Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/15 leq. 14
  • Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Europe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Europe
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melemo ea Lentsoe la ’Mè
  • Na Batsoali ba Etsa Hore Bana e be Baithati?
  • Maqheku a Lilemo li 100 a Batla ho Phela
  • Na Batho ba Okinawa ba na le Lekunutu la ho Phela Nako e Telele?
    Tsoha!—2008
  • Ho Hōlisa Bana ba Nahanelang Lefatšeng le Tletseng Boithati
    Tsoha!—2013
  • Batsoali—Finyellang Pelo ea Ngoana oa lōna ho Tloha Boseeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Seo Bana ba se Hlokang le Seo ba se Batlang
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 12/15 leq. 14
’Mè o bua le ngoana oa hae

TSA MONA LE MANE

Ho Hlahlojoa Litaba Tsa Europe

Le hoja Europe e kile ea e-ba sebaka sa bolumeli, hona joale batho ha ba sa thahasella bolumeli. Leha ho le joalo, mecha ea liphatlalatso ea Europe e bua ka Bibele ka litsela tse ka ’nang tsa u makatsa.

Melemo ea Lentsoe la ’Mè

Bafuputsi ba Milan, Italy, ba fihletse qeto ea hore masea a hlahileng pele ho nako a rua molemo ha a utloa lentsoe la ’mè ka sesebelisoa se fasoang letsohong la lesea. Sesebelisoa sena se etsisa tsela eo lesea le neng le mamela lentsoe la ’mè ka eona ha le ntse le le ka popelong. Phuputso eo e phethela ka ho re: “Lesea le rua molemo haholo haeba mokhoa ona o sebelisoa esale nako.”

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ke tšelisitse ’me ke khutsisitse moea oa ka joaloka ngoana ea sa tsoa khoesoa ha a le ho ’m’ae.”—Pesaleme ea 131:2.

Na Batsoali ba Etsa Hore Bana e be Baithati?

Ho latela phuputso e entsoeng ho bana ba 565 ba Netherlands, bana bao batsoali ba bona ba reng ba “bohlokoa ho feta ba bang” le bao batsoali ba nkang hore ba “hloka tlhokomelo e khethehileng,” ba bonahetse ba na le boithati ho feta bana ba bang. Mookameli oa phuputso eo o re: “Bana baa lumela ha batsoali ba re ke ba bohlokoa ho feta bana ba bang. Sena se ke ke sa ba tsoela molemo kapa hona hore se tsoele batho ba bang molemo.”

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.”—Baroma 12:3.

Maqheku a Lilemo li 100 a Batla ho Phela

Tlaleho e fanoeng ke Univesithi ea Heidelberg e Jeremane e re le hoja maqheku a lilemo li lekholo a kula a bile a sa khone ho etsa lintho tse itseng, a ntse a batla ho phela. Ho maqheku a mane, a mararo ho ’ona a leka ka hohle hore a ’ne a phele. A ne a boetse a phetha lintho tseo a neng a itse a tla li etsa, a khothetse, a na le tšepo, a na le morero bophelong ’me a ntse a phetha meetlo le lintho tsa bolumeli.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Ho latela lengolo la Moeklesia 3:11, taba ea hore Molimo o kentse ka ho rōna takatso ea ho phela, e bontša’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela