Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lefatše Lee le Habile Hokae?
    Tsoha!—2017 | No. 6
    • Oache eo Batho ba Iketselitsoeng Eona e Bontšang Hore na Lefatše le Hole Hakae le ho Fela

      SEHLOOHO SE KA NTLE | LEFATŠE LEE LE HABILE HOKAE?

      Lefatše lee le Habile Hokae?

      HA SELEMO sa 2017 se qala, bo-ramahlale ba ile ba phatlalatsa taba e tšosang haholo. Ba ile ba re lefatše le se le le haufi le ho hlaheloa ke koluoa e mpe ho feta tsohle tse kileng tsa e-ba teng. Oache eo ba iketselitseng eona e bontšang hore lefatše le se le le haufi le ho fela, e ile ea isoa pele ka metsotsoana e 30 ho bontša hore koluoa eo e se e le haufi le ho etsahala. Ho ea ka oache eo, hona joale nako ea hore koluoa eo e etsahale e se e le haufi haholo!

      Bo-ramahlale ba boetse ba batla hore ka 2018 ba shebe hore na ho setse nako e kae pele lefatše le fela. Ebe lekhetlong lee ba tla isa oache pele ka metsotsoana e mekae? U bona eka lefatše lee le habile hokae? Mohlomong u utloa eka lipotso tsena li thata. Etsoe litsebi le tsona li na le maikutlo a fapaneng ka taba ena. Batho ba bang bona ha ba lumele hore lefatše le tla fela.

      Ha e le hantle, ho na le batho ba bangata ba lumelang hore re tla phela hamonate ka moso. Ba re ba na le bopaki bo bontšang hore lefatše le tla lula le le teng ka ho sa feleng le hore bophelo ba batho bo tla ntlafala. Na ehlile ba bua ’nete? Hantle-ntle ho tla etsahala’ng ka lefatše?

      Bulletin of the Atomic Scientists e re: “Oache ena eo bo-ramahlale ba iketselitseng eona, ke oache eo ba e sebelisang hore ba bone hore na lefatše le haufi hakae le ho fela, le felisoa ke lintho tse ngata tseo batho ba li qapileng. Ke lintho tse kang libetsa tsa ntoa le mechine e meng e ka senyang lefatše hobane batho ba e sebelisa hampe ka boomo kapa hobane ba etsa liphoso ha ba e sebelisa.”

  • Batho ba re ho Tla Etsahala’ng ka Lefatše?
    Tsoha!—2017 | No. 6
    • SEHLOOHO SE KA NTLE | LEFATŠE LEE LE HABILE HOKAE?

      Batho ba re ho tla Etsahala’ng ka Lefatše?

      BATHO ba bangata ba tšoenyehile ebile ba tšohile ka lebaka la lintho tse mpe tse etsahalang. Ka 2014 mopresidente oa mehleng oa Amerika, Barack Obama, o ile a re lintho tse mpe li etsahala ka sekhahla ’me ho bonahala li sa ee moriting ho hang. O ile a bua tjena ka lebaka la lintho tse ngata tse mpe tse etsahalang tse hlahang likoranteng.

      Empa ka mor’a ho cho joalo, a bua ka lintho tse neng li ntse li etsoa e le ho lokisa mathata a mangata a teng lefatšeng. O itse o na le tšepo ea hore lintho li tla loka, a ba a re tse ling tsa lintho tseo ’muso o neng o li etsa ho rarolla mathata a lefatše li molemo. O ne a bolela hore batho ba ka etsa hore mathata a lefatše a ee moriting le hore lefatše le se ke la fela.

      Batho ba bangata ba lumellana le eena. Ka mohlala, ba bang ba tšepile bo-ramahlale hobane ba lumela hore ba tla etsa mechine e tsoetseng pele e ka felisang mathata a teng lefatšeng. Motho e mong ea tsebang mechine o ile a bua ka phatla e phahameng a re: “Mechine e tla beng e le teng ka 2030 e tla be e tsoetse pele haholo, athe ka 2045 teng e tla be e le mebe le ho feta.” O ile a boela a re: “Re ntse re etsa mosebetsi o tsoileng matsoho e le hore taba ena e etsahale. Ke ’nete hore re hlaheloa ke mathata a mangata a boima, empa re khona ho a rarolla kaofela ebile re a rarolla ka potlako.”

      Na ho se ho hlile ho le hobe hakaalo? Na ehlile lefatše le haufi haholo le ho fela? Le hoja bo-ramahlale le batho ba boholong mebusong ba re ba na le tšepo ea hore lintho li tla loka, ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ntse ba ipotsa hore na lefatše lee le habile hokae?

      Moo ho phatlohileng bomo

      LIBETSA. Le hoja mekhatlo e fapaneng ea lefatše e lekile ho etsa hore linaha li khaotse ho sebelisa libetsa tse sebelisoang ho bolaea batho ba bangata, e hlolehile. Babusi ha ba batle ho mamela melao eo ba e fuoeng ea hore na libetsa li sebelisoe joang. Linaha tse tummeng ka ho ba le libetsa li ntse li ntlafatsa libomo tseo li nang le tsona le ho etsa libomo tse ling tse kotsi le ho feta. Hona joale le linaha tse neng li ntse li se na libetsa tse kotsi, li se li ka khona ho rinya batho larita ka tsona.

      Ka lebaka lena, batho ha ba sa sireletsehile ho hang, esita le nakong eo ho se nang likhathatso lefatšeng. Bulletin of the Atomic Scientists e re: “Ntho e tšosang haholo ke libetsa tse etselitsoeng ho bolaea batho le hoja ho se na motho ea li laolang.”

      Motho ea keneng sepetlele

      HO KULA E SE E LE KOBO-ANELA. Ho na le lintho tse ngata tseo bo-ramahlale ba sitoang ho li laola. Batho ba kulang ka lebaka la lintho tse kang phallo ea mali, ho nona ho tlola, tšilafalo ea moea le ho sebelisa lithethefatsi, ba ntse ba eketseha. Ba bangata ba bolaoa ke mafu a kang kankere, lefu la pelo le tsoekere. Athe ba tšoaroang ke mafu a mang, a kang mafu a kelello, le bona ba ntse ba eketseha. Lilemo tse seng kae tse fetileng, ho ile ha e-ba le mafu a kotsi a kang Ebola le Malaria. Batho ba ntse ba kula ho ea pele, ebile ho bonahala eka ha ho mohla ho kula ho tla ea moriting.

      Likhoerekhoere le mosi li silafatsa metsi le moea

      BATHO BA SENYA LEFATŠE. Batho ba etsa lifeme ’me li ntse li silafatsa lefatše ho ea pele. Selemo le selemo batho baa shoa ka lebaka la ho hema moea o silafetseng.

      Batho, mekhatlo le lipetlele ba silafatsa tikoloho ka hore ba lahlele lithole moo ba sa lokelang ho li lahlela teng. Mohlala, ba li lahlela leoatleng. Encyclopedia of Marine Science e re: “Lithole tsena li silafatsa leoatle le lintho tse phelang ho lona, li bile li kulisa le batho ba jang lintho tse tsoang ka ho lona.”

      Matsatsing ana ho se ho le thata ho fumana metsi a hloekileng. Sengoli se bitsoang Robin McKie se re: “Metsi a ntse a qepha hoo haufinyane lefatše lohle le tla a hloka.” Le bo-ralipolotiki ba lumellana le eena, ebile ba re bothata bona bo bakoa ke batho le hore bo kotsi haholo.

      Setsokotsane

      LIKOLUOA TSA TLHAHO. Likoluoa tse kang lifefo, maholiotsoana le ho reketla ha lefatše li senya libaka tseo batho ba phelang ho tsona. Ha likoluoa tsena li etsahala, li bolaea batho ba bangata kapa li ba siea mahlomoleng. U.S. National Aeronautics and Space Administration e bontša hore ke hona ho tl’o ba le likoluoa tsa tlhaho tse kotsi haholo. Na likoluoa tsee li tla felisa lefatše?

      Mohlomong le uena ho na le lintho tse ngata tseo u bonang eka li ka ntša batho kotsi. Ho lula re nahana ka lintho tsena ho ke ke ha re thusa kapa ha etsa hore re tsebe hore na ho tla hle ho etsahale’ng ka lefatše. Batho ba bang ba lumela hore bo-ralipolotiki le bo-rasaense ba ke ke ba rarolla mathata ana. Sehloohong se tlileng pele ho sena, re hlokometse hore batho ba bang ba ithutile hore na ho tla qetella ho etsahetse’ng ka lefatše lena. Ebe ke eng e ka re thusang ho tseba hore na ho tla ba joang nakong e tlang?

  • Bibele e re ho Tla ba Joang Lefatšeng Nakong e Tlang?
    Tsoha!—2017 | No. 6
    • A man in God’s promised new world

      Lintho tseo batho ba li etsang li ke ke tsa felisa lefatše hobane Molimo o tšepisitse hore batho ba tla phela ka ho sa feleng ho lona

      SEHLOOHO SE KA NTLE | LEFATŠE LEE LE HABILE HOKAE?

      Bibele e re ho tla ba Joang Lefatšeng Nakong e Tlang?

      BIBELE e ile ea bolela khale hore lefatše le tla ba boemong bona boo le leng ho bona hona joale. E ile ea boela ea bolela hore batho ba na le bokamoso bo khanyang. Empa batho ba bangata ha ba lumele hore Bibele e tšepisa bophelo bo monate hobane ba nahana hore boprofeta ba Bibele bo se bo phethahetse kaofela.

      Ba nahana ka boprofeta bo hlahang litemaneng tse latelang:

      • “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.”—Matheu 24:7.

      • “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”—2 Timothea 3:1-4.

      Boprofeta bona bo hlalosa boemo ba lefatše lena bo ntseng bo mpefala hoo batho ba seng ba sa khone ho bo laola. Litemana tse latelang lia tiisa hore batho ha ba khone ho laola lefatše.

      • “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.”—Liproverbia 14:12.

      • ‘Motho o busa motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9.

      • “Ha ho matleng a motho . . . hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

      Batho ba ne ba ka felisa lefatše hoja Molimo o ne a ka ba lumella, empa a ke ke a ba lumella. Litemana tse latelang li hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ke ke a lumella ntho e joalo hore e etsahale:

      • Molimo “o thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; Le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 104:5.

      • “Moloko oa ea, ’me moloko oa tla; empa lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Moeklesia 1:4.

      • “Ba lokileng ba tla rua lefatše, Ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

      • “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; Ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

      Litemana tsena lia tiisa hore batho ba ke ke ba fela lefatšeng ka lebaka la tšilafalo ea tikoloho, khaello ea lijo le metsi kapa ka lebaka la mathata leha e le afe a teng hona joale. Le ka mohla batho ba ke ke ba khona ho felisa lefatše hobane le bopiloe ke Molimo, ebile o na le morero ka lona. Leha ho le joalo, o lumeletse batho hore ba etse borata le hore ba fumane litla-morao tsa liketso tsa bona. (Bagalata 6:7) Le hoja lefatše le le kotsing, ha se hore le se le le boemong boo le ke keng la hlola le loka. Molimo a ke ke a lumella batho hore ba felise lefatše leha e le mona ba etsa borata.—Pesaleme ea 83:18; Baheberu 4:13.

      Molimo o re tšepisa hore ho tla ba le ‘khotso e ngata.’ (Pesaleme ea 37:11) Ho na le litemana tse ling tse ngata tse hlahang ka Bibeleng tse tiisang hore nakong e tlang batho ba tla phela ka khotso mona lefatšeng. Lipaki Tsa Jehova li ithuta Bibele e le hore li ka lula li e-na le tšepo ea ho phela ka boiketlo nakong e tlang.

      Lipaki Tsa Jehova ke batho ba sebeletsang Jehova, e leng Molimo eo Bibele e buang ka eena. Batho bana hohle lefatšeng moo ba leng teng ba lula ba e-na le tšepo ea hore ka nako e ’ngoe batho ba tla phela ka khotso. Ba lumellana le Bibele ha e re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi oa maholimo, Eena Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona, Eena Ea le tiisitseng ka thata, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi: “Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong.’”—Esaia 45:18.

      Sehlooho sena se hlalositse hakhutšoanyane hore na Bibele e re ho tla ba joang lefatšeng nakong e tlang. Empa haeba u batla ho ithuta haholoanyane ka taba ena, u ka bala thuto ea 5 bukaneng ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. U ka boela oa fumana bukana ena ho www.pr418.com/st

      U ka shebella le video ea Ho Tlile Joang Hore Bophelo bo be Teng? e ho www.pr418.com. (sheba ho LINGOLILOENG > LIVIDEO)

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela