-
Ke Hobane’ng ha re Reka Hakaale?Tsoha!—2013 | June
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE: NA RE REKA HAHOLO?
Ke Hobane’ng ha re Reka Hakaale?
Sephetho sa phuputso e entsoeng lefatšeng lohle ka 2012, se bontša hore halofo ea batho bao ho buisanoeng le bona ba ile ba lumela hore ba kile ba reka lintho tseo ba neng ba sa li hloke. Batho ba babeli ho ba bararo ba nahana hore bareki ba reka ho feta tekano. Eka ’na eaba ho loketse ho nahana ka tsela ena. Bareki ba bangata ba hlōleha ho lefa mekitlane ea bona e ntseng e eketseha. Bafuputsi ba bolela hore ho reka haholo ho ekeletsa motho khatello kelellong ho e-na le ho mo thabisa! Joale ke hobane’ng ha re reka hakaale?
JOALOKA bareki, re angoa ke lipapatso tse ngata tsa barekisi. Morero oa barekisi ke ofe? Ke ho etsa eka lintho tseo re li batlang ke litlhoko tsa bohlokoa. Barekisi baa tseba hore hangata bareki ba susumetsoa ke maikutlo. Kahoo, lipapatso tse bontšang eka batho ba rekang ba thabile, li etselitsoe ho phahamisa maikutlo a moreki.
Buka ea Why People Buy Things They Don’t Need e re: “Ha motho a rera ho reka ntho e ncha, o ipona a se a e batla, a e fumana ’me e se e le ea hae.” Litsebi tse ling li lumela hore batho ba bang ba ka thabisoa ke ho reka hoo ba bang sehlahlo ka tsela e sa tloaelehang. Setsebi sa litaba tsa khoebo, Jim Pooler o re: “Haeba morekisi a ka hlokomela boikutlo ba moreki ba ho batla ho reka le ho hlōleha ho ithiba, a ka nka monyetla ka boemo boo.”
U ka itšireletsa joang hore u se ke ua ba phofu ea barekisi ba masene? U se ke ua nkeha maikutlo, bapisa seo ba u tšepisang sona le se hlileng se ka etsahalang bophelong.
SEO BA SE TŠEPISANG: “E Tla Ntlafatsa Bophelo ba Hao”
Ka tlhaho re batla bophelo bo molemo. Barekisi ba re foqa lipapatso tse bontšang hore lintho tsohle tseo re li batlang tse kang—bophelo bo botle, ho sireletseha, ho se be le khatello ea kelello le ho atamelana haholoanyane le batho bao re ba ratang—re ka li fumana ha re reka ka ho nepahala.
NAHANISISA:
Ha re e-ba le lintho tse eketsehileng, bophelo ba rōna bo ka ’na ba ameha hampe. Ho hlokahala nako e eketsehileng le chelete e le hore motho a hlokomele lintho tse ngata tseo a nang le tsona. Motho a ka ba le khatello ea kelello ka lebaka la likoloto, ’me nako eo a e qetang le litho tsa lelapa le metsoalle ea fokotseha.
Molao-motheo: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15.
SEO BA SE TŠEPISANG: “U Tla Tuma U be U Hlomphehe”
Ke batho ba ’maloa feela ba ka lumelang hore ba reka lintho e le hore ba khahlise ba bang. Leha ho le joalo, Jim Pooler o re: “Ha batho ba reka, ntho e ka sehloohong eo ba amehileng ka eona ke ho hlōlisana le metsoalle, baahisani, basebetsi-’moho le ba leloko.” Ka lebaka leo, lipapatso li atisa ho bontša lihlahisoa tse itseng li sebelisoa ke batho ba atlehileng le ba ruileng. Molaetsa oo lipapatso tsena li o fetisang ke ho re: “Ka le leng e ka ba uena!”
NAHANISISA:
Ho lekanya boleng ba rōna ka ho ipapisa le batho ba bang ho ka etsa hore re lule re sa khotsofala. Ha u atleha ho fumana ntho eo u neng u ntse u e labalabela, u ikutloa u batla e ’ngoe hape.
Molao-motheo: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera.”—Moeklesia 5:10.
SEO BA SE TŠEPISANG: “U Tla ba Motho oa Maemo”
Buka e bitsoang Shiny Objects e re: “Tsela e tloaelehileng eo ka eona re ka batlang ho bontša ba bang hore na re bo-mang (kapa seo re batlang ho ba sona) e akarelletsa mokhoa oo re sebelisang le ho pepesa lintho tseo re nang le tsona.” Babapatsi ba tseba sena, ’me ba etsa hore lihlahisoa tse itseng tsa mabitso—haholo-holo tsa boemo bo phahameng—li amahanngoe le mokhoa o itseng oa bophelo le boitšoaro.
U italima joang, ’me u batla hore batho ba bang ba u talime joang? U le motho ea khemang le linako? U le motho ea koenneng? Ho sa tsotellehe hore na u batla ho ba joang, babapatsi ba tšepisa hore u ka ba joalo hafeela u reka lihlahisoa tsa lebitso le itseng.
NAHANISISA:
Ha ho sehlahisoa se ka fetolang seo re leng sona kapa sa etsa hore re be le litšobotsi tse ratehang tse kang botšepehi le ho itlhompha.
Molao-motheo: “Le se ke la lumella mokhabo oa lōna hore e be oa . . . ho roala mekhabiso ea khauta kapa ho apara liaparo tsa ka ntle, empa e ke e be motho ea ka sephiring oa pelo.”—1 Petrose 3:3, 4.
-
-
Kamoo U ka Qobang ho Reka HaholoTsoha!—2013 | June
-
-
Kamoo U ka Qobang ho Reka Haholo
Ho phaella khatellong eo re e bakeloang ke babapatsi, maikutlo a rōna le lintho tseo re tloaetseng ho li etsa li ka tlatsetsa bothateng ba ho reka haholo. Hlokomela litlhahiso tsena tse tšeletseng tse ka u thusang hore u qobe ho reka haholo.
Qoba ho reka lintho hobane feela u li bona. Na u khotsofatsoa ke thabo e tlisoang ke ho reka le ho fumana linyehlisetso? Haeba ho joalo, u ka iphumana u reka lintho hobane feela u li bona. E le hore u hlōle bothata bona, ema hanyenyane ’me u ke u nahane hantle ka liphello tsa nako e telele tsa ho reka thepa, ho ba le eona le ho e hlokomela. Ikhopotse ka lintho tseo u kileng ua li reka hobane feela u ne u li bona ’me hamorao ua itšola hore ebe u ile ua li reka. Iphe nako ea ho nahanisisa pele u etsa qeto.
Qoba ho reka hore feela u ikutloe u thabile. Ho reka ho ka u thabisa ka nakoana. Empa ha maikutlo a nyahamisang a khutla, u ka ikutloa u imetsoe le ho feta hoo u ka batlang ho ikimolla ka ho reka. Ho e-na le ho reka hore feela u ikutloe u thabile, batla metsoalle e ka u tšehetsang kapa u etse ntho e ’ngoe, e kang ho otlolla maoto.
U se ke ua reka hore feela u itlose bolutu. Litsi tsa mabenkele tse majabajaba li fetotse ho reka boithabiso. Le hoja u ka ’na ua ea setsing sa mabenkele kapa ua kena Inthaneteng ho itlosa bolutu, boholo ba lintho tseo u li bonang li etselitsoe ho u susumetsa hore u li reke. Reka ha ho e-na le ntho eo u e hlokang, ’me u reke eona feela.
Khetha metsoalle ea hao ka hloko. Mokhoa oa bophelo le meqoqo ea metsoalle ea hao li ama takatso ea hao. Haeba u reka haholo hore feela u tšoane le metsoalle ea hao, ho tla hlokahala hore u khethe metsoalle e sa amehang ka chelete le maruo.
Sebelisa likarete tsa mekitlane hantle. Likarete tsa mekitlane li u nolofalletsa ho reka u sa tšoenyehe ka liphello. Leka ho lefa mekitlane eohle ea likarete tsa hao khoeli le khoeli. Ithute hore na karete ea hao ea mokitlane e ba le tsoala e kae le hore na u lokela ho e lefa joang, ’me u e bapise le likarete tse ling tsa mokitlane e le hore u ka fumana e litjeho li tlaase. E-ba hlokolosi ka likarete tsa maemo a holimo tse nang le tsoala e ngata le tse u tšepisang lintho tseo u sa li hlokeng. Ho e-na le ho reka ka mokitlane, boloka chelete ha u batla ho reka thepa e bitsang e le hore u ka e reka ntle ho sekoloto.
Tseba boemo ba hao ba lichelete. Ho bonolo hore u reke haholo ha u sa kholiseha hore na u na le chelete e kae. Boloka litlaleho tsa morao-rao, ’me u tsebe boemo ba hao ba lichelete ka ho feletseng. Etsa moralo oa hore na u tla sebelisa chelete e kae ka khoeli u itšetlehile ka chelete eo u e fumanang le litjeho tsa nakong e fetileng. Hlahloba hore na u sebelisa chelete joang le hore na u e sebelisa ka tsela e lumellanang le moralo oa hao. Kōpa motsoalle eo u mo tšepang hore a u thuse ho utloisisa litaba tse amanang le lichelete tseo u sa li utloisiseng.
-