Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/13 maq. 8-9
  • Ho Etela Brazil

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Brazil
  • Tsoha!—2013
Tsoha!—2013
g 12/13 maq. 8-9

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Brazil

Sejo se monate se bitsoang feijoada ke sejo se tloaelehileng sa Brazil

Nonyana e bitsoang toucan

QALONG Brazil ho ne ho lula litsumi le balemi. Bafuputsi ba Mapotoketsi ba ile ba tlisa bolumeli ba Roma e K’hatholike eaba ho se ho hahoa likereke tse ngata le matlo a thapelo—tse ling li khabisitsoe ka lifate tse betliloeng tse manehiloeng ka khauta.

Ho tloha bohareng ba lekholo la bo16 la lilemo ho isa bohareng ba lekholo la bo19, batho ba limilione tse makholo a mane ba ile ba nkoa Afrika ’me ba etsoa makhoba a sebetsang masimong a Brazil. Maafrika ana a ile a tla le meetlo ea ’ona e ileng ea fetoha malumeli a Maafrika a Brazil a kang sehlotšoana sa bolumeli ba macumba le sa candomblé. Tšusumetso ea Maafrika e bonahala ’minong, tantšing le lijong tsa batho ba Brazil.

Sejo sa bona se tloaelehileng ke feijoada, eo ba e kopilitseng ho Mapotoketsi, e leng sechu se entsoeng ka mefuta e sa tšoaneng ea nama le linaoa tse ntšo ’me se jeoa ka raese le meroho e metala. Lekholong la bo19 le la bo20 la lilemo, batho ba limilione ba tsoang linaheng tsa Europe (haholo-holo Jeremane, Italy, Poland, le Spain), Japane, le linaheng tse ling ba ile ba fallela Brazil.

Kajeno naheng ea Brazil ho na le Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 750 000, liphuthehong tse fetang 11 000. Li khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 800 000. E le hore ho be le moo ho kopaneloang teng, ho na le lihlopha tsa kaho tse 31 tse sebetsang le Lipaki tsa Brazil ho haha le ho lokisa Liholo Tsa ’Muso tse ka bang 250 ho ea ho 300 ka selemo. Ho tloha ka March 2000, ho ile ha hahoa kapa ha lokisoa liholo tse 3 647.

Sebaka se potolohileng Nōka ea Amazon se tletseng meru e metalana

NA U NE U TSEBA?

Nōka ea Amazon e na le metsi a mangata ho feta linōka tsohle ’me e bolelele ba lik’hilomithara tse 6 275

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: 201 000 000

  • Motse-moholo: Brasília

  • Lipuo tse buuoang: Sepotoketsi le lipuo tse ling tse fetang 180

  • Lebitso: Brazil e reheletsoe ka sefate se bitsoang brazilwood (Caesalpinia echinata), se nkoang e le sa bohlokoa hobane se sebelisoa ho etsa dae e khubelu

  • Boemo ba leholimo: Ka leboea hoa chesa ebile ho mongobo, athe ka boroa ho itekanetse feela ’me ka linako tse ling mariha lehloa lea na lithabeng

  • Naha: Hoo e ka bang halofo ea Amerika Boroa ke Brazil. Nōka ea eona ke eona e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela