (Mareka 1:35) Ka mohlala, ka lekhetlo le leng o ile “a tsoela ntle thabeng ho ea rapela, ’me a hlola bosiu bohle a rapela Molimo.”—Luka 6:12.
Ke ’nete hore kaha Jesu e ne e le Mojuda, o ne a e-ea meketeng ea bolumeli e neng e tšoaroa tempeleng e Jerusalema. (Johanne 2:13, 14) Leha ho le joalo, o ile a bolela ka nako eo ka eona tempele e neng e ke ke ea hlola e e-ba setsi sa borapeli ba ’nete. Ha a ne a bua le mosali oa Mosamaria ba le haufi le thaba ea Samaria, moo ho neng ho e-na le tempele teng, Jesu o ile a re: “Hora ea tla eo ka eona le ke keng la rapela Ntate thabeng ena kapa Jerusalema.” Eaba o eketsa ka ho re barapeli ba ’nete ba ne ba tla “rapela Ntate ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:21, 23.
Ka sebele, Jesu o ne a sa tsepamisa kelello mohahong o hahiloeng ka litene le seretse, empa o ne a e tsepamisitse borapeling ba ’nete bo etsoang ka pelo eohle. Empa na seo se ne se bolela hore balateli ba Jesu, bao hamorao ba ileng ba bitsoa Bakreste, ba ne ba ke ke ba rapela Molimo libakeng tsa borapeli? (Liketso 11:26) Che ha ho joalo, ’me e le ka mabaka a utloahalang.
Batho ba Molimo ke Lelapa le Momahaneng Borapeling
Barapeli ba ’nete ba Molimo ke lelapa le momahaneng borapeling. (Luka 8:21) Lelapa le thabileng le etsa lintho tse ngata le le hammoho, tse kang ho ja hammoho, ’me seo se etsa hore lelapa le momahane haholoanyane. Ho etsahala se tšoanang le tabeng ea borapeli. Liboka tsa Bokreste li tšoana le mokete oa lijo tsa moea hobane li matlafatsa kamano ea rōna le Molimo le Bakreste-’moho le rōna. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana.”—Baheberu 10:24, 25.
Kahoo, barapeli ba ’nete baa hlokomela hore phutheho e phetha karolo ea bohlokoa hobane e etsa hore setho ka seng se be le litšobotsi tsa Bokreste tseo motho a ke keng a khona ho li bontša ha a le mong. Litšobotsi tsena li akarelletsa lerato, ho tšoarela, mosa, bonolo le khotso.—2 Bakorinthe 2:7; Bagalata 5:19-23.
Bakreste ba boholo-holo ba ne ba bokana hokae e le hore ba rapele hammoho? Hangata ba ne ba bokana matlong a balumeli-’moho le bona. (Baroma 16:5; Bakolose 4:15) Ka mohlala, ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Mokreste-’moho le eena lengolo, o ile a boela a bua ka “phutheho e ka tlung ea hao.”a—Filemone 1, 2.
Ka ho tšoanang le kajeno, batho ba Molimo ha ba hloke mehaho ea borapeli e meholo le e majabajaba, ho e-na le hoo, ba hloka libaka tse boemong bo botle moo batho bohle ba bokaneng ba ka khonang ho fella hantle. Lipaki Tsa Jehova li na le libaka tse joalo, tseo li li bitsang Liholo Tsa ’Muso. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe ho na le Holo ea ’Muso sebakeng sa heno. Mehaho ena e sebetsa hantle ebile ea hlompheha, ’me liboka tse tšoareloang moo ha li nke nako e telele—li akarelletsa pina, thapelo le puisano e thehiloeng Bibeleng.
Lipaki Tsa Jehova li ananela nako ea ho ba boinotšing le Molimo le ho atamelana haufi le eena. Kahoo, letsatsi ka leng li qeta nako li rapela le malapa a tsona kapa ka bomong. Jakobo 4:8 e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Segerike le bolelang “phutheho” le sebelisitsoe e le “kereke” Libibeleng tse ling tsa Senyesemane.
NA U KILE UA IPOTSA?
● Na Molimo o lula mehahong e hahiloeng ka matsoho?—2 Likronike 6:18.
● Jesu o ile a qeta bosiu hokae a rapela?—Luka 6:12.
● Ke hobane’ng ha barapeli ba ’nete ba bokana hammoho?—Baheberu 10:24, 25.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]
Na Molimo o tla utloa lithapelo tsa hao ha u le sebakeng se itseng feela?