Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/13 maq. 12-13
  • Ho Etela Cameroon

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Cameroon
  • Tsoha!—2013
Tsoha!—2013
g 1/13 maq. 12-13

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Cameroon

MA-BAKA—a boetseng a tsejoa e le Mapygmy—mohlomong ke bona batho ba pele ba ho lula Cameroon, eaba lilemong tsa bo-1500, ho fihla Mapotoketsi. Lilemo tse makholo a seng makae ka mor’a moo, Mafulani—e leng Maislamo—a ile a hlōla karolo e ka leboea ea Cameroon. Mehleng ena, baahi ba Cameroon ba etsang karolo ea 40 lekholong ba ipolela hore ke Bakreste, ba etsang karolo ea 20 lekholong ke Mamosleme, ’me ba etsang karolo ea 40 lekholong ke ba litumelo tsa setso tsa Afrika.

Lipaki Tsa Jehova li hatisitse lingoliloeng tsa Bibele ka Sebassa, e leng puo e buuoang Cameroon

Batho ba lulang libakeng tsa mahaeng Cameroon ba amohela baeti ka mofuthu haholo. Ba lumelisa baeti, ebe ba ba kōpa hore ba kene ka tlung e le hore ba fuoe lijo le metsi. Haeba motho a hana kamohelo eo e mofuthu, ho nkoa hore o nyelisa mong’a ntlo, empa ha a e amohela o bontša kananelo.

Puisano e qala ka hore moeti a lumelise ba lelapa la moo, le ho ba botsa hore na ba ntse ba phela joang. Ke tloaelo ea teng hore a botse le hore na liphoofolo li ea joang! Joseph, eo e leng letsoalloa la Cameroon o re: “Ha hoa lekana hore ha motho a se a tsamaea a re feela, ‘Salang hantle.’ Hangata mong’a ntlo o tla felehetsa moeti ho se hokae, e le hore ba ’ne ba qoqe. Etlare ha a fihla sebakeng se itseng, a lakaletse moeti leeto le monate ebe o khutlela hae. Moeti ea sa tšoaroang ka tsela ena, a ka ikutloa a sa amoheleha.”

Ho tloaelehile ho bona liketsoana tse entsoeng ka sefate Nōkeng ea Sanaga. Liseile tsa tsona li ka etsoa ka masela leha e le afe a fumanehang

Ka linako tse ling, sehlopha sa metsoalle se ja hammoho poleiting e le ’ngoe—’me hangata se sebelisa matsoho. Naheng ea Cameroon, ho etsa joalo ke letšoao le matla la bonngoe. Ha e le hantle, maemong a mang mokhoa ona o ’nile oa sebelisoa ho boelanya batho bao setsoalle sa bona se seng se fokola. Ka tsela e itseng, ho ja hammoho ke tsela ea ho re, “Rea utloana joale.”

Lipaki Tsa Jehova, e leng bahatisi ba makasine ena, li hlophisitsoe ka liphutheho tse fetang 300 naheng ea Cameroon ’me li khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 65 000

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

Batho ba bangata ba baholo ba Mapygmy ba ka ba bolele ba limithara tse pakeng tsa 1,2 le 1,42

  • Baahi: Ba ka ba limilione tse 20

  • Motse-moholo: Yaoundé

  • Boemo ba leholimo: Hoa chesa ebile ho omme ka leboea, empa ho mongobo libakeng tse haufi le leoatle

  • Lihlahisoa: Oli, coco, kofi, k’hothone, lehong le alominiamo

  • Lipuo tse buuoang: Senyesemane, Sefora, hammoho le lipuo tse ling tse 270 tsa Afrika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela