U KA ETSA’NG HA LITHEKO LI NTSE LI PHAHAMA?
Khotsofalla Lintho Tseo u Nang le Tsona
Batho ba khotsofalletseng lintho tseo ba nang le tsona ba thabela bophelo. Ha maemo a bona a fetoha, ba khona ho fetola tsela eo ba phelang ka eona e le hore ba ka sebelisa chelete eo ba nang le eona hantle.
KE HOBANE’NG HA SEE E LE SA BOHLOKOA?
Jessica Koehler eo e leng setsebi sa kelello o re o hlokometse hore batho ba khotsofallang lintho tseo ba nang le tsona ba lula ba thabile. O boetse o fumane hore ha ba honohele batho ba bang. Ke kahoo ho sa makatse hore ebe batho ba khotsofallang lintho tseo ba nang le tsona ba lula ba thabile ebile ha ba tšoenyehe habonolo. Ha e le hantle, batho ba thabileng haholo ke ba se nang lintho tse ngata. Ho ekelletsa moo, ho qeta nako le ba lelapa le metsoalle ho tlisa thabo eo chelete e ke keng ea e tlisa.
SEO U KA SE ETSANG
U se ke oa ipapisa le ba bang. Haeba u bapisa lintho tse seng kae tseo u nang le tsona le lintho tse ngata tseo batho ba bang ba nang le tsona, ho etsa joalo ho tla etsa hore u se ke oa khotsofala hape u ka qetella u le mohono. Ha e le hantle ka linako tse ling, lintho tse ngata tseo batho ba nang le tsona li ba kentse likolotong ’me ho ipapisa le bona ha ho na thuso. Nicole ea lulang Senegal o re: “Ha ke hloke lintho tse ngata hore ke thabe. Haeba ke khotsofalletse lintho tseo ke nang le tsona, ke tla thaba le haeba ba bang ba e-na le tse ngata ho feta tsa ka.”
Leka sena: U se ke oa sheba lipapatso kapa lintho tse hlahang inthaneteng tse bontšang maruo kapa bophelo bo mabothobotho boo batho ba bang ba bo phelang.
Ananela lintho tseo u nang le tsona. Batho ba nang le kananelo ba khotsofalla lintho tseo ba nang le tsona ’me ha ba be le maikutlo a hore ba tlamehile ho ba le lintho tse ngata. Roberton ea tsoang Haiti o re: “Ke ipha nako ea ho nahana ka lintho tse molemo tseo batho ba bang ba nketselitseng tsona le ba lelapa la ka. Hamorao ke ba bolella kamoo ke ananelang lintho tseo ba nketselitseng tsona. Ke boetse ke ruta mora oa ka hore a lebohe kamehla ha ho e-na le ntho eo a e fuoang.”
Leka sena: Letsatsi le leng le le leng ngola fatše lintho tse molemo tseo u li ananelang. Lintho tseo li ka akarelletsa ho ba le bophelo bo botle, lelapa le momahaneng, metsoalle ea sebele esita le ho boha botle ba letsatsi ha le likela.
Ka linako tse ling, ha ho bonolo hore re khotsofalle lintho tseo re nang le tsona. Empa boiteko boo re bo etsang ke ba bohlokoa. Ha re khetha ho khotsofalla lintho tseo re nang le tsona, re tla fumana thabo e leng ntho e ke keng ea rekoa ka chelete.