Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 5 leq. 7
  • Ho hlahloba litaba tsa linaha tsa Amerika

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho hlahloba litaba tsa linaha tsa Amerika
  • Tsoha!—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho se Bale Li-e-mail khafetsa​—Ho Fokotsa Khatello ea Maikutlo
  • Ho Sireletsa Litlhapi Tse Kotsing ea ho Fela Leoatleng
  • Liketso Tse Mabifi Brazil
  • Ho Laola Khatello ea Kelello
    Tsoha!—2010
  • U ka Thusoa Ke’ng ha U E-na le Stress?
    Tsoha!—2020
  • Khatello ea Kelello e Molemo Le e Mpe
    Tsoha!—1998
  • Nka Sebetsana Joang le Maemo a Sithabetsang ha ke le Sekolong?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 5 leq. 7
Litlhapi ka leoatleng

TSA MONA LE MANE

Ho Hlahloba Linaha Tsa Amerika

Litaba tsa Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše li bontša hore Bibele e ntse e le ea bohlokoa le mehleng ena kaha e fana ka bohlale.

Ho se Bale Li-e-mail khafetsa​—Ho Fokotsa Khatello ea Maikutlo

Motho ea shebang li-email tsa hae khafetsa o tšoenyeha ho feta ea sa li shebeng khafetsa

Liphuputso tse ileng tsa etsoa Vancouver, Canada li bontša hore batho ba shebang li-e-mail tsa bona bonyane hararo ka letsatsi ba na le khatello e tlaase ea maikutlo ha ba bapisoa le batho ba lulang ba li sheba. Kostadin Kushlev, e leng moeta-pele oa liphuputso tsena o re: “Batho ba thatafalloa ho iphapanyetsa ho sheba li-e-mail, e leng eona ntho e neng e ka ba thusa ho fokotsa khatello ea maikutlo.”

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Kahoo, na hase bohlale ho batla litsela tsa ho fokotsa khatello ea maikutlo?​—2 Timothea 3:1.

Ho Sireletsa Litlhapi Tse Kotsing ea ho Fela Leoatleng

Tlaleho e entsoeng ke Mokhatlo oa Paballo ea Liphoofolo le Limela e bontša hore palo ea li-conch, li-lobster le litlhapi tse ling e ile ea eketseha Belize le likarolong tse ling tsa Caribbean moo ’muso o thibetseng hore batho ba se ke ba cheha litlhapi le ho nka letho ho tsona. Tlaleho eo e boetse e re: “Ho ka nka selemo ho isa ho tse tšeletseng hore lintho tse seng li le kotsing ea ho fela li boele li eketsehe libakeng tse sirelelitsoeng, empa ha e le hore li boele li be ngata joaloka qalong, ho ka nka lilemo tse mashome.” Tlaleho e entsoeng ke Janet Gibson, e leng mookameli oa Mokhatlo oa Paballo ea Liphoofolo le Limela o Belize o re: “Ho hlakile hore libaka tse sirelelitsoeng li ka thusa hore palo ea litlhapi le limela tse phelang leoatleng e eketsehe.”

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Na taba ea hore lintho tse phelang li khona ho phela le tlas’a maemo a thata le ho boela li ikatisa ha e bontše hore ho na le ’Mōpi ea bohlale?​—Pesaleme ea 104:24, 25.

Liketso Tse Mabifi Brazil

Mokhatlo o mong oa litaba o re liketso tse mabifi li ntse li eketseha naheng ea Brazil. Ka 2012, palo ea batho ba bolailoeng e ne e le ka holimo ho 56 000, e leng e phahameng ka ho fetisisa eo Lefapha la Bophelo la Brazil le kileng la e tlaleha. Luís Sapori e leng setsebi sa litaba tsa tšireletseho, o lumela hore lipalo-palo tsena li nyoloha ka lebaka la boitšoaro bo ntseng bo hlepha. O re ha batho ba sa hlomphe melao, “ba qetella ba le mabifi ’me ba qobella batho ba bang hore ba etse seo ba se batlang.”

RE U LOME TSEBE? Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho tla ba le nako eo lerato la ba bangata le “tla fola” ’me tlōlo ea molao e eketsehe.​—Matheu 24:3, 12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela