Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/15 maq. 14-15
  • Pefo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pefo
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o ikutloa joang ka pefo?
  • Na batho ba ratang pefo ba ka fetoha?
  • Na pefo e sa tla ke e fele?
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?
    Tsoha!—2002
  • Na Bokhopo bo Tla ke bo Fele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Ho Tšoara ba Bang ka Tsela eo Molimo a Batlang ka Eona
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • Pefo e Tla Fela Joang ka ho sa Feleng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 5/15 maq. 14-15

PONO EA BIBELE

Pefo

Histori ea batho e tletse ka pefo. Na tlaleho ee e bohloko e tla tsoela pele ka ho sa feleng?

Molimo o ikutloa joang ka pefo?

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata, ho akarelletsa le ba bolumeli, ba nka hore ho loketse hore motho a be mabifi ha a halefisoa ke ba bang. Ho phaella moo, batho ba limilione ba talima pefo e hlahang mecheng ea phatlalatso e le boithabiso bo amohelehang.

SEO BIBELE E SE BUANG

Haufi le motse oa Mosul, o ka leboea ho Iraq, ho na le lithako tsa motse o kileng oa e-ba moholo oa Ninive—oo e neng e le motse-moholo oa ’Muso oa Assyria ea boholo-holo. Ha motse oo o sa ntse o atlehile, Bibele e ile ea bolela esale pele hore Molimo o tla “etsa Ninive lesupi.” (Sofonia 2:13) Molimo o ile a re: “Ke tla u etsa sebonoang.” Ke hobane’ng ha a ne a bua joalo? Ke hobane Ninive e ne e le “motse oa tšollo ea mali.” (Nahume 1:1; 3:1, 6) Ho ekelletsa moo, Pesaleme ea 5:6 e re: “Jehova o hloile motho ea tšollang mali.” Joalokaha lithako tsa Ninive li bontša, Molimo o ile a phethahatsa mantsoe a hae.

Pefo e qaliloe ke Satane Diabolose, e leng mohanyetsi ea ka sehloohong oa Molimo le batho, eo Jesu Kreste a ileng a re ke “’molai.” (Johanne 8:44) Ho feta moo, kaha “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” mekhoa ea hae e mebe e bonahala ka ho hlaka tseleng eo batho ba talimang pefo ka eona, le kamoo ba ratang ho e shebella kateng. (1 Johanne 5:19) E le hore re khahlise Molimo, re lokela ho hloea pefo ’me re rate seo a se ratang.a Empa na re ka khona ho etsa seo?

“Jehova . . . o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” —Pesaleme ea 11:5.

Na batho ba ratang pefo ba ka fetoha?

SEO BATHO BA SE BUANG

Pefo e mpa feela e bontša seo batho ba leng sona, ’me seo se ke ke sa fetoha.

SEO BIBELE E SE BUANG

Tlosang “khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang.” E boetse e re: “Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me le ikapese botho bo bocha.” (Bakolose 3:8-10) Na Molimo o batla seo re ke keng ra se khona? Che. Batho ba ka fetoha.b Empa joang?

Bohato ba pele ke ho fumana tsebo e nepahetseng ka Molimo. (Bakolose 3:10) Ho ithuta ka melao le litšobotsi tse babatsehang tsa ’Mōpi ho tla susumelletsa motho ea pelo e ntle hore a atamele ho Molimo ’me a ikemisetse ho mo khahlisa.—1 Johanne 5:3.

Bohato ba bobeli bo amana le batho bao re khethang ho tloaelana le bona. “U se ke ua ba le setsoalle le mang kapa mang ea ineheletseng bohale; ’me u se ke ua kena setsoalleng le motho ea tlakolohang ka bohale, e le hore u se ke ua tloaela litsela tsa hae eaba ka sebele u nkela moea oa hao leraba.”—Liproverbia 22:24, 25.

Bohato ba boraro bo amana le kutloisiso. Re lokela ho utloisisa seo pefo e hlileng e leng sona—hore ke bofokoli bo tebileng bo bontšang ho hloka boitšoaro. Ho fapana le hoo, ba ratang khotso ba khona ho laola maikutlo a bona. Liproverbia 16:32 e re: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla.”

“Phehellang khotso le batho bohle.”—Baheberu 12:14.

Na pefo e sa tla ke e fele?

SEO BATHO BA SE BUANG

Esale pefo e le teng ’me e tla ’ne e be teng.

SEO BIBELE E SE BUANG

“Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:10, 11) E le hore Molimo a sireletse batho ba bonolo le ba ratang khotso, o tla felisa ba ratang pefo joalokaha a ile a felisa Ninive ea boholo-holo. Ka mor’a moo, ha ho mohla pefo e tla luka khotso lefatšeng!—Pesaleme ea 72:7.

Mosali ea lemang seratsoana sa hae sebakeng se khutsitseng

“Ba maikutlo a bonolo . . . ba tla rua lefatše.”—Matheu 5:5

Kahoo, hona joale ke nako ea ho batla ho amoheloa ke Molimo ka hore re phehelle khotso. Petrose oa Bobeli 3:9 e re: “Jehova . . . ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.”

“Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.”—Esaia 2:4.

a Molimo o ile a lumella Baiseraele ba boholo-holo ho loana e le hore ba sireletse naha ea bona. (2 Likronike 20:15, 17) Leha ho le joalo, boemo boo bo ile ba fetoha ha Molimo a felisa selekane seo a neng a e-na le sona le Baiseraele ’me a theha phutheho ea Bokreste, e likarolong tsohle tsa lefatše.

b Mehlala ea batho ba ileng ba fetola tsela eo ba phelang ka eona e fumaneha lihloohong tse hlahang khafetsa Molula-Qhooeng, tse reng “Bibele e Fetola Batho.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela