Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Phela ka Melao ea Bibele?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
    • Khaolong ea 34

      Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Phela ka Melao ea Bibele?

      U ka phaposing ea ho jela le banana ba bang ba babeli ’me le ja lijo tsa motšehare sekolong, joale ho kena moshanyana e mocha ea sa tsoa fihla sekolong sa lōna.

      Ngoanana oa pele o re ho uena: “Ua tseba ke’ng, Brett oa u rata! Ke bona ka tsela eo a u shebang ka eona. O lula a ichebetse uena feela!”

      Ngoanana oa bobeli oa u sebela, o re: “Le hona ua tseba ke’ng? O itja feela!”

      U se u hlokometse hore ekare oa u rata. Etsoe Brett o kile a u memela phathing habo. Ke ’nete hore ha ua ka ua ea, le hoja ka pelong u ile ua labalabela ho tseba hore na ebe ho ka be ho bile joang hoja ua ea.

      Ha u ntse u nahana, ngoanana oa pele o re:

      “Ke bomalimabe hore ebe ke na le mohlankana. Ke ne ke sa tl’o senya nako ho intša le Brett.”

      Joale ka ho makala hohle oa u sheba. Ua tseba hore na ho latela’ng.

      Oa u botsa: “Hantle-ntle ho tla joang hore ebe ha u na mohlankana?”

      Ha u batle potso eo! Taba ke hore u ka rata ho ba le mohlankana. Empa u boleletsoe hore ho molemo hore u eme ho fihlela u le boemong ba ho nyaloa pele u ka qala ho intša le mohlankana. Hoja feela e ne e se . . . 

      Ngoanana oa bobeli o re: “E tlameha e le bolumeli bo mona ba hao, akere?”

      Ua ipotsa: ‘O tsebile joang se ka kelellong ea ka?’

      Oa u tloka, o re: “Ha hao ke Bibele feela nako ena kaofela. Ke hobane’ng ha ho se mohla u keng u ithabise ho se hokae?”

      NA U se u kile ua sonngoa hobane u leka ho phela ka melao ea Bibele? Haeba ho joalo, mohlomong u kile ua ipotsa hore na ebe u fetoa ke menate. Mocha e mong ea bitsoang Deborah o ne a ikutloa joalo. Oa hopola: “Melao ea boitšoaro ea Bibele e ne e bonahala e le thata. Ke ne ke khahloa ke tsela e neng e bonahala e se na lithibelo eo metsoalle ea ka ea sekolong e neng e phela ka eona.”

      Seka-seka Taba

      Hase kamehla ho leng molemo ho ithuta linthong tse ileng tsa re hlahela. Ha e le hantle, ke ntho e bohlale le e lumellanang le Mangolo hore re ithute liphosong tsa ba bang, joalokaha mopesaleme Asafe a ile a etsa joalo. Ho na le nako eo a ileng a utloa melao ea Molimo e le thata haholo. Empa ho hlahloba tsela ea ba ileng ba furalla litsela tsa Molimo e ile ea mo thusa ho seka-seka taba. Hamorao Asafe o ile a etsa qeto ea hore ba ne ba le “fatše moo ho thellang.”—Pesaleme ea 73:18.

      U ntse u hopotse seo, hlahloba mantsoe a latelang a builoeng ke bacha bao ka nakoana, ba ileng ba furalla melao ea Bibele ’me ba kopanela liphate pele ba nyala kapa ba nyaloa.

      ● Ke eng e ileng ea susumetsa monahano oa hao le boitšoaro ba hao?

      Deborah: “Ha ke le sekolong ke ne ke bona ngoana e mong le e mong a e-na le mohlankana kapa kharebe, ’me ba ne ba bonahala ba thabile. Ha ke qeta nako le bona ’me ke bona ba sunana le ho hakana, ke ne ke ba honohela ’me ke ikutloa ke jeoa ke bolutu. Ke ne ke atisa ho qeta lihora tse ngata ke nahana ka moshanyana e mong eo ke neng ke mo rata. Sena se ile sa totisa takatso ea ka ea hore ke be le moshanyana eo.”

      Mike: “Ke ne ke bala boitsebiso bo thoholetsang ho kopanela liphate ke bile ke shebella mananeo a joalo. Ha ke ntse ke bua le metsoalle ka taba ena ea ho kopanela liphate, seo se ile sa etsa hore ke batle ho tseba ho eketsehileng le ho feta ka eona. Joale ha ke le mong le ngoanana, ke ne ke nahana hore nka mo atamela haholo ntle le hore re kopanele liphate, ke ne ke nahana hore nka khaotsa neng kapa neng ha ke batla.”

      Andrew: “Ke ne ke tloaetse ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro Inthaneteng. Ke ile ka qala ho noa joala haholo. Hape ke ne ke ea liphathing le bacha ba neng ba sa hlomphe melao ea Bibele ea boitšoaro.”

      Tracy: “Ke ne ke tseba hore ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho fosahetse, empa ke ne ke sa ho hloea. Ke ne ke sa rera ho kopanela liphate pele ke nyaloa, empa ke ile ka nkoa ke maikutlo ’me ka khaotsa ho nahana. Letsoalo la ka le ile la cha ka nakoana.”

      ● Na tsela eo u neng u phela ka eona e ne e u thabisa?

      Deborah: “Qalong ke ile ka apareloa ke thabo ea hore ke lokolohile ’me ke ne ke thabile hore ebe qetellong ke tšoana le lithaka tsa ka. Empa boikutlo boo ha boa ka ba nka nako e telele. Ke ile ka qala ho ikutloa ke le litšila, ke sa hloeka, ’me ke se na thuso. Ke ile ka ikoahlaea haholo hore ebe ke ne ke lahlehetsoe ke boroetsana ba ka.”

      Andrew: “Ho ile ha ’na ha e-ba bonolo le ho feta ho etsa lintho tse ling tse fosahetseng. Empa ka nako e tšoanang, ke ne ke jeoa ke letsoalo le molato ke bile ke sa thaba.”

      Tracy: “Boitšoaro bo bobe bo sentse bocha ba ka. Ke ne ke nahana hore ’na le mohlankana oa ka re tla thabela bophelo. Ha rea ka ra bo thabela. Re ile ra qetella re utloisana bohloko, re bakelana mahlomola le masisa-pelo. Ke ile ka qeta masiu a mangata ke lla, ke lakatsa eka nka be ke ile ka etsa lintho ka tsela ea Jehova.”

      Mike: “Ke ile ka qala ho utloa eka karolo e ’ngoe ea botho ba ka e shoele. Ke ile ka leka ho hlokomoloha tsela eo liketso tsa ka li neng li ama ba bang ka eona, empa ke ne ke sitoa. Ke ile ka utloa bohloko ha ke lemoha hore ka ho lelekisa monyaka, ke ne ke utloisa ba bang bohloko.”

      ● Ke keletso efe eo u ka e fang bacha ba nahanang hore melao ea Bibele ea boitšoaro e amoha motho bolokolohi?

      Tracy: “Phela ka melao ea Jehova ’me u tloaelane le batho ba phelang ka eona. U tla thaba haholo ha u ka etsa joalo.”

      Deborah: “Hase feela taba ea hao u le mong le seo u se batlang. Liketso tsa hao li tla ama ba bang. Haeba u hlokomoloha keletso ea Molimo, u tla itematsa.”

      Andrew: “Ha u se na phihlelo, u nahana hore tsela eo lithaka tsa hao li phelang ka eona e monate. Maikutlo a bona a tla u tšoaetsa. Ka hona, khetha metsoalle ea hao ka bohlale. Tšepa Jehova ’me u ke ke ua ikoahlaea.”

      Mike: “Har’a lintho tsa bohlokoahali tseo Jehova a u fileng tsona ke seriti le bohloeki. Ho lahla limpho tseo hobane feela u sitoa ho ithiba ke ho itheola seriti. Buisana le batsoali ba hao le batho ba bang ba hōlileng tsebong ka mathata a hao. Haeba u entse phoso, bua ka bothata boo ka potlako ’me u lokise boemo. Haeba u etsa lintho ka tsela ea Jehova, u tla ba le khotso ea sebele.”

      Melao ea Bibele—Na ea U Khina Kapa ea U Sireletsa?

      Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ’me o batla hore le uena u thabe. (1 Timothea 1:11; Moeklesia 11:9) Melao e tlalehiloeng ka Bibeleng e molemong oa hao. Ke ’nete hore u ka ’na ua nka hore ea u khina. Empa bonneteng, melao ea Bibele ea boitšoaro e tšoana le lebanta la pholoso le u sireletsang hore u se ke ua tsoa kotsi.

      Ka sebele u ka tšepa Bibele. Haeba u khetha ho phela ka melao ea eona, u ke ke ua thabisa Jehova feela empa le uena u tla rua molemo.—Esaia 48:17.

      KHAOLONG E LATELANG

      U ka ba motsoalle oa Molimo. Fumana hore na u ka etsa seo joang.

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “’Na,Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.”—Esaia 48:17.

      KELETSO

      Nahana hore na u ka buella melemo ea ho mamela melao ea Bibele joang ho ngoan’eno e monyenyane. Ho bua ka seo u se lumelang ho tla etsa hore se tebe pelong ea hao.

      NA U NE U TSEBA . . . ?

      Motho a ka nka metsotso e seng mekae feela hore a senye kamano ea hae le Jehova, empa ho e lokisa ho ka nka lilemo.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      E le hore ke utloisise melemo ea ho mamela melao ea Bibele, ke tla ․․․․․

      Haeba ke qala ho honohela ba phelang ka mekhoa ea lefatše, ke tla ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● Mabapi le liphello tse bang teng ha motho a sa mamele melao ea Molimo, ke hobane’ng ha e se bohlale hore a ithute ka se mo hlahetseng?

      ● U ithuta’ng ka se boletsoeng ke Deborah, Mike, Andrew le Tracy?

      ● Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba nka hore melao ea Bibele ea ba khina, empa ke hobane’ng ha ho ba le pono e joalo e le ho se nahane ka ho teba?

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 285]

      “Bohloko ba ho fuoa taeo mabapi le phoso eo motho a e entseng ha bo tšoane le ba ho leka ho e pata.’’—Donna

      [Litšoantšo tse leqepheng la 288]

      Melao-motheo ea Bibele ha e u sitise ho thaba; ea u sireletsa

  • Nka ba Motsoalle oa Molimo Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
    • Khaolong ea 35

      Nka ba Motsoalle oa Molimo Joang?

      Ka mor’a hore Jeremy a hlaheloe ke ntho e bohloko, o ile a ananela bohlokoa ba ho ba le setsoalle le Molimo. Ha a hlalosa, o re: “Ha ke le lilemo li 12, Ntate o ile a lahla lelapa leso. Bosiung bo bong ke ne ke rapela ke le betheng, ke kōpa Jehova hore a etse hore Ntate a khutle.”

      A tsietsoe, Jeremy o ile a qala ho bala Bibele. Ha a fihla ho Pesaleme ea 10:14, o ile a ameha haholo maikutlong. Temana eo e re ka Jehova: “Ea malimabe, moshanyana ea se nang ntate, o ipeha ho uena. U fetohile mothusi oa hae.” Jeremy o re: “Ke ile ka utloa eka Jehova o ne a bua le ’na, a mpolella hore ke mothusi oa ka, ke Ntate. Ke ntate ofe ea molemo ho mo feta eo nka bang le eena?”

      EBANG u boemong bo kang ba Jeremy kapa che, Bibele e bontša hore Jehova o batla hore u be motsoalle oa hae. Ha e le hantle, Bibele e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Nahana hore na mantsoe ao a bolela’ng: Le hoja u ke ke ua bona Jehova Molimo, oa u mema hore u be motsoalle oa hae, le hoja boemo ba lōna bo sa tšoane ka ho feletseng!

      Empa hore u be motsoalle oa Molimo, ho tla hlokahala hore u etse boiteko. Ho etsa mohlala: Haeba u na le palesa ea ka tlung, ua tseba hore ha e ikholele feela. E le hore e atlehe, u lokela ho e nosetsa kamehla le ho e beha sebakeng se loketseng e le hore e hōle. Ho joalo le tabeng ea ho ba motsoalle oa Molimo. U ka etsa’ng hore botsoalle boo bo hōle?

      Bohlokoa ba ho Ithuta

      Setsoalle se hloka hore batho ba babeli ba buisane, ’me ha e mong a bua e mong a mamele. Ho joalo le ka setsoalle sa rōna le Molimo. Ha re bala Bibele re bile re ithuta eona, ena ke tsela eo re mamelang ka eona seo Molimo a re bolellang sona.—Pesaleme ea 1:2, 3.

      Ke ’nete hore e ka ’na eaba ha u motho ea ratang ho ithuta. Bacha ba bangata ba ka mpa ba khetha ho shebella TV, ho bapala papali e itseng, kapa ho qeta nako ba e-na le metsoalle. Empa haeba u batla ho ba motsoalle oa Molimo, ha ho na tsela e khaoletsang. U tla lokela ho mo mamela ka hore u ithute lentsoe la hae.

      Leha ho le joalo, u se ke ua khathatseha. Ha ho hlokahale hore ho ithuta Bibele e be moroalo. U ka ithuta ho thabela ho ithuta eona—esita le haeba u nka hore ka tlhaho ha u motho ea ratang ho bala. Ntho ea pele eo u lokelang ho e etsa ke hore u behelle ka thōko nako ea ho ithuta Bibele. Ngoanana e mong ea bitsoang Lais o re: “Ke na le kemiso. Ntho ea pele eo ke e etsang hoseng ho hong le ho hong ke ho bala khaolo e le ’ngoe ea Bibele.” Maria ea lilemo li 15, o na le kemiso e fapaneng le eo. O re: “Ke bala karoloana e itseng ea Bibele bosiu bo bong le bo bong pele ke robala.”

      E le ho u thusa hore u qale lenaneo la hao la ho ithuta, sheba lebokose le leqepheng la 292. Joale ngola ka tlaase mona hore na u ka qeta metsotso e ka bang 30 neng u ithuta Lentsoe la Molimo.

      ․․․․․

      Ho ipehela nako ea ho ithuta ke mohato o qalang feela. Hang ha u qalile ho ithuta, u ka ’na ua fumana hore ka linako tse ling ho bala Bibele ha ho bonolo. U ka ’na ua lumellana le seo Jezreel ea lilemo li 11 a se bolelang ha a re: “Likarolo tse ling ka Bibeleng li tebile ’me ha li monate hakaalo.” Haeba u ikutloa joalo, u se ke ua tela. Kamehla nka ho ithuta Bibele e le nako eo u iphang eona ea ho mamela Jehova Molimo, motsoalle oa hao. Ha u etsa boiteko, qetellong ho ithuta Bibele ho tla u thabisa ho be ho u tsoele molemo!

      Thapelo ke ea Bohlokoa

      Thapelo ke tsela eo re buang le Molimo ka eona. Ak’u nahane feela hore na thapelo ke mpho e babatsehang hakaakang! U ka buisana le Jehova Molimo neng le neng, bosiu kapa motšehare. O lula a ikemiselitse ho u mamela. Hape o batla ho utloa maikutlo a hao. Ke kahoo Bibele e u phehellang tjena: ‘Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa hao tse matla li ke li tsebisoe Molimo.’—Bafilipi 4:6.

      Joalokaha lengolo lena le bontša, ho na le lintho tse ngata tseo u ka buisanang le Jehova ka tsona. Li ka akarelletsa mathata ao u nang le ’ona le lintho tse u tšoenyang. Li ka boela tsa akarelletsa lintho tseo u li ananelang. Ha e le hantle, na ha u lebohe metsoalle ea hao ha e u etselitse lintho tse itseng tse molemo? U ka leboha Jehova ka tsela e tšoanang, e leng eena ea u etselitseng lintho tse ngata haholo tse molemo ho feta tseo motsoalle leha e le ofe oa hao a neng a ka u etsetsa tsona.—Pesaleme ea 106:1.

      Ngola ka tlaase mona lintho tseo u lebohang Jehova ka tsona.

      ․․․․․

      Ha ho pelaelo hore ka linako tse ling ho ba le lintho tse u tšosang le tse u tšoenyang. Pesaleme ea 55:22 e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.”

      Meleng e latelang, ngola lintho tse u tšoenyang tseo u ka ratang ho li rapella.

      ․․․․․

      Se Etsahetseng Bophelong

      Ho na le ntlha e ’ngoe ea bohlokoa eo u sa lokelang ho e hlokomoloha setsoalleng sa hao le Molimo. Mopesaleme Davida o ile a ngola, a re: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.” (Pesaleme ea 34:8) Ha Davida a ne a ngola Pesaleme ea 34, o ne a sa tsoa etsahalloa ke ntho e tšosang. O ne a baleha Morena Saule ea neng a batla ho mo bolaea, e leng boemo bo neng bo tšosa haholo. Joale o ile a lokela ho batla setšabelo har’a lira tsa hae, e leng Bafilista. Boemong bona boo Davida a neng a bona eka o tobane le lefu, ka bohlale o ile a iketsa eka o lahlehetsoe ke kelello ’me a khona ho pholoha.—1 Samuele 21:10-15.

      Davida ha aa ka a nka hore ke ka bohlale ba hae a pholohileng litleneng tsa lefu. Ho e-na le hoo, o ile a lebisa thoriso ho Jehova. Pesalemeng e boletsoeng ka holimo, o ne a ile a re pejana ho eona: “Ke ile ka botsa Jehova, eaba oa nkaraba, a ntopolla linthong tsohle tseo ke li tšabang.” (Pesaleme ea 34:4) Ka lebaka la se etsahetseng bophelong ba hae, Davida o ne a ka re: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.”a

      Na ho na le ntho e u etsahalletseng bophelong e u bontšitseng hore Jehova oa u tsotella? Haeba ho joalo, e ngole ka tlaase mona. Tlhahiso: Ha ho hlokahale hore e be ntho e khōlō haholo. Leka ho nahana ka melemo e tloaelehileng ea letsatsi le letsatsi, eo e meng ea eona e ka ’nang ea nkoa habobebe.

      ․․․․․

      Mohlomong batsoali ba hao ba u rutile Bibele. Haeba ho joalo, ke molemo o mong oo u o etselitsoeng. Leha ho le joalo, u lokela ho iketsetsa setsoalle le Molimo. Haeba ha u e-s’o etse joalo, u ka sebelisa boitsebiso bo khaolong ena hore bo u thuse ho qalella. Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. Bibele e re: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana.”—Matheu 7:7.

      BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 38 LE EA 39

      KHAOLONG E LATELANG

      Na u thatafalloa ho bua le ba bang ka Molimo? Ithute hore na u ka emela seo u se lumelang joang.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Libibele tse ling li fetolela poleloana “latsoang ’me le bone” e le “iponeleng ka bolōna,” “iphumaneleng ka bolōna,” le “le tla bona ka se le etsahallang.”—Contemporary English Version, Today’s English Version le The Bible in Basic English.

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

      KELETSO

      Bala maqephe a mane feela a Bibele ka letsatsi, ’me ka nako e etsang selemo u tla be u e qetile.

      NA U NE U TSEBA . . . ?

      Taba ea hore ebe u bala buka ena ’me u sebelisa keletso e thehiloeng Bibeleng e ho eona, e bontša hore Jehova oa u tsotella.—Johanne 6:44.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      E le hore ke tle ke rue molemo o moholo ha ke ithuta Bibele, ke tla ․․․․․

      E le hore ke rapele kamehla, ke tla ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● U ka etsa’ng hore u thabele ho ithuta Bibele haholoanyane?

      ● Ke hobane’ng ha Jehova a rata ho mamela lithapelo tsa batho ba sa phethahalang?

      ● U ka ntlafatsa lithapelo tsa hao joang?

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 291]

      “Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke pheta-pheta lintho ha ke rapela. Hona joale ke leka ho rapella lintho tse monate le tse bohloko tse etsahetseng letsatsi ka leng. Kaha lintho li ke ke tsa etsahala ka tsela e tšoanang hantle ka matsatsi a latellanang, sena se nthusa hore ke se ke ka pheta-pheta ntho e le ’ngoe.’’—Eve

      [Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 292]

      Ithute Bibele

      1. Khetha tlaleho ea Bibele eo u ka ratang ho e bala. Rapella bohlale e le hore u utloisise seo u se balang.

      2. Bala tlaleho eo ka hloko. U se ke ua e bala ka lepotla-potla. Nahana ka boemo boo ha u ntse u bala. Inahane u le boemong boo: Nahana u bona se etsahalang, u utloa ha batho bao ba bua, u fofonela monko, u latsoa lijo le lintho tse ling tse joalo. Leka ho phelisa seo u se balang kahohle kamoo u ka khonang!

      3. Nahana ka seo u sa tsoa se bala. Ipotse lipotso tse kang tse latelang:

      ● Ke hobane’ng ha Jehova a kenyelelitse tlaleho ee Lentsoeng la hae?

      ● Ke batho bafe bao nka ba etsisang le bao ke lokelang ho ba nka e le mehlala e lemosang?

      ● Ke thuto efe ea bohlokoa eo ke ithutang eona tlalehong ee?

      ● Tlaleho ee e nthuta’ng ka Jehova le ka tsela eo a etsang lintho ka eona?

      4. Rapela Jehova ka bokhutšoanyane. Mo bolelle hore na u ithutile eng Bibeleng le hore na u rera ho sebelisa seo joang bophelong. Kamehla leboha Jehova ka mpho eo a u fileng eona—e leng Lentsoe la hae, Bibele e Halalelang!

      [Setšoantšo]

      “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka.”—Pesaleme ea 119:105.

      [Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 294]

      Etsa Lintho Tsa Bohlokoa pele

      Na u phathahane hoo u se nang nako ea ho rapela? Na ha u na nako ea ho ithuta Bibele? Hangata sena se itšetlehile ka hore na u nka lintho tsa bohlokoa e le life.

      Ak’u leke sena: Nka bakete ’me u tšele majoe a ’maloa a maholo ka har’a eona. Tšela lehlabathe ho fihlela bakete e tlala. Bakete ea hao joale e tletse majoe le lehlabathe.

      Joale ntša majoe ao le lehlabathe ka baketeng, empa u se ke ua li lahla. Etsa se tšoanang, empa u qale ka lehlabathe: Tlatsa bakete ka lehlabathe, ebe joale u leka ho tšela majoe. Majoe ha a felle ka baketeng. Lebaka ke hore lekhetlong lena u tšetse lehlabathe pele ka baketeng.

      U ithuta’ng ho see? Bibele e re: ‘U nepisise lintho tsa bohlokoa haholo.’ (Bafilipi 1:10) Haeba u nka lintho tse nyenyane joaloka boithabiso e le tsona tsa bohlokoa, ha ho mohla ho tla ke ho bonahale eka u na le nako e lekaneng ea hore u etse lintho tsa bohlokoa bophelong—e leng lintho tsa moea. Empa haeba u latela keletso ea Bibele, u tla fumana hore u na le nako ea lintho tse amanang le tšebeletso ea hao ho Molimo hammoho le ea boithabiso. Ke taba feela ea hore na u qala ka ho tšela eng ka baketeng!

      [Setšoantšo se leqepheng la 290]

      Joaloka palesa ea ka tlung, setsoalle le Molimo se hloka ho hlokomeloa e le hore se hōle

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela