Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/15 maq. 8-9
  • Ho Etela Mongolia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Mongolia
  • Tsoha!—2015
Tsoha!—2015
g 7/15 maq. 8-9
Mamongolia a lutse ka pel’a ger e chitja

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Mongolia

’Mapa oa lefatše o bontšang moo Mongolia e leng teng

GENGHIS KHAN, e leng mohlabani ea sebete oa lekholong la bo12 la lilemo, o ile a rala motheo oa seo e neng e tla ba ’Muso o moholo oa Mongolia. Mongolia eo kajeno e seng e le nyenyane haholo ha e bapisoa le pele, e pakeng tsa Russia le Chaena ’me ke e ’ngoe ea linaha tse nang le baahi ba fokolang le ba qalikaneng ka ho fetisisa lefatšeng.

Naha ea Mongolia e na le linōka, melatsoana, lithaba tse telele haholo, makhulo a sabaletseng le maralla a aparetsoeng ke joang. Ka boroa ho eona ke Lehoatata la Gobi, le tsebahalang ka mesaletsa ea li-dinosaur e sirelelitsoeng hantle. Mongolia e phahametseng leoatle ka limithara tse 1 580, e bitsoa “Naha e Leholimo le Hlakileng.” Lebitso lena le loketse naha ena kaha leholimo le lula le hlakile ka matsatsi a fetang 250 ka selemo!

Lengau le phelang lehloeng

Lengau le phelang lehloeng

Mamongolia a phela tlas’a maemo a leholimo a feteletseng. Lehlabula lithempereichara li nyolohela ho likhato tse 40 tsa Celsius, ha mariha li theoha haholo hoo li fihlang ho likhato tse 40 tsa Celsius ka tlase ho ntlha ea khoamo. Hoo e ka bang motho a le mong ho ba bararo ba Mongolia, ke bo-hloma-u-hlomole. Batho ba teng ba qala ho sebetsa esale hoseng hobane banna le basali ba hama lipōli, likhomo, likamele le lipere tsa bona. Mamongolia a ja nama e khubelu le lintho tse entsoeng ka lebese ’me haholo-holo a rata nama ea nku.

Terei ea li-aaruul tse omisitsoeng letsatsing

Likuku tse entsoeng ka lebese la mafi, kapa aaruul, li omisoa letsatsing

Mamongolia a rata baeti. A siea li-ger, e leng matlo a ’ona a chitja kapa a kang litente tse nkehang habonolo, a sa notleloa e le hore ha baeti ba feta ka tsela ba ka phomola le ho ja lijo tseo ba li sietsoeng. Hangata a fa baeti tee e chesang, e tšetsoeng lebese le lengata, e nōkiloeng ka letsoai le seng lekae.

Kajeno batho ba bangata ba Mongolia ke Mabuddha. Baahi ba bang ke ba bolumeli ba boshaman, Boislamo le Bokreste, athe ba bangata bona hase balumeli ho hang. Hona joale Mongolia ho na le Lipaki Tsa Jehova tse fetang 350 ’me li ruta batho ba fetang 770 Bibele.

Likamele tsa Bactria tse nang le lilota tse peli li jere meroalo

U ka bona likamele tsa Bactria tse nang le lilota tse peli li jere meroalo esita le ha ho bata haholo

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: 2 713 000

  • Motse-moholo: Ulaanbaatar

  • Lipuo tse buuoang: Semongolia, Serussia le Seturkey

  • Lihlahisoa tse ka sehloohong tse rekisetsoang linaha tse ling: Koporo, mashala, khauta le ulu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela