Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 1 leq. 16
  • Tsela eo Tlhapi e Bitsoang Cuttlefish e Fetolang ’Mala ka Eona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela eo Tlhapi e Bitsoang Cuttlefish e Fetolang ’Mala ka Eona
  • Tsoha!—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2016
  • Mebala e U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Letlalo la Noha
    Tsoha!—2014
  • ’Mala oa Monokotšoai oa Pollia
    Tsoha!—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 1 leq. 16
Cuttlefish

NA E ENTSOE?

Tsela eo Tlhapi e Bitsoang Cuttlefish e Fetolang ’Mala ka Eona

CUTTLEFISH e ka fetola ’mala oa eona hore e tšoane le lintho tse pel’a eona hoo motho a ke keng a e bona habonolo. Buka e ’ngoe e re tlhapi ena “e ka iphetola ’mala ka ho panya ha leihlo.” E etsa see joang?

Nahana ka lintlha tse latelang: Tlhapi ena e sebelisa likarolo tse nyenyane tse ’meleng oa eona ho iphetola ’mala. Ka hare ho likarolo tsena tse nyenyane ho na mekotlana e tšetseng mebala e fapaneng. Ha e batla ho ipata, boko ba eona bo fetisetsa molaetsa mesifeng ea mekotlana ena. Mekotlana ena e ntša ’mala o ka har’a eona ebe ’mala oa tlhapi oa fetoha. Tlhapi ena e fetola ’mala ha e batla ho hohela litlhapi tsa bong bosele le ha e batla ho buisana le tsona.

Baenjiniere ba Univesithi e ’ngoe ea Engelane ba entse letlalo maiketsetso le tšoanang le la cuttlefish. Ba entse lirabara tse selikalikoe tse ntšo tse tšoanang le mesifa ea tlhapi ena. Ha ba kenya motlakase letlalong lena la maiketsetso, le fetola ’mala ebe le ba letšo.

Moenjiniere e mong o ile a re ho ithuta ka mesifa ea tlhapi ena ho ka ba thusa hore ba etse liphahlo tse fetolang ’mala ka ho panya ha leihlo. O re batho ba ka apara liphahlo tseo ha ba batla ho ipata kapa ba li aparela feshene.

U nahana joang? Na tsela eo tlhapi e bitsoang Cuttlefish e fetolang ’mala ka eona e bile teng ka ho iphetola ha lintho kapa e entsoe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela