Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/13 maq. 12-13
  • Ho Etela Panama

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Panama
  • Tsoha!—2013
Tsoha!—2013
g 6/13 maq. 12-13

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Panama

[Limmapa tse leqepheng la 12]

MOHLOMONG Panama e tsejoa haholo ka kotopo ea eona e kopanyang leoatle la Atlantic le la Pacific. Empa kaha Panama e kopanya Amerika Leboea le Amerika Boroa, e boetse e kopanya batho. E na le merabe le litso tse sa tšoaneng. Karolo e khōlō ea baahi ke motsoako oa matsoalloa a moo le batho ba Europe.

NA U NE U TSEBA? Senqaqana se sesehla sa Panama (Atelopus zeteki) “se tsoka” leoto la sona la pele ho hohela tse tona kapa tse tšehali

Ka 1501, ha bafuputsi ba Masepanishe ba fihla Panama, ba ile ba fumana batho ba mefuta e fapaneng, bao ba bang ba bona ba ntseng ba le teng. Ba bang ba bona ke Maguna (ao pele a neng a bitsoa Makuna). Maguna a mangata a lula Lihlekehlekeng Tsa San Blas le lebōpong la Caribbean haufi le moeli o pakeng tsa Panama le Colombia. A phela ka temo, ho tsoma le ho tšoasa litlhapi ka liketsoana.

Ha monna oa Moguna a nyala, o lula habo mosali ’me o sebeletsa ba bohoeng. Haeba mosali oa hae a ka beleha ngoana oa ngoanana, ke hona a tla tloha le lelapa la hae ebe ba ikahela ha bona.

Panama ho na le liphutheho tse ka bang 300 tsa Lipaki Tsa Jehova. Ntle le Sepanishe, liboka li boetse li tšoaroa ka Puo ea Matsoho ea Panama, Sechaena, Secreole sa Haiti, Segujarati, Seguna, Sengabere le Senyesemane.

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: 3 629 000

  • Motse-moholo: Panama City

  • Puo e buuoang: Sepanishe

  • Puso: Demokrasi

  • Boemo ba leholimo: Hoa chesa ebile ho mongobo

  • Naha: Meru e lihlabeng, lithota le meru e lulang e le metala. Lihlekehleke tse fetang 1 600 li qhalakane ho potoloha mabōpo a Panama

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela