Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/12 maq. 16-17
  • Palesa e Khōlō ka ho Fetisisa Lefatšeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Palesa e Khōlō ka ho Fetisisa Lefatšeng
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thapelo Thabeng ea Hiei—Na e ne e Bula Khoro Bakeng sa Khotso ea Lefatše?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Tsoha!—2012
g 8/12 maq. 16-17

Palesa e Khōlō ka ho Fetisisa Lefatšeng

HA ARNOLD JOSEPH a ne a le leetong la ho bokella lipalesa sehlekehlekeng sa Sumatra Indonesia, monna ea neng a mo bontša sebaka o ile a re ho eena a thabile haholo, “Ntšale morao Monghali, bona palesa e ntle, e khōlō ka ho fetisisa le e tsotehang.” Ha Arnold e leng setsebi sa limela sa Lebrithani a sala monna eo morao, o ile a bona ntho e ’ngoe eo a ileng a re “ke ntho e hlollang e le kannete.” E ne e le palesa e tsotehang. Esita le ka mor’a lilemo tse ka bang 200 Arnold a bone lipalesa tsa mefuta-futa ha a le leetong ka 1818—palesa e hlollang ea rafflesia e ntse e talingoa e le e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng.

Ho na le mefuta e mengata ea lipalesa tsa rafflesia eo kaofela ha eona e melang feela merung e ka Boroa-bochabela ho Asia. Leha ho le joalo, ho na le mefuta e mecha e ntseng e fumanoa. Mofuta o hlahisang lipalesa tse khōlō ka ho fetisisa ke Rafflesia arnoldii, e leng palesa e reheletsoeng ka Joseph Arnold le mphato oa hae, e leng Monghali Thomas Stamford Raffles, ea ileng a theha motse oa Singapore ’me ea e-ba ’musisi oa oona. Empa le hoja palesa ena e le ntle hakana, hase eo u ka e khang hore u il’o khabisa ka eona.

Ntlha ea pele, nahana ka boholo ba eona. Rafflesia e ka hōla hore e be bophara ba mithara—e leng bophara ba lebili la bese—’me ea e-ba boima ba lik’hilograma tse 11.a Palesa ena e na le mahlaku a mahlano a matenya a ’mala o bopinki bo bosootho, a nang le lintho tse kang maqhutsu a ’mala o hlakileng. Mahlaku ao aa kopana ebe a siea lesoba hare le bōpehileng joaloka nkho e ka tšelang lilithara tse tšeletseng tsa metsi.

Ntlha ea bobeli, nahana ka monko oa eona. Ho ea ka tlhaloso e ’ngoe e hlakisang taba ena hantle, rafflesia e nkha joalo ka “setopo sa nare se bolileng,” e leng se etsang hore e tšoaneloe ke lebitso le leng la eona, e leng palesa e nkhang joaloka setopo kapa khahla e putileng.b Lintsintsi tse jang nama e bolileng ke tsona tse ka sehloohong tse tsamaisang peō ea palesa ena hobane li rata monko o mobe oa eona.

Palesa ea rafflesia ha e na kutu, makhasi kapa methapo ’me e hlaha limeleng tse itseng tse melang fatše morung. Ha rafflesia e ncha e hlaha kutung ea semela, e nka likhoeli tse ka bang leshome hore e hōle, ’me hangata e hōla ho fihlela e lekana le k’habeche e khōlō. Mahlaku aa phutholoha ebe ho hlaha botle bo hlollang ’me ketsahalo eo e nka lihora tse ’maloa. Ka har’a karolo e bohareng ea palesa, ho hlaha lintho tse ’maloa tse hlabang tse bitsoang mahlomela. Bafuputsi ba ntse ba sa utloisise hantle hore na mosebetsi oa mahlomela ao ke ofe, leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore e ka ’na eaba a etsa hore mocheso o name ka paleseng e leng se etsang hore monko oa eona o mobe o be bohale le ho feta.

Empa botle bo hlollang ba palesa ena ke ba nakoana feela. Ka mor’a matsatsi a ’maloa feela, mahlaku a eona a qala ho bola, ’me e siea ntho e ntšo e lepolohang.

Palesa ea rafflesia arnoldii ha e fumanehe habonolo ’me e kotsing ea ho fela. Hobane’ng? Lipalesa tse tona le tse tšehali li lokela ho thunya li atamelane e le hore li fetisetsane peō, empa mahlomela a mangata ha a hōle kapa hona ho thunya. Lebaka ke hore batho ba etsa meriana ea setso ka ’ona kapa baa a ja. Sena se fokolitse palo ea limela tsa naheng ka sekhahla. Ho senngoa ha meru eo lipalesa tsena li melang ho eona, ho hlahisa kotsi e ’ngoe hape.

Ke ntho e ikhethang ho bona palesa ea rafflesia. E khōlō ka tsela e makatsang. E nkha hampe hoo motho a ke keng a lebala lephoka la eona. Sebōpeho sa eona le ’mala oa eona, lia khahla. ’Nete ke hore, palesa ena e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng, ke e ’ngoe ea lintho tse ngata tse hlollang tseo ’Mōpi oa rōna a li bōpileng. Pesaleme ea 104:24 e re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mefuta e meng ea palesa ea rafflesia e bophara ba lisenthimithara tse leshome feela.

b Palesa ea titan arum (Amorphophallus titanum) le eona batho ba e bitsa palesa e nkhang joaloka setopo ’me ka linako tse ling ba e fapanya le rafflesia.—Sheba Tsoha! ea Senyesemane ea June 22, 2000, leqepheng la 31.

[’Mapa o leqepheng la 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

MALAYSIA

SUMATRA

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Lehlomela la palesa ea rafflesia ha e le haufi le ho thunya

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela