-
Ke Hobane’ng ha Liqabang li ba Teng ka Lapeng?Tsoha!—2015 | December
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BŌPA KHOTSO JOANG KA LAPENG?
Liqabang ka Lapeng—Li Bakoa ke Eng?
SARAH,a e leng mosali oa Ghana ea nang le lilemo tse 17 a nyalane le monna oa hae Jacob, o re: “Hangata re qabanngoa ke chelete. Sena sea nkoatisa hobane ke sebetsa ka thata ho hlokomela lelapa empa ha ho mohla monna oa ka a mpolellang ka chelete ea rōna. Re nka libeke re sa buisane.”
Monna oa hae e leng Jacob, o re: “Ke ’nete hore ka linako tse ling rea halefelana. Hangata sena se bakoa ke ho se utloisisane le ho se buisane hantle. Hape re qabana ka lebaka la ho feteletsa litaba.”
Nathan oa India ea sa tsoa kena lenyalong, o hlalosa se ileng sa etsahala ha mohoe oa hae a halefela mohoehali oa hae. O re: “[Mohoehali oa ka] o ile a utloa bohloko eaba oa tsamaea. Ha ke botsa mohoe oa ka hore na ke hobane’ng ha a ile a halefa hakaalo, o ile a re kea mo tella. Ka mor’a moo, o ile a halefela motho e mong le e mong.”
E ka ’na eaba le uena u hlokometse hore mantsoe a seng makae a buuoeng ka nako esele kapa a hlabang, a ka baka liqabang ka lapeng. Le hoja batho ba ntse ba buisana hantle, ba ka qetella ba qoaketsana. Ha ho motho ea ka buang lintho tse nepahetseng kamehla, kahoo ho ka ba bonolo ho se utloisise seo batho ba bang ba se buang kapa morero oa bona. Leha ho le joalo, ho ka khoneha hore ho be le khotso le bonngoe ka lapeng.
U ka etsa’ng ha le qoaketsana? U ka etsa’ng hore ho boele ho be le khotso ka lapeng? Malapa a mang a ka boloka khotso joang ka lapeng? Ka kōpo bala sehlooho se latelang.
a Mabitso a mang a fetotsoe lihloohong tsena.
-
-
U ka Etsa’ng ho Felisa Liqabang ka Lapeng?Tsoha!—2015 | December
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BŌPA KHOTSO JOANG KA LAPENG?
U ka Etsa’ng ho Felisa Liqabang ka Lapeng?
U KA ETSA’NG haeba u lula u qabana le molekane oa hao? Mohlomong le qabana khafetsa ebile ho ntse ho tota. E ka ’na eaba ha u tsebe le hore na ho tlile joang hore le qabane. Ho ntse ho le joalo, lea ratana ebile ha le batle ho utloisana bohloko.
Ke habohlokoa hore u hopole hore ho se bone lintho ka ho tšoana ha ho bolele hore lelapa la lōna lea qhalana. Tsela eo le sebetsanang le liqabang ka eona e ka etsa hore lelapa la lōna le be le khotso kapa le lule le sa thaba. Nahana ka tse ling tsa lintho tse ka le thusang ho felisa liqabang.
1. U SE KE UA IPHETETSA.
Ha e mong a mamela ho e-na le hore a bue, seo se etsa hore khalefo ea e mong e kokobele. Kahoo, u se ke ua itumella hore u iphetetse ha u khopisitsoe. Bontša boitlhompho ka hore u itšoare. Hopola hore khotso ea lelapa ke ea bohlokoa ho feta ho hlōla khang.
“Moo ho se nang patsi mollo oa tima, ’me moo ho se nang moetselletsi khang ea emisa.”—Liproverbia 26:20.
2. U SE KE UA IPHAPANYETSA MAIKUTLO A MOLEKANE OA HAO.
Ha u mamela motho ka hloko ebile u bontša hore u amehile, seo se ka mo kokobetsa ’me sa etsa hore ho boele ho be le khotso. Ho e-na le hore u mo qose, ela hloko maikutlo a hae. U se ke ua itumella hore u khopisoe ke liphoso tse bakoang ke ho se phethahale. Hangata ha motho a bua mantsoe a utloisang bohloko oa be a sa nahanisisa ka ’ona kapa e le ka lebaka la pelo e bohloko, eseng hore oa be a ikemiselitse ho iphetetsa.
“Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”—Bakolose 3:12.
3. EMA HANYANE E LE HORE BOHALE BO KOKOBELE.
Haeba u utloa u tlallane ke bohale, e ka ba bohlale hore ka mosa u kōpe ho tsoa hanyane e le hore u kokobele. Mohlomong u ka ea kamoreng e ’ngoe kapa ua tsama-tsamaea ka ntle ho fihlela u theotse maikutlo. Sena ha se bolele hore u baleha puisano kapa hona hore u qoba ho buisa molekane oa hao. Ho e-na le hoo, ke nako e ntle ea hore u rapele Molimo hore a u fe mamello le kutloisiso.
“Pele qabang e qhoma, u itsamaele.”—Liproverbia 17:14.
4. NAHANISISA KA SEO U LOKELANG HO SE BUA LE HORE NA U LOKELA HO SE BUA JOANG.
Ha ho thuse ho nka nako u nahana ka mantsoe a bohloko ao u ka a buang. Ho e-na le hoo, leka ho batla mantsoe a ka thobang maikutlo a motho eo u mo ratang. Hape, ho e-na le hore u mo bolelle hore na o lokela ho ikutloa joang, ka boikokobetso mo kōpe hore a u hlalosetse lintho tseo u sa kang ua li utloisisa ’me u mo lebohe.
“Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.”—Liproverbia 12:18.
5. U SE KE UA PHAHAMISA LENTSOE, HAPE U BONTŠE HORE U BATLA HO LOKISA LITABA.
Haeba e mong oa ba lelapa a se na mamello seo se ka etsa hore e mong a halefe. Qoba ho phoqa, ho hlapaola kapa ho phahamisa lentsoe, ho sa tsotellehe hore na u halefile hakae. Qoba ho bua mantsoe a kang “Ha u ntsotelle” kapa “Ha ho mohla u ’mamelang.” Ho e-na le hoo, bolella molekane oa hao maikutlo a hao u khobile matšoafo ’me u mo bolelle hore na taba eo e entse hore u ikutloe joang (“Ke utloa bohloko ha u . . . ”). Ha ho letho le ka lokafatsang ho sutumetsa motho, ho mo otla, ho mo raha, ho etsa ketso leha e le efe e mabifi, ho mo soma, ho bua mantsoe a bontšang ho hloka tlhompho kapa litšoso.
“Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.”—Baefese 4:31.
6. POTLAKELA HO KŌPA TŠOARELO ’ME U HLALOSE SEO U TLA SE ETSA HO LOKISA BOTHATA.
U se ke ua lumella maikutlo a fosahetseng hore a u sitise ho bona ntlha ea bohlokoa, e leng ho bōpa khotso. Hopola hore haeba u qoaketsana le motho, ka bobeli ha ho letho leo le le fumanang. Empa ha le bōpa khotso, le rua molemo. Kahoo, u lokela ho phetha boikarabelo ba hao. Esita leha u nka hore ha u phoso, u ntse u ka kōpa tšoarelo ka hore ebe u ile ua koata, ka ho arabela ka tsela eo ileng ua arabela ka eona kapa hore ebe u ile ua kenya letsoho ho qabaneng ha lōna. Hore ho be le khotso ka lapeng ho molemo ho feta boikhohomoso le ho hlōla qabang. Haeba motho a kōpa tšoarelo, potlakela ho mo tšoarela.
“E-ea, u ikokobetse ho eena, u mo rapele ho fihlela a u mamela.”—Liproverbia 6:3. [Bibele Phetolelo e Ncha]
Ka mor’a hore le khaotse ho ngangisana, le ka etsa’ng hore ho be le khotso ka lapeng? Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.
-
-
U ka Etsa’ng Hore Lelapa la Hao le Lule le E-na le Khotso?Tsoha!—2015 | December
-
-
SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BŌPA KHOTSO JOANG KA LAPENG?
U ka Etsa’ng Hore Lelapeng la Hao ho Rene Khotso?
NA U LUMELA hore Bibele e ka u thusa hore lelapa la hao le lule le e-na le khotso? Bapisa seo Bibele e se buang le seo batho bao ho buisanoeng le bona ba reng Bibele e ba thusitse ka sona. Nahana ka lintlha tse tla u thusa hore u qobe liqabang, u boloke khotso ’me u etse hore lelapa la hao le lule le momahane.
MELAO-MOTHEO EA BIBELE E TLISANG KHOTSO
E-BA LE MAIKUTLO A NEPAHETSENG KA MOLEKANE OA HAO.
“Le sa etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”—Bafilipi 2:3, 4.
“Re hlokometse hore ke ntho e ntle ho nka molekane oa hao e le oa bohlokoa ho feta uena hammoho le batho ba bang.”—C. P., ea nang le lilemo tse 19 a nyetsoe.
MAMELA KA HLOKO.
“Tsoela pele ho ba hopotsa . . . ho se rate ntoa, ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.”—Tite 3:1, 2.
“Re ka qoba likhohlano haeba re sa bue mantsoe a hlabang balekane ba rōna. Ke habohlokoa ho mamela u sa mo ahlole u bile u bontša hore u hlompha maikutlo a hae esita leha le sa lumellane.”—P. P., ea nang le lilemo tse 20 a nyetsoe.
ITHUTE HO BA LE MAMELLO LE BONOLO.
“Molaoli o susumetsoa ka ho se fele pelo, ’me leleme le bonolo le ka roba lesapo.”—Liproverbia 25:15.
“Ke ’nete hore ho ka ba le likhohlano, empa hore na likhohlano tseo li qetella joang, ho itšetlehile ka tsela eo re buisanang ka eona. Re lokela ho ba le mamello. Ha re na le mamello re khona ho rarolla mathata.”—G. A., ea nang le lilemo tse 27 a nyetsoe.
U SE KE UA HLABA MOLEKANE OA HAO KA MANTSOE KAPA UA MO OTLA.
“Li tloseng kaofela ho lōna, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ea lōna.”—Bakolose 3:8.
“Ke rata tsela eo monna oa ka a khonang ho itšoara ka eona. O lula a khobile matšoafo ’me ha ho mohla a nkharumelang kapa a nthohakang.”—B. D., ea nang le lilemo tse 20 a nyetsoe.
POTLAKELA HO TŠOARELA ’ME U LOKISE LITABA KAPELE.
“Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”—Bakolose 3:13.
“Ha ho bonolo ho khoba matšoafo nakong ea qoaketsano, ebile u ka bua lintho tse ka utloisang molekane oa hao bohloko. Nakong eo, ho molemo ho tšoarelana. Ho ke ke ha khoneha hore lenyalo le atlehe ha banyalani ba sa tšoarelane.”—A. B., ea nang le lilemo tse 34 a nyetsoe.
ITLOAETSE HO FANA LE HO AROLELANA LE BA BANG.
“Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa. . . . Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.”—Luka 6:38.
“Monna oa ka o tseba ho nthabisa ebile o lula a nketsetsa lintho ke sa lebella. Kahoo, ke ee ke ipotse hore na nka mo thabisa joang. Ka lebaka leo, re lula re thabile.”—H. K., ea nang le lilemo tse 44 a nyetsoe.
U SE KE UA TELA HO BŌPA KHOTSO LAPENG LA HAO.
Batho bao Tsoha! e buisaneng le bona ke ba bang ba batho ba limilione lefatšeng ba thusitsoeng ke Bibele hore ba be le makhabane a etsang hore lelapa le be le khotso.a Esita leha ba lelapa ba sa ikhathatse ho bōpa khotso, ba ithutile hore ke habohlokoa ho bōpa khotso, hobane Bibele e fana ka tšepiso e reng: “Ba rerang khotso ba na le thabo.”—Liproverbia 12:20.
a E le hore u fumane litaba tse ling mabapi le hore na lelapa la hao le ka thaba joang, sheba khaolo ea 14 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha ho www.pr418.com/st. U ka boela ua sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > SE KA THUSANG LELAPA.
-