-
Na ho Ipelaetsa ho Rarolla Mathata?Tsoha!—2013 | July
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE
Na Ho Ipelaetsa Ho Rarolla Mathata?
Lipaki Tsa Jehova, e leng bahatisi ba makasine ena, ha ba nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki. (Johanne 17:16; 18:36) Kahoo, le hoja sehloohong sena ho buuoa ka liketsahalo tse itseng tsa merusu sechabeng, hase hore Lipaki li emela sechaba se itseng kapa hona ho nka lehlakore litabeng tsa lipolotiki.
KA LA 17 December, 2010, Mohamed Bouazizi o ile a felloa ke mamello. O ne a le lilemo li 26 ’me a rekisa seterateng Tunisia, ebile a nyahamisitsoe ke hore ha a fumane mosebetsi. O ne a boetse a tseba hore ba boholong ba batla tjotjo. Hoseng ha tsatsi leo, bahlahlobi ba ile ba mo amoha lipere, libanana le liapole tseo a li rekisang. Ha ba re ba nka sekala sa hae, o ile a hana; ’me batho ba boneng ketsahalo eo, ba re mosali e mong oa lepolesa o ile a mo otla ka tlelapa.
Mohamed o ile a ikutloa a tlotlolohile a bile a halefile, ’me a ea ofising e ’ngoe ea ’muso e haufi le moo ho ea tletleba teng, empa ha se ke ha e-ba le motho ea mo mamelang. Tlaleho e re o ile a tsoela ka ntle eaba oa hoeletsa, o re: “Le re ke tla hlokomela lelapa la ka joang?” Ka mor’a ho itšela ka mokelikeli o tšoarang mollo, o ile a ichesa. O ile a bolaoa ke maqeba a ho cha ka mor’a libeke tse peli.
Ketso eo ea Mohamed Bouazizi e bontšang ho tsieleha, e ile ea ama batho ba Tunisia le ba linaheng tse ling. Ba bangata ba re ketso ena ea hae ke eona e ileng ea susumetsa batho hore ba tsohele ’muso matla naheng eo ba be ba o phethole, le hore batho ba linaheng tse ling tsa Maarabo ba etse mekoloko ea boipelaetso. Paramente ea Europe e ile ea fa Bouazizi le batho ba bang ba bane Khau ea 2011 ea Sakharov ea Tokoloho ea ho Nahana, ’me The Times ea London ea mo khetha e le monna oa selemo ka 2011.
Joalokaha mohlala ona o bontša, mekoloko ea boipelaetso e ka ba le tšusumetso e matla. Empa ke’ng se etsang hore ho ipelaetsa ho hloe mekoalaba morao tjee? Kapa na ho na le se seng seo batho ba ka se etsang?
Ke Hobane’ng ha ho Ipelaetsa ho Hloa Mekoalaba?
Hangata mekoloko ea boipelaetso e bakoa ke maemo a latelang:
Ho se khotsofalle tsamaiso ea sechaba. Ha batho ba lumela hore tsela eo ’muso o tsamaisang lintho le moruo ka eona e ea ba sebeletsa, ha ba nahane ka ho ipelaetsa—ba latela methati e teng ho rarolla mathata a bona. Ka lehlakoreng le leng, ha ba nka hore lintho li etsoa ka bobolu le ka ho hloka toka le hore mejo e isoa ho ba itseng feela, seo se etsa hore batho ba hloke botsitso.
Ho ba le sesosa. Hangata ho etsahala ntho e susumetsang batho hore ba tlohele ho phutha matsoho, ’me ba lumele hore ba lokela ho ema ka maoto. Ka mohlala, se etsahaletseng Mohamed Bouazizi se ile sa etsa hore batho ba bangata ba Tunisia ba kene mekolokong ea boipelaetso. India, batšehetsi ba Anna Hazare ea ileng a itima lijo e le ha a loantša bobolu, ba ile ba qala mekoloko ea boipelaetso metseng le litoropong tse 450.
Ke khale Bibele e boletse hore re phela “lefatšeng leo batho ba bang ba nang le matla ’me ba bang ba tlamehang ho hula ka thata ka lebaka la bona.” (Moeklesia 8:9, Good News Translation) Kajeno, bobolu le ho hloka toka li jele setsi ho feta nakong eo. Ha e le hantle, hona joale batho ba lemoha ho feta le ha e le neng pele hore tsamaiso ea lipolotiki le ea moruo e ea hlōleha. Lifono, Inthanete le litaba tse phatlalatsoang letsatsi lohle li etsa hore batho ba libakeng tse ngata ba susumetsoe ke e etsahalang libakeng tse hōle.
Mekoloko ea boipelaetso e finyelletse eng?
Batho ba buellang merusu e etsoang ke batho sechabeng ba re mekoloko ea boipelaetso e finyelletse lintho tse latelang:
E thusitse mafutsana. Mekoloko ea boipelaetso e ileng ea etsoa Chicago, Illinois, U.S.A., ka lebaka la rente nakong ea ho oa ho hoholo ha moruo lilemong tsa bo-1930, e ile ea etsa hore ba boholong motseng oo ba emise ho lelekoa ha batho matlong, ’me ba lokisetse hore ba bang ba baipelaetsi bao ba fuoe mosebetsi. Mekoloko e tšoanang ea boipelaetso e ileng ea etsoa New York City, e ile ea etsa hore malapa a 77 000 a lelekiloeng a khutlisetsoe mahaeng a ’ona.
E lokisitse ho hloka toka. Qetellong, taba ea hore ebe batho ba ile ba hana ho palama libese tsa ’masepala ka 1955/ 1956 Montgomery, Alabama, U.S.A., e ile ea etsa hore ho felisoe melao ea khethollo mabapi le tsela eo batho ba lulang ka eona ka libeseng.
E ile ea emisa liprojeke tsa kaho. Ka December 2011, batho ba likete tse mashome ba ile ba ipelaetsa khahlanong le ho hahoa ha seteishene se fehlang motlakase ka mashala haufi le Hong Kong hobane ba amehile ka ho silafala ha tikoloho, kahoo projeke eo e ile ea emisoa.
Le hoja baipelaetsi ba ka ’na ba finyella seo ba se batlang, ’Muso oa Molimo o fana ka tharollo ea sebele
Ke ’nete hore hase kamehla baipelaetsi ba fumanang seo ba se batlang. Ka mohlala, baeta-pele ba ka ’na ba ba nkela bohato bo matla ho e-na le ho amohela litletlebo tsa bona. Morao tjena, mopresidente oa naha e ’ngoe ea Bochabela Bohare o ile a bua se latelang ka mekoloko ea boipelaetso e neng e etsoa naheng eo: “Re tlameha ho pshatla ntho ena ka lere la tšepe,” ’me batho ba likete ba ile ba shoa ketsahalong eo.
Esita le ha baipelaetsi ba ka finyella seo ba se batlang, ho boetse ho hlaha mathata a mang. Monna e mong ea ileng a thusa ho ketola moeta-pele oa naha e ’ngoe ea Afrika, o ile a bolella makasine ea Time se latelang ka puso e ncha: “E ile ea tlisa thabo ea nakoana e ileng ea nkeloa sebaka ke pherekano.”
Na ho na le tsela e ’ngoe e molemo?
Batho ba bangata ba hlaheletseng ba nka hore ba tlameha ho loantša bohatelli. Ka mohlala, mofu Václav Havel eo e neng e le mopresidente oa Czechoslovakia, ea ileng a qeta lilemo a le teronkong hobane a loanela litokelo tsa botho, o ile a ngola ka 1985, a re: “Haeba ho na le seo [moipelaetsi] a ka fanang ka sona, ke bophelo ba hae—’me o fana ka bona hobane ho se na tsela e ’ngoe eo a ka bontšang ka eona hore o eme ka tieo ho seo a se lumelang.”
Mantsoe ao a Havel a ile a bontša liketso tsa ho tsieleha tseo Mohamed Bouazizi le ba bang ba neng ba tla li etsa. Naheng e ’ngoe ea Asia, batho ba bangata ba sa tsoa ichesa e le ha ba ipelaetsa khahlanong le khatello ea bolumeli le ea lipolotiki. Ha a hlalosa se etsang hore batho ba etse liketso tse nyarosang joalo, monna e mong o ile a bolella makasine ea Newsweek hore: “Ha re na lithunya. Ha re batle ho ntša batho ba bang kotsi. Joale ke’ng seo batho ba ka se etsang?”
Bibele e fana ka tharollo ea se ka felisang ho hloka toka, bobolu le khatello. E bua ka puso eo Molimo a e thehileng leholimong e tla nkela sebaka tsamaiso e hlōlehileng ea lipolotiki le ea moruo, e etsang hore batho ba ipelaetse. Boprofeta bo buang ka ’Musi oa puso ena bo re: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”—Pesaleme ea 72:12, 14.
Lipaki Tsa Jehova li lumela hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o ka tlisetsang batho khotso lefatšeng. (Matheu 6:9, 10) Kahoo, Lipaki Tsa Jehova ha li kenelle mekolokong ea boipelaetso. Empa na ke ho sa utloahaleng ho lumela hore puso ea Molimo e ka felisa lintho tse etsang hore batho ba ipelaetse? Ho ka ’na ha bonahala eka ho joalo. Empa ba bangata ba ithutile ho tšepa puso ea Molimo. Re u khothalletsa hore u itlhahlobele taba ena.
-
-
Ke Bone ho Hloka Toka HohleTsoha!—2013 | July
-
-
Ke Bone ho Hloka Toka Hohle
KE hlahile ka 1965, ke hlahela lelapeng le futsanehileng Ireland Leboea. Ke hōletse Seterekeng sa Derry nakong ea ntoa e mabifi e nkileng lilemo tse fetang 30, eo ho eona Mak’hatholike a neng a loantšana le Maprostanta. Mak’hatholike a fokolang ka palo a ne a nka hore a khetholloa ke Maprostanta a mangata, a a qosa ka hore a utsoitse likhetho, a entse maano a hatellang, a a thibela ho fumana mosebetsi le matlo.
Ke bone ho hloka toka le khethollo hohle. Mapolesa le masole a ’nile a nkotla ka makhetlo a se nang palo, khafetsa a ntheola ka koloing a ntšupile ka sethunya, a ntlhoma lipotso le ho mphenya-phenya. Ke ne ke bona hore a ntšoere hampe, eaba ke re ka pelong, ‘Ntho li peli, ke amohela boemo bona, kapa kea bo loantša!’
Ka 1972, ke ile ka kenela mohoanto o bitsoang Bloody Sunday, ho tšoara sehopotso sa batho ba 14 ba ileng ba thunngoa ke masole a Brithani, hape ka kenela mohoanto o neng o tlotla batšoaruoa ba ileng ba shoa ka 1981 ka lebaka la ho itima lijo. Ke ne ke hloma lifolakha tse thibetsoeng ke bile ke ngola mapetjo a khahlanong le ’muso oa Brithani hohle moo nka khonang. Ho ne ho bonahala eka ho lula ho e-na le Mok’hatholike ea tšoaroang ka sehlōhō kapa ea bolaoang, e leng se neng se etsa hore ho be le mekoloko ea boipelaetso. Mehoanto eo e ne e atisa ho qetella ka meferefere.
Ha ke le univesithi, ke ile ka ikopanya le liithuti tse ling ho ipelaetsa ka tikoloho. Hamorao ke ile ka fallela London, ’me ha ke le moo ka kenela mehoanto ea Masoshiale ha a ipelaetsa khahlanong le maano a ’muso ao ho neng ho bonahala eka a ruisa barui le ho futsanehisa mafutsana le ho feta. Ke ile ka kenela literaeke tsa mekhatlo ea basebetsi tse khahlanong le ho fokotsoa ha meputso, ’me ka 1990 ka kenela mohoanto o neng o le khahlanong le hore batho ka bomong ba lefisoe lekhetho, oo ho oona baipelaetsi ba ileng ba senya Trafalgar Square hampe.
Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka nyahama. Ho e-na le ho finyella seo re se batlang, mehoanto e ne e fehla moea oa lehloeo.
Le hoja ba ka ’na ba e-ba le sepheo se setle, batho ba ke ke ba atleha ho tlisa toka
Ke nakong ena moo motsoalle oa ka a ileng a nkopanya le Lipaki Tsa Jehova. Li ile tsa mpontša ka Bibeleng hore Molimo o oa tsotella ha re hlaheloa ke mahlomola le hore o tla etsolla tšenyo eohle eo batho ba e bakileng. (Esaia 65:17; Tšenolo 21:3, 4) Le hoja ba ka ’na ba e-ba le sepheo se setle, batho ba ke ke ba atleha ho tlisa toka. Re hloka tataiso ea Molimo le matla a hae e le hore re hlōle makhotla a sa bonahaleng a bakang mahlomola mona lefatšeng.—Jeremia 10:23; Baefese 6:12.
Hona joale ke nka hore ho ipelaetsa ha ka khahlanong le ho hloka toka ho ne ho tšoana le ho beha litulo hantle ka sekepeng se tebang. Ho tseba hore nako ea tla eo ka eona batho bohle ba tlang ho phela ho se na ho hloka toka lefatšeng mona, ebile ba lekana e le kannete, ho entse hore ke ikutloe ke lokolohile.
Bibele e ruta hore Jehova Molimo “o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) Lena ke le leng la mabaka a ka re kholisang hore o tla tlisa toka ka tsela eo mebuso ea batho e ke keng ea khona ho e tlisa. (Daniele 2:44) Haeba u rata ho ithuta ho eketsehileng ka taba ena, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno kapa u ee Websaeteng ea rōna ho www.jw.org/st.
-