Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g25 no. 1 maq. 12-13
  • E-ba Seatla se Bulehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Seatla se Bulehileng
  • Tsoha!—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA SEE E LE SA BOHLOKOA?
  • SEO U KA SE ETSANG
  • Batho ba Fanang Baa Thaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Thusa Batho ba Bang?
    Bacha Baa Botsa
  • Ananela ho Fana ha Jehova le Kahlolo ea Hae e Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Tataiso e re Thusang Hore re Phelisane ka Khotso le Batho ba Bang
    Tsoha!—2021
Bala Tse Ling
Tsoha!—2025
g25 no. 1 maq. 12-13
Lelapa le lutse tafoleng ka ntle lapeng la lona ’me le thabela lijo le moeti oa lona.

U KA ETSA’NG HA LITHEKO LI NTSE LI PHAHAMA?

E-ba Seatla se Bulehileng

Haeba u utloa ho le thata hore u patalle lintho tseo u li hlokang, u ka ’na oa utloa ho le thata le ho feta hore u be seatla se bulehileng. Leha ho le joalo, u tla hlokomela hore ho ba seatla se bulehileng ho tla u thusa hore u sebetsane le maemo a boima a lichelete. U ka khona ho boloka chelete leha u le seatla se bulehileng.

KE HOBANE’NG HA SEE E LE SA BOHLOKOA?

Rea thaba ebile re ba motlotlo ha re fana, le haeba lintho tseo re fanang ka tsona e le lintho tse nyenyane. Lingaka tse ling li re ho fana ho etsa hore motho a be le bophelo bo botle. Ka mohlala, ho fana ho ka fokotsa ho tšoenyeha le stress. Ho ka boela ha etsa hore mali a phalle hantle, ha fokotsa ho opeloa ha ba ha etsa hore motho a robale hantle.

“Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.”—Liketso 20:35.

Ha re thusa batho ba bang ka ho ba fa chelete kapa ntho leha e le efe eo ba e hlokang, ho tla ba bonolo hore re amohele thuso ha le rona re e hloka. Howard, ea lulang Engelane o re: “Ha re batla menyetla ea ho thusa batho ba bang, ho thusa ’na le mohats’a ka hore re se ke ra ikutloa eka re moroalo ha le rona re hloka thuso.” Leha ho le joalo, batho ba seatla se bulehileng ha ba fane feela hobane ba lebelletse hore le bona ba fuoe. Ba ka fumana metsoalle ea sebele e ka ithaopelang ho ba thusa ha ba hloka thuso.

“Itloaetseng ho fana ’me batho ba tla le fa.”—Luka 6:38.

SEO U KA SE ETSANG

Arolela ba bang seo u nang le sona. Leha u se na ho hongata, u ntse u ka khona ho fana le haeba e ka ba lijo tse tloaelehileng feela. Duncan le lelapa la hae ba lulang Uganda, ba futsanehile empa ba seatla se bulehileng. Duncan o re: “Ka linako tse ling ha e le Sontaha, ’na le mohats’a ka re memela motho e mong lijong. Re thabela ho qeta nako le batho ba bang.”

Re lokela ho leka-lekanya lintho ha re fana, e le hore re se ke ra imetsa ba malapa a rona.—Jobo 17:5.

Leka sena: Memela motho e mong lijong kapa seno-mapholing feela. Haeba u na le lintho tseo u seng u sa li sebelise, u ka li fa metsoalle kapa baahisani ba hao ba ka li hlokang.


U ka fana ka litsela tse ling. Ka linako tse ling, ha ho hlokahale chelete e le hore u fane. Ka mohlala, u ka fana ka nako ea hao le ho bontša batho ba bang hore oa ba tsotella ka ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Le mantsoe a khothatsang e ka ba mpho! Kahoo, bontša ba bang hore oa ba ananela ebile oa ba rata.

Leka sena: Thusa ba bang ka mesebetsi ea ka tlung, ho ba lokisetsa lintho tse senyehileng kapa ho ba thusa ka ntho leha e le efe. Ba ngolle molaetsa o khothatsang kareteng kapa u ba romelle molaetsa fonong u ba bolelle hore u ntse u nahana ka bona.

Ha u le seatla se bulehileng, u tla thaba haholoanyane.

“Le se ke la lebala ho etsa lintho tse molemo le ho arolela ba bang lintho tseo le nang le tsona.”—Baheberu 13:16.

Banyalani ba thusa ’mè ea holileng ho hloekisa jarete ea hae. O ba fa tee ha ba ntse ba haraka makhasi a lifate.
Trey.

Trey oa Iseraele o re: “Le hoja ntlo ea rona e le nyenyane, re rata ho phehela metsoalle ea rona ’me re je hammoho. Re thabela ho thusa metsoalle ea rona. Ka linako tse ling, re ka e fa chelete empa hangata re e fa nako ea rona. Re bone ka makhetlo a mangata hore ho fana ho thabisa ho feta ho fuoa.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela