Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/13 maq. 12-13
  • Ho Etela Indonesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Indonesia
  • Tsoha!—2013
Tsoha!—2013
g 4/13 maq. 12-13

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Indonesia

INDONESIA e na le lihlekehleke tse ka bang 17 000. Batho ba teng ba tsejoa ka ho ba botsoalle haholo, ho ba le mamello, mekhoa e metle le ho rata baeti.

Hangata lijo tsa Indonesia li akarelletsa raese, lijo tse ling tse atisang ho nōkoa haholo, hammoho le litholoana. Libakeng tse ling, ba malapa ba ja raese le lijo tse ling ka matsoho ba lutse ’meteng. Maindonesia a mangata a bolela hore lijo tse jeoang ka tsela eo li latsoeha hamonate le ho feta.

Tholoana ea durian e na le lero le lebejana ’me batho ba rata ho e-ja ho sa tsotellehe monko oa eona o mobe

Maindonesia a rata botaki, tantši le ’mino. Anklong ke seletsa sa ’mino se tloaelehileng sa Maindonesia; liphaepe tsa eona li entsoe ka sefate sa bamboo ’me li faselelitsoe ka tatellano foreiming ea lehong. Liphaepe tsena li entsoe ka tsela e tla etsa hore li ntše molumo o itseng ha li sisinngoa. E le hore ho bapaloe pina e itseng, batho ba ’maloa ba bapalang ’mino ba lokela ho sebelisana-’moho ka hore ba sisinye li-anklong tsa bona ka nako e le ’ngoe.

Orangutan, ke tšoene eo hangata e lulang merung ea Sumatra le ea Borneo—’me ke phoofolo e khōlō ka ho fetisisa e lulang lifateng. Tšoene e tona e hōlileng ka ho feletseng e ka ba boima ba lik’hilograma tse 90 ’me matsoho a eona a ba bolelele ba limithara tse 2

Ho fihlela lekholong la bo15 la lilemo C.E., Indonesia e ne e susumelitsoe haholo ke tumelo ea Bohindu ’me ka mor’a moo ha latela Bobuddha. Lekholong la bo16 la lilemo, tumelo ea Boislamo e ne e susumelitse setso sa batho ba Indonesia haholo. Maeurope a neng a batla linōko, a ile a fihla naheng eo lekholong la bo16 la lilemo ’me a tla le litumelo tsa ’ona tsa Bokreste-’mōtoana.

Lipaki Tsa Jehova tse tsejoang lefatšeng lohle ka mosebetsi oa tsona oa ho ruta batho Bibele, li ’nile tsa sebetsa Indonesia ho tloha ka 1931. Hona joale ho na le Lipaki Tsa Jehova tse fetang 22 000 Indonesia ’me li leka ho finyella batho ba sa utloeng litsebeng ba sebakeng seo. Morao tjena, batho ba fetang 500, ba ile ba ea sebokeng se khethehileng sa puo ea matsoho sa Lipaki Tsa Jehova ho ikhopotsa lefu la Jesu Kreste.

LEKA TSEBO EA HAO

Linthong tsee, u nahana hore ke life tse teng Indonesia?

  1. mefuta e 20 000 ea limela

  2. liphoofolo tse anyesang tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng

  3. palesa e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng

  4. palesa e telele ka ho fetisisa lefatšeng

Karabo: Li teng kaofela. Palesa e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng e bophara ba lisenthimithara tse 91 ’me e bolelele ba limithara tse tharo.

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: 237 600,000

  • Motse-moholo: Jakarta

  • Boemo ba leholimo: Hoa chesa ebile ho mongobo

  • Lihlahisoa: Oli ea palema, rabara, oli e tala le mashala

  • Lipuo tse buuoang: Sebahasa sa Indonesia, hammoho le lipuo tse ling tse ngata

  • Bolumeli: Boholo ba batho ke Mamosleme (batho ba etsang liphesente tse 88)

Tsoha! e hatisoa ka lipuo tse 98 tse akarelletsang Seindonesia (se boetseng se bitsoang Sebahasa sa Indonesia).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela