Ua Amoheloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
LEFATŠENG lohle, linaheng tse ka holimo ho 200, liithuti tse limilione li rua molemo beke le beke thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ba bang ba bacha. Ba bang ba bile sekolong sena ka lilemo tse ngata. Sekolo sena se tšoaroa libakeng tse likete tse mashome. Kae kapa kae moo u phelang teng lefatšeng, u tla fumana lenaneo le tšoanang la thuto. Batho ba lilemo tsohle, ba lihlopha tsa merabe le limelo tse sa tšoaneng tsa thuto ba fumana thupelo ena ea puso ea Molimo, ntle ho tefo.
Ha sekolo sena se ne se thakholoa liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova ka 1943, morero oa sona o ile oa boleloa ka mantsoe ana: “Ho hlomella ‘batho bohle ba tšepahalang,’ ba utloileng Lentsoe la Molimo le ba bontšitseng tumelo ea bona ho lona, hore ‘ba khone ho ruta ba bang’ . . . ka sepheo sa ho etsa hore e mong le e mong . . . a hlomelloe hamolemo ho bolela tšepo ea hae phatlalatsa.” (Course in Theocratic Ministry, leq. 4) Morero oa sekolo sena ha o e-s’o fetohe ho fihlela letsatsing lena.
Ha e le hantle, ke ntho efe e molemohali eo leha e le ofe oa rōna a ka e etsang ka mpho ea ho bua eo re e filoeng ke Molimo? Bibele ea araba: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang—e ke e rorise Jah.” (Pes. 150:6) Ha re etsa joalo, re thabisa pelo ea Ntate oa rōna oa leholimo. Re mo fa bopaki ba hore lipelo tsa rōna li arabela ka teboho ka lebaka la molemo oa hae le lerato la hae. Ha ho makatse ha Bakreste ba khothalletsoa hore ‘ba nyehele kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa’! (Baheb. 13:15) Re u amohela joaloka seithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ka sepheo sa ho u thusa ho ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho sebelisa limpho tseo u li filoeng ke Molimo bakeng sa ho rorisa Jehova.
Le hoja sekolong sena ho lebisitsoe tlhokomelo e khōlō tabeng ea ho bala phatlalatsa le tsebong ea ho bua le ho ruta, melemo ea thuto ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ha e felle moo. Ha u ntse u ba le karolo, u tla thusoa ho hlaolela tsebo ea bohlokoa e kang ’malo oa boinotšing, ho mamela le ho hopola, ho ithuta, ho etsa lipatlisiso, ho hlahlobisisa lintho le tlhophiso, ho qoqa, ho araba lipotso le ho ngola lintho tseo u li nahanang. Thuto le litlhaloso le linehelano tse tla fanoa sekolong sena li tla thehoa Bibeleng le likhatisong tse thehiloeng Bibeleng. Ha u ntse u tlatsa kelello ea hao ka linnete tsa bohlokoa tse fumanehang Lentsoeng la Molimo, u tla ithuta ho nahana menahano ea Molimo. Seo se tla ba molemo hakaakang tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo! Mabapi le bohlokoa ba Lentsoe la Molimo, morupeli oa univesithi oa lekholong la bo20 la lilemo, William Lyon Phelps, o ile a ngola: “E mong le e mong ea nang le tsebo e feletseng ea Bibele ka sebele ho ka boleloa hore o rutehile. . . . Ke lumela hore ho ba le tsebo ea Bibele kantle le thuto ea koleche ke habohlokoa ho feta ho ba le thuto ea koleche kantle le Bibele.”
Kamoo U ka Ruang Molemo ka Botlalo
Ka ho hlakileng, hore u rue molemo ka botlalo thutong e fanoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, uena, seithuti, u lokela ho etsa boiteko. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa mosebetsi-’moho le eena oa Mokreste Timothea: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.” (1 Tim. 4:15) U ka ikitlaetsa ka litsela life tse sebetsang?
Haeba ho khoneha, e-ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo beke e ’ngoe le e ’ngoe. Sebelisa hamolemo buka ena ea ho ithuta e reng, Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ngola lebitso la hao sebakeng se etselitsoeng hoo leqepheng la sehlooho. Kamehla u tle le buka ea hao ha u tla sekolong. Buka ena ea ho ithuta e boetse e na le sebaka sa ho ngolla lintlha. Ha u bala lintlha tsa eona tsa bohlokoa tseo u nahanang hore li tla u thusa, li sehelle mola. Sebelisa libaka tse khōlō tse mahlakoreng a maqephe ho ngola lintlha tse thusang tseo u ithutang tsona nakong ea lipuisano sekolong.
Ho fanoe ka lenaneo le hatisitsoeng le ka thōko le tla sebelisoa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Kemiso eo e tla akarelletsa le lintlha tse mabapi le kamoo sekolo se tla tsamaisoa kateng. U tla fumana ho le molemo ho boloka kemiso eo bukeng ena, moo u ka e fumanang habonolo.
Ha u lokisetsa mananeo a sekolo a beke le beke, u hopole hore Bibele ke eona buka e ka sehloohong ea ho ithuta. Etsa hore ho bala karolo leha e le efe ea Bibele e abetsoeng beke eo ho nke sebaka sa pele. Hape haeba u ka khona ho bala esale pele boitsebiso ba likarolo tse sa tšoaneng tsa lenaneo, sena le sona se tla ba molemo haholo.
Nakong ea sekolo, ho ka ’na ha hlaha menyetla ea hore bamameli ba fane ka litlhaloso. Sebelisa menyetla ena ka botlalo. Ho kopanela lipuisanong tse joalo ke karolo ea bohlokoa bakeng sa ho hopola seo u se utloang ’me u khone ho se sebelisa bophelong ba hao.
Ho hlakile hore liithuti kaofela li tla ba le menyetla ea ho fana ka lipuo kapa ho etsa lipontšo ka pel’a phutheho. Sebelisa o mong le o mong oa menyetla eo hamolemo. U hle u ikitlaetse ho ntlafatsa tšobotsing leha e le efe ea puo eo u e abetsoeng. U tla fuoa keletso ka morero oa hore u ’ne u hatele pele. Amohela thuso eo. Bukeng ea hao, ngola litlhahiso tse tobileng tse bontšang seo u ka se etsang hore u ntlafatse. Kaha ho thata hore motho a ipone kamoo ba bang ba mo bonang kateng, litlhahiso tse lerato, tse thehiloeng Bibeleng le keletso e fanoeng li ka tlatsetsa haholo tsoelo-peleng ea hao. Sena se sebetsa esita leha u se u e-na le lilemo tse ngata u ngolisitse sekolong sena.—Liprov. 1:5.
Na u lakatsa ho hatela pele ka potlako? Haeba u nka bohato ba pele, seo se ka khoneha. Ithute esale pele boitsebiso bo tla akaretsoa puong e ’ngoe le e ’ngoe ea seithuti. Haeba ho hlokahala sebui sa moithaopi, u tla khona ho ithaopa ’me seo se tla u neha phihlelo e eketsehileng. Ha ba bang ba fana ka lipuo, u mamele ka hloko tsela eo ba fetisang boitsebiso ka eona. Re ithuta ho ba bang.
Ho feta moo, ha maemo a hao a u lumella, u ka potlakisa tsoelo-pele ea hao ka hore u bale esale pele boitsebiso bo bukeng ena ea ho ithuta. Ha u se u ithutile hantle se fuperoeng ke lithuto tse latelang tse 15, fetela pele karolong e reng “Lenaneo la ho Ntlafatsa Tsebo ea ho ba Sebui le Mosuoe,” e qalang leqepheng la 78. Pele, ithute thuto ka ’ngoe ’me u etse mananeo a ho itlhakisa a bontšitsoeng bakeng sa eona. Sebelisa seo u ithutileng sona tšebeletsong ea hao. Sena se ka ntlafatsa tsoelo-pele ea hao haholo joaloka sebui le mosuoe oa Lentsoe la Molimo.
Thuto ea hao ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e tla thusa ho u hlomella bakeng sa lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Kaha re phela ka lebaka la thato ea Molimo, ho mo rorisa ho phethahatsa morero oa sebele oa ho ba teng ha rōna. Jehova Molimo o lokeloa ke thoriso ea boleng bo phahameng ka ho fetisisa. (Tšen. 4:11) Thuto eo re e fumanang sekolong sena e re thusa ho finyella sena e le hore re ka nahana ka mokhoa o hlakileng, re itšoare ka bohlale le ho atleha ha re fetisetsa linnete tse hlollang tse tsoang Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng ho ba bang.
[Lebokose le leqepheng la 6]
LITŠOBOTSI TSE HLAHELETSENG TSA SEKOLO
• Lenaneo la beke le beke la ho bala, ho ithuta le ho etsa lipatlisiso tse thehiloeng Bibeleng
• Thupelo ’malong oa phatlalatsa le bokhoning ba ho bua le ho ruta
• Ho kopanela lipuisanong tsa tlelase
• Menyetla ea ho fana ka linehelano ka pel’a phutheho
• Thuso bakeng sa hore u hatele pele
[Lebokose le leqepheng la 7]
BOKHONI BOO HO LEBISOANG TLHOKOMELO HO BONA
• Ho mamela le ho hopola
• ’Malo oa boinotšing
• Ho ithuta
• Ho etsa lipatlisiso
• Ho hlahlobisisa lintho le tlhophiso
• Ho qoqa
• Ho araba lipotso
• Ho ngola lintho tseo motho a li nahanang
[Lebokose le leqepheng la 8]
MOTHEO OO U KA HAHANG HO OONA
Ho khona ho fetisetsa boitsebiso ho ba bang ka katleho ke talenta. Hase mang le mang ea khonang ho ho etsa hantle. Ho ngotsoe libuka tse ngata tsa ho ithuta bakeng sa ho thusa batho ho ntlafatsa ntlheng ena. Leha ho le joalo, ’Mōpi, Ea fileng batho bokhoni ba ho bua, o tseba ho hongata ka ho bua le ho ruta ho feta motho leha e le ofe eo e leng morupeli oa puo. Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši o ile a sebelisana le eena e le Mosebetsi ea Hloahloa ha a ne a etsa boko ba motho le litho tse ling tsa ho bua hammoho le mehlolo e meng ea pōpo.
Ha ho ne ho bōptjoa mangeloi le batho, Mora eo o ile a sebeletsa e le Lentsoe la Molimo, Ea ka sehloohong eo Molimo a ileng a mo sebelisa ho fetisetsa thuto ho bona. (Liprov. 8:30; Joh. 1:1-3) Mora eo o ile a romeloa lefatšeng e le Morena Jesu Kreste. Tlaleho e bululetsoeng e re ka eena: “Bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” ’Me ba ileng ba mo utloa ba ile ba paka: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” (Mat. 7:28; Joh. 7:46) Ka Likosepeleng ho buuoa ka Jesu ka makhetlo a fetang 40 e le Mosuoe ’me e le ka lebaka le utloahalang. Ho na le ho hongata hoo re ka ithutang hona ho eena tabeng ea ho bua le ho ruta.
Hape Bibele e fupere tlaleho e bontšang kamoo Jehova Molimo a ileng a sebelisa banna le basali ba tsoang limelong tse ngata tse sa tšoaneng ho etsa thato ea hae. Ba bang ba bona ba ile ba fetisa melaetsa e mekhutšoanyane empa e le e matla. Ba bangata ba ne ba sa bue ka pel’a bamameli ba bangata, empa ka botšepehi ba ile ba pakela Molimo oa ’nete le morero oa hae. Kamoo ho bonahalang kateng, ba bangata e ne e se libui tsa likheleke, empa Molimo o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona. Re ka ithuta ho seo Bibele e re bolellang sona mabapi le kamoo ba ileng ba phetha tšebeletso ea bona kateng.—Pes. 68:11.
Ke ’nete hore Bibele hase buka e fanang ka thuto ea ho bua phatlalatsa. Empa ho ba balang ka temoho, e fupere boitsebiso ba bohlokoa bo mabapi le ho bua le ho ruta ka katleho. Buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e leka ho haha holim’a motheo oo.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 4]