Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/15 maq. 10-11
  • Ho Etela Uzbekistan

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Uzbekistan
  • Tsoha!—2015
Tsoha!—2015
g 10/15 maq. 10-11
Mabota a motse oa Itchan Kala o Khiva, Uzbekistan

Mabota a motse oa Itchan Kala o Khiva

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Uzbekistan

’Mapa oa Uzbekistan

NAHA ena e ka leboea ho nōka ea Oxus. E lipakeng tsa linōka. Tartary. Turkistan. Naha ena e ’nile ea bitsoa ka mabitso a mangata ’me le leng la ’ona ke Uzbekistan, e leng “Naha ea Mauzbek.” Ho tloha lilemong tsa bo-1400, metse ea Uzbekistan e ne e tsoela molemo barekisi ba tsamaeang ka tsela ea Silk, e kileng ea hokahanya Chaena le Mediterranean. Hona joale k’hothone ke eona e rekisoang haholo ’marakeng oa masela oa Uzbekistan. Ho boetse ho rekisoa lik’hapete tse ntle tse entsoeng ka k’hothone, ulu kapa silika.

Ho theosa le lilemo, meetlo ea Mauzbek e ’nile ea susumetsoa ke ea batho ba bang. Bahale ba tummeng hammoho le mabotho a bona a matla a ne a macha ka har’a lithaba le mahoatata a Uzbekistan. Ba bang ba bona e ne e le Alexandere e Moholo, ea ileng a kopana le moratuoa oa hae e leng Roxane naheng ena; Genghis Khan, ea tsoang Mongolia le Timur (eo hape a tsejoang e le Tamerlane), e leng letsoalloa la Uzbekistan ea ileng a ba le ’muso o moholo ka ho fetisisa historing.

Bo-ntate ba babeli ba apere liaparo tsa setso sa Mauzbek

Liaparo tsa setso

Kajeno mehaho ea Uzbekistan e khabisoa ka lithaele tse putsoa. Boholo ba mehaho ena ke likolo.

Tsela ea Silk. Tsela ena e feta moo kajeno ho thoeng ke Uzbekistan. E ne e le sebaka se setle ka ho fetisisa sa khoebo lefatšeng ho fihlela lilemong tsa bo-1400 ha ho e-ba le likepe tse lebang India.

Basali ba babeli ba etsa lik’hapete tsa silika

Ba etsa lik’hapete tsa silika

Leoatle la Aral. Leoatle la Aral leo e kileng ea e-ba leoatle la bone le leholo ka ho fetisisa lefatšeng, lea psha hobane batho ba sebelisa metsi a lona bakeng sa ho nosetsa. Uzbekistan e ntse e thusana le linaha tse ling tsa Asia Bohareng ho rarolla bothata bona.

Uzbekistan e Fetola Mongolo. Ho ne ho buuoa lipuo tse ngata naheng ena, empa lilemong tsa bo-700 ho ile ha sebelisoa Searabia ha Uzbekistan e e-ba tlas’a puso ea Maislamo. Ka mor’a hore naha e be tlas’a puso ea Soviet Union, ho ile ha sebelisoa alfabeta ea Selatine eaba ka mor’a moo e nkeloa sebaka ke ea Secyril ho ella qetellong ea bo-1930. Ka 1993, ho ile ha e-ba le molao o mocha o ileng oa qala ho sebelisa alfabeta ea Uzbekistan, ea mongolo oa Selatine.

Mangangajane ’marakeng oa motse-moholo oa Uzbekistan

Mangangajane ’marakeng oa motse-moholo

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: Limilione tse 30

  • Motse-moholo: Tashkent

  • Boemo ba leholimo: Boholo ba libaka ho omeletse, pula e na ka seoelo ’me ha ho mongobo

  • Naha: Ho ella ka bophirimela ke masabasaba ’me ka bochabela ke lithaba

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela