Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 1 maq. 12-13
  • Ho Etela Liechtenstein

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Liechtenstein
  • Tsoha!—2016
Tsoha!—2016
g16 no. 1 maq. 12-13
Borokho bo ka holim’a nōka ea Liechtenstein bo ruletsoeng

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Liechtenstein

’Mapa o bontšang Liechtenstein meeling ea Switzerland le Austria

LIECHTENSTEIN ke e ’ngoe ea linaha tse nyenyane ka ho fetisisa lefatšeng. E lipakeng tsa lithaba tsa Switzerland le Austria. Maalemanni, Macelt, Marhaetian le Maroma ba lutse naheng ena ka lilemo-lemo. Boholo ba batho ba lulang Liechtenstein ke Maalemanni ’me ba na le lilemo tse 1 500 ba lula moo.

Puo e buuoang Liechtenstein ke Sejeremane, le hoja metseng e meng ho buuoa Sejeremane ka litsela tse fapaneng. Liechtenstein ho jeoa Tüarka-Rebel, e leng lijo tse entsoeng ka poone, le Käsknöpfle e leng pasta e nang le chisi e ngata.

Lijo tse tloaelehileng Liechtenstein

Käsknöpfle

’Mè le ngoana ba apere liaparo tsa setso tsa Liechtenstein

Liaparo tsa setso

Batho ba etelang naha ena ba thabela ho bona lithaba tse koahetsoeng ke lehloa, liphula tse tala, lirapa tsa morara, le limela tse fapa-fapaneng. Ka mohlala, lithabeng tseo ho na le mefuta e 50 ea lipalesa tsa ’mametsana. Liechtenstein e boetse e na le limusiamo, liholo tseo ho shebelloang lifilimi ho tsona le libaka tseo ho etsoang veine. Kahoo, lehlabula le mariha ho lula ho e-na le baeti naheng ena.

Lipaki Tsa Jehova li bile teng Liechtenstein ka bo-1920. Hona joale ho na le Lipaki Tsa Jehova tse 90 naheng ena ’me li ruta baahi le baeti ka Bibele.

Lipaki Tsa Jehova li hatisitse buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ka Sejeremane. E fumaneha ho www.pr418.com.

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: 37 000

  • Motse-moholo: Vaduz

  • Puo e buuoang: Sejeremane

  • Bolumeli: Boholo ba batho ba lulang moo ke Mak’hatholike

LEKA TSEBO EA HAO

Ke polelo efe e hlalosang Liechtenstein?

  1. E ’ngoe ea linaha tse peli feela lefatšeng e pota-potiloeng ke linaha tse peli.

  2. Ho na le mefuta e fetang 50 ea liphoofolo.

  3. Ho na le mefuta e ka bang 1 600 ea limela.

  4. Ke naha e se nang masole.

Karabo: Lipolelo tseo kaofela ke ’nete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela