PUISANO | GUILLERMO PEREZ
Ngaka e Buoang e Hlalosa Tumelo ea Eona
Dr. Guillermo Perez o sa tsoa beha meja fatše joaloka ngaka ea ho buoa e ka sehloohong sepetleleng sa Afrika Boroa se nang le libethe tse 700. Ka lilemo tse ngata o ne a lumela thutong ea ho iphetola ha lintho. Empa ha nako e ntse e ea, o ile a kholiseha hore ’mele oa motho o bōpiloe ke Molimo. Tsoha! e ile ea mo botsa ka tumelo ea hae.
Re kōpa u re bolelle hore na ke hobane’ng ha u ne u lumela thutong ea ho iphetola ha lintho.
Le hoja ke hōletse lelapeng la Mak’hatholike, ke ne ke sa kholiseha hore Molimo o teng. Ka mohlala, ke ne ke sitoa ho lumela ho Molimo ea chesang batho liheleng. Joale ha liprofesa tsa ka univesithing li nthuta hore lintho tse phelang li bile teng ka ho iphetola ha lintho ’me ha lia bōptjoa ke Molimo, ke ile ka li lumela kaha ke ne ke nahana hore ho na le bopaki bo li tšehetsang. Kereke ea ka e ne e sa hanyetse thuto ea ho iphetola ha lintho, empa e ne e lumela hore e tataisoa ke Molimo.
Ke’ng e ileng ea etsa hore u thahaselle Bibele?
Mosali oa ka Susana o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova tse ileng tsa mo bontša ho tsoa ka Bibeleng hore Molimo ha a hlokofatse batho mollong oa lihele.a Li ile tsa boela tsa mo bontša hore Molimo o tšepisa ho fetola lefatše la rōna paradeise.b Qetellong re ile ra fumana lithuto tse utloahalang! Ka 1989, Paki e ’ngoe e bitsoang Nick e ile ea qala ho nketela. Ha re ntse re tšohla ka ’mele oa motho le ka moo o entsoeng kateng, ke ile ka khahloa ke mantsoe a bonolo le a utloahalang a Bibele ho Baheberu 3:4 e reng, “ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.”
Na ho ithuta ha hao ka ’mele oa motho ho ile ha etsa hore u lumele hore lintho li bōpiloe?
E. Ka mohlala, tsela eo ’mele oa rōna o inchafatsang ka eona e entsoe ka hloko. E le hore leqeba le fole ho ba le mekhahlelo e mene eo le fetang ho eona, e leng se nkhopotsang hore ke ne ke sa sebelisane hakaalo le tsela ea tlhaho eo ’mele oa motho o ipholisang ka eona.
Ak’u re bolelle hore na ho etsahala’ng ha ’mele oa rōna o tsoile leqeba.
Ka mor’a metsotsoana e seng mekae feela, ho ba le mohato oa pele oo ho oona ho etsahalang lintho tse thibelang mali ho tsoa. Ketsahalo ena e rarahane haholo ebile e sebetsa hantle. Ho phaella moo, e tlameha ebe baenjiniere ba liphaepe tsa metsi ba lakatsa eka ba ka be ba khona ho etsisa tsamaiso ea rōna ea mali e nang le methapo ea mali e bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 100 000, hobane e khona ho kiba masoba le ho itokisa.
Ho etsahala’ng mohatong oa bobeli?
Mali a khaotsa ho tsoa ka mor’a lihora tse seng kae ebe leqeba le qala ho ruruha. Ho ruruha ho akarelletsa liketsahalo tse ’maloa tse hlollang. Ntho ea pele, methapo ea mali eo qalong e neng e thibela mali ho tsoa haholo, joale e etsa se fapaneng. E ba metenya e le hore e eketse phallo ea mali leqebeng. Ka mor’a moo, mokelikeli o nang le protheine e ngata o etsa hore leqeba leo le ruruhe. Mokelikeli ona o loantša likokoana-hloko, o fokotsa matla a chefo ebile o tlosa linama tse shoeleng. Mohato ka mong o hloka hore ’mele o hlahise limolek’hule tse limilione tse khethehileng le lisele ka ho latellana. Tse ling tsa tsona li potlakisa mohato o latelang hore o sebetse ebe ka mor’a moo lia shoa.
’Mele o etsa’ng hape ho ipholisa?
Ka mor’a matsatsi a seng makae, ’mele oa rōna o qala ho hlahisa lisele tse o thusang ho ipholisa, e leng se tšoaeang ho qaleha ha mohato oa boraro ’me mohato ona o fela ka mor’a libeke tse ka bang tse peli. Lisele tse etsang hore ho be le khoo lia moo ho nang le leqeba ebe lia ikatisa. Hape, methapo e menyenyane ea mali e atolohela leqebeng, ebe e tlosa lintho tse sa batleheng ’me e fa letlalo limatlafatsi tse le thusang ho inchafatsa. Ka mor’a moo, ho ba le letoto la liketsahalo tse rarahaneng moo ’mele o hlahisang lisele tse khethehileng tse etsang hore leqeba le koalehe.
Ho etsahala lintho tse ngata hakaakang! ’Mele o nka nako e kae hore o ipholise?
Mohato oa ho qetela oo ho ’ona ’mele o inchafatsang o ka nka likhoeli. Masapo a neng a robehile aa lokisoa hore a boele a be matla, ebe khoo e neng e koahetse leqeba e nkeloa sebaka ke letlalo le nchafalitsoeng. Tsela eo leqeba le folang ka eona ke mohlala o hlollang oa tšebelisano e teng ’meleng oa motho.
Na u sa hopola ketsahalo e kileng ea u khahla ka ho khetheha?
Ha ke sheba tsela eo ’mele o ipholisang ka eona, kea hlolloa
E. Ke hopola mohlang ke neng ke phekola mocha ea lilemo li 16 ea neng a lemetse kotsing e mpe ea koloi. Ngoananyana eo o ne a le boemong bo bobe, a tabohile lebete ’me mali a hae a tsoela ka hare. Lilemong tse fetileng, re ka be re ile ra mo etsa opereishene e le hore re lokise lebete la hae kapa re le ntše. Kajeno, lingaka li se li itšetlehile ka matla a ’mele a ho inchafatsa. Ke ile ka sebetsana feela le ho loantša tšoaetso, ho khutlisa mekelikeli e neng e tsoile, khaello ea mali le bohloko. Libeke tse seng kae ka mor’a moo, skene se ile sa bontša hore lebete la hae le folile! Ha ke sheba tsela eo ’mele o ipholisang ka eona, kea hlolloa. Ke kholiseha le ho feta hore re entsoe ke Molimo.
Ke eng e entseng hore u be e mong oa Lipaki Tsa Jehova?
Ke ne ke ba bona e le batho ba botsoalle, ’me ba ne ba araba lipotso tsohle tsa ka ka Bibele. Ke ne ke boetse ke tsota tsela eo ba bontšang sebete ka eona ha ba buisana le batho ba bang ka tumelo ea bona le ha ba ba thusa hore ba ithute ka Molimo.
Na ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ho ile ha u thusa mosebetsing oa hao?
E. Ka mohlala, ho ile ha nthusa hore ke sebetsane le mokhathala o bakoang ke kutloelo-bohloko, e leng mofuta oa mokhathala oo lingaka le baoki ba atisang ho ba le oona ka lebaka la ho lula ba oka batho ba kulang le ba tsoileng likotsi. Hape leha bakuli ba batla ho bua ka mathata a bona, ke ne ke khona ho ba bolella ka tšepiso ea Molimo oa rōna ea hore o tla felisa ho kula le matšoenyehoc ’me a tlise lefatše leo ho lona ho seng motho ea tla re, “Kea kula.”d