Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile a Emela Batho ba Molimo
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • Esthere

      KHAOLO EA LESHOME LE METSO E MEHLANO

      O Ile a Emela Batho ba Molimo

      1-3. (a) Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Esthere o ne a tšohile ha a nahana ho ea ho monna oa hae? (b) Re tlil’o tšohla lipotso life ka Esthere?

      ESTHERE o ile a leka ho khoba matšoafo ha a ea a lebile lebaleng la ntlo ea borena Shushane. Ho ne ho se bonolo. Lintho tsohle qhobosheaneng eo li ne li entsoe ka tsela e hlollang—litšoantšo tsa teng tse betliloeng ka mebala-bala tsa lipoho tse mapheo, tsa ba tšoereng liqha, tsa litau tse maboteng a litene a pentiloeng ka pente e benyang, litšiea tsa majoe tse khabisitsoeng le liemahale tse ntle, esita le sebaka se phahameng seo qhobosheane ena e neng e le ho sona pel’a Lithaba Tsa Zagrose tse letseng lehloa le nōka ea metsi a hloekileng ea Choaspes e bonahalang tlaasana mane. Morero oa tsona kaofela, e ne e le ho hopotsa moeti e mong le e mong ka matla a maholohali a monna eo Esthere a neng a ea ho eena, ea neng a ipitsa “morena e moholo.” Morena eo e ne ebile e le monna oa hae.

      2 Monna oa hae! Assueruse o ne a fapane hōle le mofuta oa monna eo ngoanana leha e le ofe ea tšepahalang oa Mojuda a neng a ka nyaloa ke eena!a O ne a sa latele mehlala e metle e kang oa Abrahama, monna eo ka boikokobetso a ileng a mamela taelo ea Molimo ea hore a mamele Sara, mosali oa hae. (Gen. 21:12) Morena eo o ne a sa tsebe hakaalo kapa ho hang a sa tsebe letho ka Molimo oa Esthere, Jehova, hammoho le Molao oa Hae. Leha ho le joalo, Assueruse o ne a tseba molao oa Persia, haesita le molao o neng o akarelletsa o thibelang eona ntho eo Esthere a neng a le mothating oa ho e etsa. Ntho eo e ne e le eng? Molao o ne o re motho leha e le ofe ea ka hlahang ka pel’a morena oa Persia a sa mo bitsa o ne a lokeloa ke lefu. Esthere o ne a sa bitsoa, empa o ile a ea ho morena ho ntse ho le joalo. Ha a atamela lebaleng le ka hare moo morena a neng a ka ’mona a ntse a le teroneng ea hae, e ka ’na eaba o ile a ikutloa eka o ikisa lehanong la tau.—Bala Esthere 4:11; 5:1.

      3 Ke hobane’ng ha a ile a ipeha kotsing joalo? Hona re ka ithuta eng ka tumelo ea mosali eo ea babatsehang? Pele ho tsohle, a re ke re bone hore na ho tlile joang hore Esthere a be boemong bona bo sa tloaelehang ba ho ba mofumahali oa Persia.

      Kamoo Esthere a Hōtseng Kateng

      4. Esthere o hōtse joang, hona ho tlile joang hore a lule le motsoal’ae Mordekai?

      4 Esthere e ne e le khutsana. Ha re tsebe hakaalo ka batsoali ba hae ba ileng ba mo reha Hadasa, e leng lentsoe la Seheberu le bolelang “myrtle,” sehlahla se bang le lithunthung tse ntle tse tšoeu. Ha batsoali ba Esthere ba hlokahala, e mong oa beng ka eena, e leng monna ea mosa ea bitsoang Mordekai, o ile a mo hlokomela. E ne e le motsoal’ae, empa Mordekai o ne a le moholo haholo ho eena. O ile a lula le Esthere ha hae ’me a mo nka joaloka morali oa hae.—Esth. 2:5-7, 15.

      Esthere o fa Mordekai lijo ntlong ea hae

      Mordekai o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho ba motlotlo ka morali oa hae eo a mo hōlisitseng

      5, 6. (a) Mordekai o hōlisitse Esthere joang? (b) Esthere le Mordekai ba ne ba phela bophelo bo joang Shushane?

      5 Mordekai le Esthere e ne e le baholehuoa ba Bajuda ba lulang motse-moholo oa Persia ’me e ka ’na eaba ba ne ba khesoa ka lebaka la bolumeli ba bona le Molao oo ba neng ba o latela. Empa ho hlakile hore Esthere o ile a ba haufi-ufi le motsoal’ae ha a ntse a mo ruta ka Jehova, Molimo ea mohau ea ileng a pholosa batho ba Hae mathateng ka makhetlo a mangata nakong e fetileng—ea neng a tla boela a etse joalo. (Lev. 26:44, 45) Ho hlakile hore Esthere le Mordekai ba ne ba momahane ba bile ba ratana haholo.

      6 Ho bonahala Mordekai a ne a sebetsa joaloka molaoli qhobosheaneng e Shushane, kamehla a lula hekeng le bahlanka ba bang ba morena. (Esth. 2:19, 21; 3:3) Ha re tsebe hore na Esthere o ne a etsa’ng ha a ntse a hōla, le hoja ho bonahala eka re tla be re sa fose ha re re o ne a hlokomela motsoal’ae ea neng a se a hōlile a bile a hlokomela le lehae, leo e ka ’nang eaba le ne le le sebakeng seo ho ahileng mafutsana ka mose ho nōka ha u le qhobosheaneng. Mohlomong o ne a thabela ho ea ’marakeng Shushane, moo litei tsa khauta le tsa silevera, hammoho le bahoebi ba bang ba neng ba rekisa thepa ea bona. Ha ho mohla Esthere a kileng a nahana hore ka le leng mabothobotho a joalo e tla ba bophelo ba letsatsi le letsatsi ho eena; o ne a sa tsebe hore na bokamoso bo mo tšoaretse eng.

      O ne a le “Ponahalo e Ntle”

      7. Ke hobane’ng ha Vashti a ile a tlosoa bofumahaling, hona ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?

      7 Ka letsatsi le leng, Shushane, ho ile ha tlala menyenyetsi ea hore litaba li senyehile ntlong ea morena. Moketeng o mong o moholo oo ho oona Assueruse a neng a thentha bahlomphehi ba hae ka limenyemenye le veine, o ile a bitsa mofumahali oa hae e motle, Vashti, ea neng a ntse a e-ja le basali ba bang sebakeng sesele. Empa Vashti o ile a hana ho tla. Morena o ile a ikutloa a theotsoe seriti ’me a tlala bohale, eaba o botsa baeletsi ba hae hore na Vashti a fuoe kotlo efe. Phello e bile efe? O ile a tlosoa bofumahaling. Bahlanka ba morena ba ile ba qala ho batla baroetsana ba batle naheng eohle; har’a bona morena o ne a tla khetha mofumahali e mocha.—Esth. 1:1–2:4.

      8. (a) Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Mordekai o ile a tšoenyeha ka Esthere ha a ntse a hōla? (b) U nahana hore tsela eo Bibele e hlalosang botle ka eona e ka re thusa joang hore re be le pono e leka-lekaneng ka botle? (Sheba le Liproverbia 31:30.)

      8 Re ka inahanela feela ha nako le nako Mordekai joaloka ntate ea lerato a ntse a sheba Esthere ’me a lemoha hore motsoala enoa oa hae e monyenyane o hōlile ’me o ntse a e-ba motle haholo, e leng se neng se etsa hore a be motlotlo le hoja ka nako e tšoanang a tšoenyeha haholo ka eena. Re bala ho re: “Mosali enoa e mocha o ne a le sebōpeho se setle ’me a le ponahalo e ntle.” (Esth. 2:7) Bibele e bontša hore ponahalo e ntle ea khahlisa, empa e lokela ho tsamaisana le bohlale le boikokobetso. Ho seng joalo, e ka etsa hore motho a ikakase, a inkele holimo ’me a be le litšobotsi tse ling tse sa thabiseng. (Bala Liproverbia 11:22.) Na u hlokometse hore seo ke ’nete? Tabeng ea Esthere, ebe botle ba hae bo ne bo tla mo tsoela molemo kapa bo ne bo tla etsa hore a ikakase? Ho se ho tla bonahala ha ’mela o ntse o puta.

      9. (a) Ho ile ha etsahala’ng ha bahlanka ba morena ba bona Esthere, hona ke hobane’ng ha e tlameha ebe ho ile ha e-ba thata hore a arohane le Mordekai? (b) Ke hobane’ng ha Mordekai a ile a lumella Esthere ho nyalana le mohetene? (Sheba lebokose.)

      9 Bahlanka ba morena ba ile ba bona Esthere. Ba ile ba mo nka ho Mordekai ha ba ntse ba bokella banana ba batle, eaba ba mo isa ntlong e ntlehali ea borena, ka mose ho nōka. (Esth. 2:8) E tlameha ebe ba ile ba utloa bohloko haholo ha ba arohana, etsoe e ne e se eka ke ntate le morali. Mordekai o ne a ke ke a rata ha morali enoa oa hae eo a mo hōlisitseng a ka nyaloa ke motho ea sa lumelang, esita le haeba e le morena, empa ho ne ho se seo a ka se etsang.b E tlameha ebe Esthere o ile a mamela Mordekai ka hloko ha a mo laea pele a tsamaea! Kelellong ea hae ho ne ho luma lipotso tse ngata ha a ea a lebile qhobosheaneng ea Shushane. Ebe o ne a tla phela bophelo ba mofuta ofe moo?

      O Ile a Fumana Kamohelo “Mahlong a e Mong le e Mong ea mo Bonang”

      10, 11. (a) E ka ’na eaba bophelo bo bocha boo Esthere a neng a bo phela, bo ile ba mo ama joang? (b) Mordekai o ile a bontša joang hore o amehile ka Esthere?

      10 Esthere o ile a iphumana a phela bophelo bo bong boo a neng a sa bo tsebe a bile a sa bo tloaela. O ne a le har’a “basali ba bangata ba bacha” ba neng ba bokeletsoe likarolong tsohle tsa ’Muso oa Persia. E tlameha ebe ba ne ba fapane haholo ka litloaelo, puo hammoho le mekhoa. Ba hlokometsoe ke molaoli ea bitsoang Hegai, baroetsana bao ba ne ba lokela ho etsoa hore ba be batle ’me seo se ne se akarelletsa ho sililoa ka lioli tse nkhang hamonate selemo ho pota. (Esth. 2:8, 12) Boemo bo joalo le tsela e joalo ea bophelo e ne e ka etsa hore habonolo feela baroetsana bao ba qale ho ameha ka ho feteletseng ka ponahalo ea bona, ba be ba tlale boikakaso le moea oa tlhōlisano. Esthere o ile a ameha joang?

      11 Ha ho na motho ea neng a amehile ka Esthere ho feta Mordekai. Re bala hore letsatsi le letsatsi, o ne a tsamaella haufi le ntlo ea basali ka hohle kamoo a ka khonang e le hore a tsebe hore na Esthere o ntse a e-ea joang. (Esth. 2:11) Ha a ntse a utloa mona le mane ka Esthere—mohlomong ka thuso ea bahlanka ba sebetsang ka tlung eo—e tlameha ebe o ne a e-ba motlotlo haholo joaloka ntate. Hobane’ng?

      12, 13. (a) Batho ba neng ba e-na le Esthere ba ne ba mo talima joang? (b) Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Mordekai o ile a thaba hore ebe Esthere ha aa ka a ipolela hore ke Mojuda?

      12 Esthere o ile a khahla Hegai hoo a ileng a mo tšoara ka mosa haholo, a mo fa makhabunyane a supileng ’me a mo beha sebakeng se setle ka ho fetisisa ntlong ea basali. Tlaleho eo e boetse e re: “Ka nako ena eohle Esthere o ne a fumana kamohelo ka ho tsoelang pele mahlong a e mong le e mong ea mo bonang.” (Esth. 2:9, 15) Na e ne e le botle ba hae feela bo neng bo khahlile motho e mong le e mong hakaalo? Che, Esthere o ne a e-na le litšobotsi tse ntle ho feta feela ponahalo ea hae.

      Esthere o shebile pōpo ha baroetsana ba bang ba ntse ba ikhabisa

      Esthere o ne a tseba hore boikokobetso le bohlale ke tsa bohlokoa ho feta ponahalo ea ka ntle

      13 Ka mohlala, re bala ho re: “Esthere o ne a e-s’o bolele ka batho ba habo kapa ka beng ka eena, etsoe Mordekai o ne a mo laetse hore a se ke a bolela.” (Esth. 2:10) Mordekai o ne a laetse ngoanana eo hore a be hlokolosi ka taba ea hore ke Mojuda; ha ho pelaelo hore o ne a lemohile hore sechaba sa habo se ne se khetholloa haholo ke ba boreneng Persia. O ile a thaba hakaakang ha a utloa hore le hoja Esthere a ne a le hōle le eena, o ne a ntse a mamela a bile a bontša bohlale!

      14. Bacha ba ka etsisa Esthere joang kajeno?

      14 Ka ho tšoanang, le kajeno bacha ba ka thabisa batsoali ba bona le batho bao ba ba hōlisang. Ha bacha ba le moo batsoali ba sa ba boneng—esita leha ba le har’a batho ba sa nkeng lintho ka ho teba, ba itšoereng hampe kapa ba khopo—ba ka hana ho susumetsoa hampe ’me ba tšoarella melaong eo ba tsebang hore e nepahetse. Ha ba etsa joalo, feela joaloka Esthere, ba thabisa Ntate oa bona ea leholimong.—Bala Liproverbia 27:11.

      15, 16. (a) Ke eng e ileng ea etsa hore morena a rate Esthere? (b) Ke hobane’ng ha liphetoho tse ileng tsa ba teng bophelong ba Esthere li ile tsa e-ba thata?

      15 Ha nako ea hore Esthere a tlisoe ka pel’a morena e fihla, o ile a fuoa monyetla oa ho khetha lintho leha e le life tseo a nahanang hore o tla li hloka, mohlomong e le hore a iketse botle le ho feta. Leha ho le joalo, ka boikokobetso ha aa ka a kōpa letho ntle ho lintho tseo Hegai a mo boleletseng ka tsona. (Esth. 2:15) Mohlomong o ile a lemoha hore botle ka bobona bo ne bo ke ke ba hapa pelo ea morena; empa o ne a ka khahloa ke boikokobetso le ho inyenyefatsa, e leng litšobotsi tse neng li sa tloaeleha ntlong eo ea borena. Na o ne a nepile?

      16 Tlaleho e re: “Morena a rata Esthere ho feta basali ba bang bohle, hoo a ileng a fumana kamohelo e eketsehileng le mosa o lerato ka pel’a hae ho feta baroetsana ba bang bohle. A mo roesa moqhaka ’me a mo etsa mofumahali ho e-na le Vashti.” (Esth. 2:17) E tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore ngoanana enoa oa Mojuda ea ikokobelitseng a tloaele phetoho ena e etsahalang bophelong ba hae—e ne e se e le eena mofumahali e mocha, mosali oa morena ea matla ka ho fetisisa lefatšeng mehleng eo! Na boemo ba hae bo bocha bo ile ba mo mathela hloohong, a qala ho ikhohomosa? Le hanyenyane!

      17. (a) Esthere o ile a lula a mamela ntate ea mo hōlisitseng joang? (b) Ke hobane’ng ha mohlala oa Esthere e le oa bohlokoa ho rōna kajeno?

      17 Esthere o ile a lula a mamela ntate ea mo hōlisitseng, Mordekai. O ile a pata hore ke Mojuda. Ho feta moo, ha Mordekai a pepesa ’momori oa ho bolaea Assueruse, Esthere o ile a mamela eaba o lemosa morena, eaba ’momori oo oa nyopa. (Esth. 2:20-23) O ne a ntse a bontša tumelo ho Molimo oa hae ka ho bontša boikokobetso le ho mamela. Kajeno, ke habohlokoa ho latela mohlala oa Esthere kaha batho ba bangata ha ba nke ho mamela e le ntho ea bohlokoa, ho e-na le hoo ba bontša borabele. Empa batho ba nang le tumelo ea sebele ba nka ho mamela e le habohlokoa, feela joaloka Esthere.

      Tumelo ea Esthere ea Lekoa

      18. (a) E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Mordekai a ile a hana ho inamela Hamane? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Kajeno, ke joang banna le basali ba bontšang tumelo ba etsisang mohlala oa Mordekai?

      18 Monna ea bitsoang Hamane o ile a behoa boemong bo phahameng ntlong ea borena ea Assueruse. Morena o ile a etsa Hamane tona-khōlō, ea e-ba eena moeletsi ea ka sehloohong le letsoho la morena. Morena o ile a ba a ntša taelo ea hore ha batho bohle ba bona letona lena la hae, ba lokela ho le inamela. (Esth. 3:1-4) Molao oo e ne e le bothata ho Mordekai. O ne a lumela hore o lokela ho mamela morena empa eseng ho feta ho hlompha Molimo. Ha e le hantle, Hamane e ne e le Moagage. Seo se bolela hore e ne e le setloholo sa Agage, morena oa Baamaleke ea ileng a bolaoa ke moprofeta oa Molimo, Samuele. (1 Sam. 15:33) Baamaleke ba ne ba le khopo hoo ba ileng ba iketsa lira tsa Jehova le tsa Baiseraele. Molimo o ne a sa amohele sechaba sa Baamaleke.c (Deut. 25:19) Joale, ke joang Mojuda ea tšepahalang a neng a ka inamela Moamaleke? Mordekai o ne a ke ke a etsa joalo. O ile a ema a tiile ho seo a se lumelang. Ho fihlela lena le holimo, banna le basali ba bontšang tumelo ba ’nile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba mamele molao-motheo ona: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Lik. 5:29.

      19. Hamane o ne a batla ho etsa’ng, hona o ile a susumetsa morena joang?

      19 Hamane o ile a tuka ke bohale. Empa o ile a bona ho sa lekana hore a fumane tsela ea ho bolaea Mordekai feela. O ne a batla ho timetsa sechaba sa habo Mordekai kaofela! Hamane o ile a bua le morena, a senya Bajuda lebitso. Le hoja a ne a sa ba bolele ka mabitso, o ile a fana ka maikutlo a hore ke batho ba se nang thuso ea letho, “ba hasaneng le ba arohileng ho lichaba” tse ling. Ho hobe le ho feta ke hore o ile a re ba ne ba sa mamele melao ea morena; ka hona, e ne e le marabele a kotsi. O ile a re o tla fana ka chelete e ngata letlōleng la morena e le hore e koahele litšenyehelo tsohle tsa ho bolaea Bajuda kaofela ba tlas’a ’muso oo.d Assueruse o ile a fa Hamane lesale la hae la tiiso e le hore a tiise taelo leha e le efe eo a batlang hore e phethoe.—Esth. 3:5-10.

      20, 21. (a) Phatlalatso ea Hamane e ile ea ama Bajuda ba phelang ’Musong oohle oa Persia joang, ho akarelletsa le Mordekai? (b) Mordekai o ile a kōpa Esthere hore a etse’ng?

      20 Kapele-pele feela, manģosa a ile a jahella libakeng tsohle tsa ’muso oo o moholo ka lipere, a isa molaetsa oa polao ho Bajuda. Nahana feela hore na ho ile ha etsahala’ng ha litaba tseo li fihla hōle Jerusalema, moo masala a Bajuda a neng a sa tsoa khutla botlamuoeng Babylona a neng a hoehla ka thata ho tsosolosa motse o neng o ntse o se na marako a o sirelelitseng. Mohlomong Mordekai o ile a nahana ka bona le ka metsoalle ea hae le beng ka eena ba lulang Shushane, ha a utloa litaba tsena tse bohloko. A tsielehile, o ile a hahola liaparo tsa hae, a apara lesela la mokotla, a itšela ka molora hloohong eaba o hlaba seboko habohloko a le bohareng ba motse. Leha ho le joalo, Hamane eena o ne a lutse le morena a ntse a inoella, ho eena ho sa re le hore teke! ka lebaka la mesarelo eo a e baketseng Bajuda ba bangata le metsoalle ea bona e Shushane.—Bala Esthere 3:12–4:1.

      21 Mordekai o ne a tseba hore o lokela ho etsa ho hong ka taba eo. Empa o ne a ka etsa’ng? Esthere o ile a utloela ka mahlomola a hae eaba o mo romella liaparo, empa Mordekai ha aa ka a tšeliseha. Mohlomong e ne e se e le nako joale a ntse a ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo oa hae, Jehova, a lumeletse hore Esthere eo a mo ratang a nkoe ho eena ebe o etsoa mofumahali oa morena oa mohetene. Joale ho bonahala lebaka la seo le tla hlahella. Mordekai o ile a romella mofumahali molaetsa, a kōpa Esthere hore a buisane le morena, a buelle “batho ba habo.”—Esth. 4:4-8.

      22. Ke hobane’ng ha Esthere a ne a tšaba ho hlaha ka pel’a morena, e leng monna oa hae? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      22 E tlameha ebe Esthere o ile a ikutloa a sehoa ke mala ha a utloa molaetsa oo. Ena e ne e le teko e khōlō ka ho fetisisa ea tumelo ea hae. O ne a tšaba, joalokaha ho bonahala karabong eo a ileng a e fa Mordekai. O ile a mo hopotsa ka molao oa morena. Motho ea hlahang ka pel’a morena a sa mo bitsa o ne a ka bolaoa. O ne a ka pholoha feela haeba morena a ka mo nanabeletsa lere la borena la khauta. Na Esthere o ne a ka lebella hore a hauheloe joalo, haholo-holo ka mor’a se neng se sa tsoa etsahalla Vashti ha a ne a hana ho hlaha ha morena a mo bitsa? O ile a bolella Mordekai hore ho se ho fetile matsatsi a 30 morena a sa mo bitse! Seo se ne se ka etsa hore a nahane hore kaha morena o ne a mo hlokomolohile joalo, mohlomong morena o se a fetotse maikutlo ka eena.e—Esth. 4:9-11.

      23. (a) Mordekai o ile a re’ng e ileng ea etsa hore tumelo ea Esthere e matlafale? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa mohlala oa Mordekai?

      23 Mordekai o ile a araba ka sebete ho matlafatsa tumelo ea Esthere. O ile a mo tiisetsa hore haeba a hlōleha ho ba buella, topollo ea Bajuda e tla hlaha sebakeng se seng. Ruri Esthere o ne a ke ke a lebella hore a pholosoe ha mahloriso a ntse a e-hloa mekoalaba. Tabeng ena Mordekai o ile a bontša hore o tšepa Jehova ka hohle, kaha Jehova o ne a ke ke a lumella batho ba Hae hore ba felisoe ka ho feletseng ’me o ne a tla lula a phethahatsa litšepiso tsa Hae. (Josh. 23:14) Joale Mordekai o ile a botsa Esthere: “Ke mang ea tsebang ebang ke bakeng sa nako e kang ena u fihletseng boholo bo hlomphehang ba bofumahali?” (Esth. 4:12-14) Ka sebele Mordekai o re behetse mohlala oo re ka o latelang. O ne a tšepa Molimo oa hae, Jehova, ka ho feletseng. Na le rōna re mo tšepa ka ho feletseng?—Liprov. 3:5, 6.

      Tumelo ea Hae e ne e le Matla ho Feta ho Tšaba Lefu

      24. Esthere o ile a bontša tumelo le sebete joang?

      24 Motsotso oa hore Esthere a etse qeto, o ne o fihlile. O ile a re Mordekai a tsebise banna ba habo hore ba mo tšehetse tabeng ea ho itima lijo ka matsatsi a mararo, a ba a phethela molaetsa oa hae ka mantsoe ana a ntseng a hopoloa ho tla fihlela lena le holimo, a bontšang tumelo le sebete: “Haeba ke timela, ke tla timela.” (Esth. 4:15-17) E tlameha ebe ka matsatsi ao a mararo o ile a rapela ka tieo ho feta leha e le neng pele bophelong ba hae. Leha ho le joalo, motsotso oo o ile oa qetella o fihlile. O ile a apara ka tsela e ntle ka ho fetisisa ea bofumahali, a etsa sohle seo a ka se khonang ho hapa maikutlo a morena. Eaba o leba teng.

      Esthere o kena ntlong ea borena ea Morena Assueruse a apere ka tsela e ntle ka ho fetisisa ea bofumahali

      Esthere o ile a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a sireletse batho ba Molimo

      25. Hlalosa se ileng sa etsahala ha Esthere a hlaha ka pel’a monna oa hae.

      25 Joalokaha ho hlalositsoe qalong ea sehlooho sena, Esthere o ile a leba lebaleng la ntlo ea borena. U se u ka inahanela kamoo a neng a tšohile kateng, a bile a rapela a sa qete. O ile a kena lebaleng la ntlo ea borena moo a neng a ka khona ho bona Assueruse a lutse teroneng ea hae. Mohlomong o ne a leka le ho bala litaba sefahlehong sa morena—se neng se koahetsoe ke litelu tse kutiloeng ka ho lekana ka mahlakoreng ’ohle le moriri oa hae o molelele o ikharileng ka makhethe o kanngoeng hantle. Haeba o ile a tlameha ho leta, e ka ’na eaba o ne a utloa eka o se a letile lihora-hora. Empa nako e ile ea feta, eaba monna oa hae oa mo bona. Ha ho pelaelo hore o ne a maketse, empa ha aa ka a bonahala a halefile. O ile a mo nanabeletsa lere la hae la khauta!—Esth. 5:1, 2.

      26. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba hloka sebete se tšoanang le sa Esthere, hona ke hobane’ng ha thota e ne e sa namme ka pel’a hae?

      26 Joale morena o ne a amohetse Esthere ’me a ikemiselitse ho mo mamela. Esthere o ile a tšepahala ho Molimo oa hae ’me a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a sireletse batho ba habo, ka ho etsa joalo o ile a behela bahlanka bohle ba Molimo mohlala o motle ho tla fihlela le mehleng ena. Kajeno Bakreste ba ’nete ba nka mehlala e joalo e le ea bohlokoa. Jesu o ile a re balateli ba hae ba ’nete ba ne ba tla tsebahala ka lerato la bona la boitelo. (Bala Johanne 13:34, 35.) E le hore re bontše lerato le joalo re lokela ho ba sebete joaloka Esthere. Empa esita le ka mor’a hore Esthere a emele batho ba Molimo letsatsing leo, thota e ne e sa namme ka pel’a hae. Ke joang a neng a ka kholisa morena hore moeletsi oa hae eo a mo ratang, Hamane, e ne e le nta ea selomela kobong? O ne a tla etsa’ng ho pholosa batho ba habo? Re tla tšohla lipotso tsena khaolong e latelang.

      a Batho ba bangata ba lumela hore Assueruse ke Xerxese I, ea ileng a busa ’Musong oa Persia maqalong a lekholo la bohlano la lilemo B.C.E.

      b Sheba lebokose le reng “Lipotso ka Buka ea Esthere,” Khaolong ea 16.

      c Ho ka etsahala hore ebe Hamane e ne e le e mong oa Baamaleke ba ho qetela kaha “masala” a bona a ile a timetsoa khale mehleng ea Morena Ezekiase.—1 Likron. 4:43.

      d Hamane o ile a fana ka litalenta tse 10 000 tsa silevera, e leng chelete e lekanang le liranta tse limilione tse makholo kajeno. Haeba Assueruse e ne e le eena Xerxese I, chelete eo ea Hamane e tlameha e ile ea mo hohela. Xerxese o ne a lahlehetsoe ke chelete e ngata ntoeng e tšabehang eo a neng a bile le eona khahlanong le Greece.

      e Xerxese I o ne a tsebahala ka hore ke motho ea feto-fetohang le ea mabifi. Rahistori oa Mogerike, Herodotus, o ile a ngola ka mehlala e itseng ea lintoa tseo Xerxese a ileng a li loana le Greece. Morena o ile a fana ka taelo ea hore ho hahuoe borokho bo tšehelitsoeng ke likepe mochophorong oa Hellespont. Ha sefefo se senya borokho boo, Xerxese o ile a laela hore lienjiniere li khaoloe lihlooho a ba a etsa hore banna ba hae ba fe Hellespont “kotlo” ka ho shapa metsi ha a ntse a rohakoa ka lentsoe le phahameng. Nakong ea lintoa tsona tseo, ha monna e mong ea ruileng a kōpa hore mora oa hae a se ke a kenngoa lebothong, Xerxese o ile a re mora eo a khaoloe likoto tse peli ’me ’mele oa hae o behoe pooaneng e le temoso.

      SEO U KA NAHANANG KA SONA . . .

      • Esthere o ile a bontša joang hore o ne a mamela ebile a ikokobelitse?

      • Mordekai o ile a thusa Esthere joang hore a lule a tšepahala?

      • Esthere o ile a etsa’ng ho bontša hore o ne a le sebete?

      • U ka rata ho bontša tumelo e tšoanang le ea Esthere ka litsela life?

  • O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • Mofumahali Esthere

      KHAOLO EA LESHOME LE METSO E TŠELETSENG

      O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse

      1-3. (a) Esthere o ne a ikutloa joang ha a ntse a atamela terone ea monna oa hae? (b) Morena o ile a etsa’ng ha a bona Esthere?

      ESTHERE o ile atamela terone a tsamaea butle, pelo ea hae e otla ka matla. Nahana feela hang ha ho thōla ho re tu! phaposing ea borena ea Persia e Shushane, ho khutsa hoo Esthere a neng a ka utloa liqi tse tšesaane tsa maoto a hae le ho hoashatsa ha seaparo sa hae sa bofumahali se nang le moleka o neng o ntse o hulana fatše. Ha aa ka a lumella hore kelello ea hae e khelosoe ke botle bo hlollang ba lebala la boreneng, litšiea tsa lona tse hapang mahlo le siling ea lifate tsa kedare tse betliloeng ka makhethe tse tsoang naheng e hōle ea Lebanone. O ile a tsepamisa mahlo a hae ho monna ea lutseng teroneng, monna eo bophelo ba hae bo neng bo le mohaung oa hae.

      2 Morena o ile a mo sheba ka hloko ha a ntse a atamela, eaba o mo nanabeletsa lere la hae la borena la khauta. E ne e le ketso e bonolo, empa e ile ea pholosa bophelo ba Esthere, kaha ha morena a etsa joalo o ne a bontša hore o mo tšoaretse tlōlo ea molao eo a e entseng—ea ho hlaha ka pel’a morena a sa mo bitsa. Ha Esthere a atamela teroneng, o ile a nanabetsa letsoho a tšoara ntlha ea lere la borena, o ne a thabetse mohau oo a o bontšitsoeng.—Esth. 5:1, 2.

      Mofumahali Esthere o atamela terone ea Morena Assueruse ha a otlolla lere la hae la khauta

      Ka boikokobetso Esthere o ile a ananela mohau oa morena

      3 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho Morena Assueruse e ne e bontša feela hore ke motho ea hafang ka nkatana le ea matla. Litsebi li bontša hore seaparo sa morena oa Persia mehleng eo se ne se ka ja liranta tse limilione tse makholo. Leha ho le joalo, Esthere o ne a bona mofuthu sefahlehong sa monna oa hae; monna eo o ne a e-na le tsela ea hae e ikhethang ea ho bontša hore o rata mosali oa hae. O ile a re: “U na le eng, Mofumahali Esthere, ’me ke eng seo u se kōpang? Ho fihlela halofong ea borena—u ke u se fuoe!”—Esth. 5:3.

      4. Esthere o ne a tobane le mathata afe?

      4 Esthere o se a ntse a bontšitse hore o na le tumelo e tsotehang le sebete; o tlile ka pel’a morena ho tla sireletsa batho ba habo ’momoring oa ho ba felisa larita. Ho tla fihlela joale, o ne a atlehile, empa e ne e sa le qalo feela. O ne a lokela ho kholisa morena enoa oa moikakasi hore moeletsi oa hae eo a mo tšepang ka ho fetisisa, ke motho ea khopo ea mo qhekeletseng hore a ahlolele batho ba habo Esthere lefu. O ne a tla etsa joang hore a lumele, hona re ka ithuta’ng tumelong ea Esthere?

      O Ile a Khetha “Nako ea ho Bua” ka Bohlale

      5, 6. (a) Esthere o ile a sebelisa molao-motheo o fumanoang ho Moeklesia 3:1, 7 joang? (b) Tsela eo Esthere a ileng a bua le monna oa hae ka eona e ile ea bontša joang hore o bohlale?

      5 Na Esthere o ne a ka phunya seso feela ka pel’a lekhotla lohle? Ho etsa joalo ho ne ho ka ’na ha theola morena seriti ha ba ha fa Hamane, moeletsi oa morena, monyetla oa ho hanyetsa qoso eo. Ebe joale Esthere o ile a etsa’ng? Lilemo tse makholo pele ho moo, Morena Solomone ea bohlale o ile a susumetsoa hore a ngole tjena: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moek. 3:1, 7) Re ka ’na ra nahana ka ntate ea tšepahalang ea hōlisitseng Esthere, e leng Mordekai, a ruta moroetsana enoa melao-motheo e kang eo, ha a ntse a mo hlokometse. Ha ho pelaelo hore Esthere o ne a utloisisa kamoo ho leng bohlokoa kateng hore a khethe “nako ea ho bua” ka hloko.

      6 Esthere o ile a re: “Haeba ho morena ho bonahala ho le molemo, morena a ke a tle kajeno le Hamane moketeng oo ke mo etselitseng oona.” (Esth. 5:4) Morena o ile a lumela ’me a laela hore Hamane a tle. Na u hlokomela kamoo Esthere a ileng a bua ka bohlale kateng? O ile a siela monna oa hae seriti eaba o khetha nako le sebaka se loketseng e le hore a mo bolelle se mo jang.—Bala Liproverbia 10:19.

      7, 8. Mokete oa pele oa Esthere o ile oa e-ba joang, hona ke hobane’ng ha a sa ka a bua le morena li sa tloha feela?

      7 Ha ho potang hore Esthere o ne a le hlokolosi ha a lokisetsa mokete oo, a lokisa lijo ka tsela eo monna oa hae a neng a tla li rata ka eona. Moketeng ho ne ho e-na le veine e monate e etsang hore batho ba thabe. (Pes. 104:15) Assueruse o ile a thaba hoo a ileng a susumelletseha hore a botse Esthere hape hore na ebe kōpo ea hae e matla ke efe. Na ee e ne e le eona nako ea ho bua?

      8 Esthere ha aa ka a nahana joalo. Ho e-na le hoo, o ile a boela a kōpa morena le Hamane hore ba tle hape moketeng letsatsing le hlahlamang. (Esth. 5:7, 8) Hobane’ng a ne a ntse a senya nako? U hopole hore, batho bohle ba habo Esthere ba ne ba tobane le lefu ka taelo ea morena. Ka lebaka la batho ba bangata hakana ba neng ba tlil’o shoa, Esthere o ne a lokela ho kholiseha hantle hore o bua ka nako e loketseng. Kahoo o ile a leta, a lokisetsa nako e ’ngoe hape ea hore a bontše kamoo a hlomphang monna oa hae kateng.

      9. Ho bontša mamello ke habohlokoa hakae, hona re ka etsisa mohlala oa Esthere joang tabeng ee?

      9 Mamello ke tšobotsi e ikhethang e fumanehang seoelo. Le hoja Esthere a ne a tšoenyehile a bile a labalabela ho ntša se ka sefubeng sa hae, o ile a letela motsotso o nepahetseng a sa fele pelo. Re ka ithuta ho hongata mohlaleng oa hae, kaha e ka ’na eaba kaofela ha rōna re bona liphoso tse lokelang ho lokisoa. Haeba re batla ho kholisa e mong oa ba boholong hore ho na le bothata bo hlokang ho lokisoa, ho ka ’na ha hlokahala hore re etsise Esthere ’me re se fele pelo. Liproverbia 25:15, e re: “Molaoli o susumetsoa ka ho se fele pelo, ’me leleme le bonolo le ka roba lesapo.” Haeba joalokaha Esthere a entse, re letela nako e nepahetseng re sa fele pelo, re bile re bua ka bonolo, esita le khanyetso e thata joaloka lesapo e ka robeha. Na Molimo oa Esthere, Jehova, o ile a mo hlohonolofatsa ka lebaka la ho bontša mamello le bohlale?

      Mamello e Betlela Toka Tsela

      10, 11. Ke hobane’ng ha Hamane a ile a halefa ha a e-tsoa moketeng oa pele, hona mosali oa hae le metsoalle ea hae e ile ea mo khothalletsa hore a etse’ng?

      10 Mamello ea Esthere e ile ea betlela lethathamo la liketsahalo tse tsotehang tsela. Hamane o ile a tloha moketeng oa pele a thabile haholo, “a thabile ’me a nyakaletse pelong” hore ebe morena le mofumahali ba mo amohetse hantle hakana. Leha ho le joalo, eitse ha a tsoa ka keiti ea qhobosheane, a bona Mordekai, Mojuda eane ea ntseng a hana ho mo fa tlotla e khethehileng. Joalokaha re bone khaolong e fetileng, Mordekai o ne a sa etse joalo hobane a sa mo hlomphe, empa o ne a etsa joalo ka lebaka la letsoalo la hae le kamano eo a nang le eona le Jehova Molimo. Leha ho le joalo, “kapele-pele Hamane a tlala khalefo.”—Esth. 5:9.

      11 Ha Hamane a bolella mosali oa hae le metsoalle ea hae ka Mordekai, ba ile ba mo khothalletsa hore a etse palo e telele, e bophahamo ba limithara tse fetang tse 22, ebe o kōpa tumello ea morena hore a fanyehe Mordekai ho eona. Hamane o ile a rata tlhahiso eo ea bona eaba hang-hang o oela khabong.—Esth. 5:12-14.

      12. Ke hobane’ng ha morena a ile a laela hore a balloe buka ea litlaleho tsa ’Muso, hona o ile a utloa eng ha e ntse e baloa?

      12 Nakong eona eo, morena o ile a ba le bosiu bo sa tloaelehang. Bibele e re “boroko ba morena ba fela,” eaba o re a balloe buka ea litlaleho tsa ’Muso. Karolo e ’ngoe eo a ileng a e balloa e ne e e-na le tlaleho ea ’momori oa hore a bolaoe. O ile a hopola taba eo; batho ba neng ba rerile ho ’molaea ba ile ba tšoaroa eaba baa bolaoa. Leha ho le joalo, monna ea ileng a utolla ’momori oo, e leng Mordekai, o ile a etsetsoa’ng? Hang ha morena a hlokomela seo, o ile a botsa hore na Mordekai o ile a putsoa ka eng. Karabo e ile ea e-ba efe? Ha aa ka a etsetsoa letho.—Bala Esthere 6:1-3.

      13, 14. (a) Litaba tsa Hamane li ile tsa qala ho senyeha joang? (b) Mosali oa Hamane le metsoalle ea hae e ile ea re’ng ho eena?

      13 A ferekantsoe ke seo, morena o ile a botsa hore na ke balaoli bafe ba lekhotla ba neng ba le teng ba ka mo thusang hore a lokise phoso eo. Har’a batho bohle bao u ka ba nahanang, Hamane ke eena ea neng a se a le lebaleng la borena—ho bonahala a tsohelletse moo ka matjeke kaha o ne a lakatsa hore taba ea ho bolaoa ha Mordekai e chaeloe monoana. Empa le pele a ka etsa kōpo ea hae, morena o ile a botsa Hamane hore na monna ea khahlileng morena a ka fuoa tlhompho e joang. Hamane o ile a nahana hore morena o bua ka eena. Kahoo a re monna eo o lokela ho fuoa tlotla e khōlō ka ho fetisisa: A apesoe seaparo sa borena, ebe balaoli ba phahameng ba mo etsetsa mokoloko o potolohang Shushane a palame pere ea morena, ba ntse ba mo roka ba hoelelitse hore bohle ba utloe. Nahana feela hore na Hamane o ile a soaba hakaakang ha a utloa hore monna ea neng a tlil’o fuoa tlhompho ke Mordekai! Joale morena o ile a khetha mang hore a roke Mordekai? Hamane!—Esth. 6:4-10.

      14 A tenehile, Hamane o ile a phetha mosebetsi oo a neng a o nyonya ka pelo ea hae eohle, eaba o mathela hae a utloile bohloko. Mosali oa hae le metsoalle ea hae ba ile ba re, joang kapa joang, ho tlil’o etsahala se sebe; o ne a le mothating oa ho hlōloa ntoeng ea hae le Mordekai oa Mojuda.—Esth. 6:12, 13.

      15. (a) Ho ba le mamello ha Esthere ho ile ha mo thusa ka eng? (b) Ke hobane’ng ha ho le bohlale hore re ‘lete’?

      15 Kaha Esthere ha aa ka a fela pelo, empa o ile a leta letsatsi le leng hape e le hore a bolelle morena kōpo ea hae, Hamane o ile a fuoa monyetla oa hore a ichekele lebitla la hae. Na ekaba e ne e se Jehova Molimo ka boeena ea neng a entse hore morena a hlobaele bosiu? (Liprov. 21:1) Hase feela Lentsoe la Molimo le re khothalletsang ho ‘leta’! (Bala Mikea 7:7.) Ha re letela Molimo, re ka ’na ra fumana hore tsela eo a rarollang mathata a rōna ka eona e feta hōle eo e ka ’nang eaba rōna re ne re tla a rarolla ka eona.

      O Ile a Bua ka Sebete

      16, 17. (a) “Nako ea ho bua” ea Esthere e ile ea fihla neng? (b) Esthere o ne a fapane joang le Vashti, e leng mosali oa pele oa morena?

      16 Esthere ha aa ka a leka mamello ea morena le ho feta; moketeng oa hae oa bobeli, o ne a lokela ho mo bolella sohle. Empa o ne a tla mo bolella joang? Kamoo ho bileng kateng, morena o ile a mo fa monyetla oa ho bua, a mo botsa hape hore na kōpo ea hae ke efe. (Esth. 7:2) “Nako ea ho bua” ea Esthere e ne e fihlile.

      17 Re ka inahanela feela ha Esthere a rapela Molimo oa hae ka pelong pele a bua mantsoe ana: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, morena, le haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, e-re ke fuoe moea oa ka ho ea ka kōpo ea ka e matla le batho ba heso ho ea ka seo ke se kōpang.” (Esth. 7:3) Hlokomela hore o ile a tiisetsa morena hore o hlompha qeto eo morena a nkang hore e nepahetse. Esthere o ne a fapane hakaakang le Vashti, mosali oa pele oa morena, eo ka boomo a ileng a tlotlolla monna oa hae! (Esth. 1:10-12) Ho feta moo, Esthere ha aa ka a nyatsa morena ka hore ka booatla o ile a tšepa Hamane. Ho e-na le hoo, o ile a kōpa hore morena a mo sireletse hore a se ke a bolaoa.

      18. Esthere o ile a bolella morena bothata joang?

      18 Ha ho pelaelo hore kōpo eo e ile ea ama morena maikutlo ea ba ea mo makatsa. Ke mang ea sebete hakaalo ea neng a ka bolaea mofumahali oa hae? Esthere o ile a tsoela pele: “Re rekisitsoe, ’na le batho ba heso, hore re felisoe, re bolaoe le ho timetsoa. Joale haeba re ne re rekisitsoe hore re be makhoba feela le ho ba makhabunyane feela, ke ne ke tla khutsa. Empa mahlomola ana ha aa lokela ha morena a senyeheloa.” (Esth. 7:4) Hlokomela hore Esthere o ile a toba taba ha a bua bothata ba hae, leha ho le joalo o ile a tsoela pele ka hore a ka be a thōtse hoja ba ne ba entsoe makhoba feela. Leha ho le joalo, tlhaselo ena ea batho ba habo, e ne e tla etsa hore morena a senyeheloe haholo ha a ne a ka thōla ka eona.

      19. Re ka ithuta’ng ho Esthere ka ho ba le mokhoa o nepahetseng oa ho kholisa motho?

      19 Mohlala oa Esthere o re ruta ho hoholo ka mokhoa o nepahetseng oa ho kholisa motho. Haeba ho hlokahala hore u bolelle motho eo u mo ratang kapa motho ea maemong a phahameng ka bothata bo tebileng, ho se fele pelo, ho hlompha le ho toba taba, ho ka u thusa haholo.—Liprov. 16:21, 23.

      20, 21. (a) Esthere o ile a pepesa morero oa Hamane joang, seo se ile sa etsa hore morena a etse’ng? (b) Hamane o ile a etsa’ng ka mor’a hore a seolloe e le lekoala le mano?

      20 Assueruse o ile a botsa: “Ke mang eo, hona o kae eo ea itetileng sebete ho etsa ka tsela eo?” Ak’u nahane feela Esthere a supa ka monoana, a re: “Monna eo, mohanyetsi le sera, ke Hamane enoa e mobe.” Joale ha litaba li le mothating oo, ho ne ho tla ba joang? Hamane o ile a utloa eka lefatše le ka petsoha a kene. Nahana feela sefahleho sa morena se retela ha a hlokomela hore moeletsi oa hae eo a mo tšepang o mo qhekeletse hore a fane ka tumello ea ho bolaea mosali oa hae ea mo ratang! Morena o ile a tsoela ka ntle serapeng a halefile e le hore a khobe matšoafo.—Esth. 7:5-7.

      Moketeng oa hae oa bobeli, Esthere o bolella Morena Assueruse litaba tsohle ’me ka sebete o supa Hamane

      Esthere o ile a ba sebete ho seolla bokhopo ba Hamane

      21 Joale ka mor’a hore Hamane a seolloe e le lekoala le mano, o ile a itihela maotong a mofumahali. Ha morena a khutlela ka tlung a bona Hamane a le setulong sa Esthere a ntse a kōpa tšoarelo, o ile a halefela Hamane ’me a mo qosa ka hore o ne a batla ho beta mofumahali ka tlung eona eo ea morena. Qoso eo e ne e bolela hore Hamane o tla bolaoa. O ile a ntšoa a koahetsoe sefahleho. E mong oa ba sebetsang lekhotleng o ile a ntša litaba, a bolella morena hore Hamane o ne a entse palo e khōlō eo a neng a e etselitse Mordekai. Eaba Assueruse o laela hore Hamane a hle a fanyehoe ho eona.—Esth. 7:8-10.

      22. Mohlala oa Esthere o re ruta’ng tabeng ea hore le ka mohla re se ke ra nyahama kapa ra felloa tšepo ’me re lule re bontša tumelo?

      22 Lefatšeng lena le se nang toka, ho bonolo ho nahana hore ha ho mohla toka e tla phethoa. Na le uena u kile ua ikutloa joalo? Le ka mohla Esthere ha aa ka a nyahama kapa hona ho felloa ke tšepo ’me o ile a lula a bontša tumelo. Ha nako e fihla, o ile a emela se nepahetseng ka sebete, a tšepile hore Jehova o tla etsa se hlokahalang. Le rōna a re etseng se tšoanang! Jehova ha a e-s’o fetohe esale ho tloha mehleng ea Esthere. O ntse a khona ho tšoara batho ba khopo le ho ba tšoasa ka maqheka a bona, joalokaha a ile a etsa ka Hamane.—Bala Pesaleme ea 7:11-16.

      O Ile a Itella Jehova le Batho ba Hae

      23. (a) Morena o ile a leboha Mordekai le Esthere joang? (b) Boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bolela ha a le makhatheng a lefu ka Benjamine bo ile ba phethahala joang? (Sheba lebokose le reng “Boprofeta bo Phethahetseng.”)

      23 Qetellong, morena o ile a tseba hore na Mordekai ke mang—o ile a tseba hore hase feela motho ea ileng a mo sireletsa ’momoring oa hore a bolaoe empa hape ke ntate ea hōlisitseng Esthere. Assueruse o ile a nka Mordekai a mo beha maemong a Hamane a ho ba tona-khōlō. Morena o ile a fa Esthere ntlo ea Hamane—ho kopanyelletsa le maruo ’ohle a hae—eaba Esthere o e fa Mordekai hore a e hlokomele.—Esth. 8:1, 2.

      24, 25. (a) Ke hobane’ng ha Esthere a ne a ke ke a raha qhebelele ka mor’a hore morero oa Hamane o senoloe? (b) Esthere o ile a etsa’ng e ileng ea beha bophelo ba hae kotsing hape?

      24 Kaha Esthere le Mordekai ba ne ba se ba pholohile, na joale mofumahali o ne a tla raha qhebelele? O ne a ka etsa joalo hafeela a ne a ichebile boeena. Nakong eo, taelo ea Hamane ea ho bolaea Bajuda e ne e ntse e romeloa libakeng tsohle tse tlas’a ’muso. Hamane o ne a ile a lahla lotho, kapa Pure—e leng ho bontšang hore o ne a sebelisana le meea—e le hore a fumane letsatsi le loketseng la ho qala tlhaselo ea hae e sehlōhō. (Esth. 9:24-26) Ho ne ho setse likhoeli tse ngata pele letsatsi leo le fihla, empa le ne le ntse le atamela ka potlako. Na koluoa eo e ne e ntse e ka qojoa?

      25 Ka ho hloka boithati, Esthere o ile a boela a beha bophelo ba hae kotsing, a hlaha ka pel’a morena hape a sa mo bitsa. Lekhetlong lena o ile a llela batho ba habo, a etsa kōpo e tiileng ho monna oa hae ea hore a hlakole taelo eo e sehlōhō. Empa melao e neng e entsoe ke morena oa Persia e ne e ke ke ea hlakoloa. (Dan. 6:12, 15) Ka hona, morena o ile a khetha Esthere le Mordekai hore ba etse molao o mocha. Ho ile ha romeloa taelo ea bobeli, e fang Bajuda tokelo ea hore ba itoanele. Bapalami ba lipere ba ile ba tsoa ka makhalo ’ohle a ’muso, ba isetsa Bajuda litaba tsena tse monate. Joale ba bangata ba ile tsoha molota. (Esth. 8:3-16) U ka inahanela feela ha Bajuda, ho pholletsa le ’muso oo o moholo ba hlomela ba itokisetsa ho loana, e leng ntho eo ba neng ba ke ke ba e etsa ntle le molao oo o mocha. Leha ho le joalo, taba ea bohlokoa le ho feta e ne e le hore na “Jehova oa mabotho” o tla sireletsa batho ba hae na.—1 Sam. 17:45.

      Ha Esthere le Mordekai ba fana ka taelo ea bobeli, mohlankana o e ngola fatše

      Esthere le Mordekai ba ile ba romela taelo e eang ho Bajuda ba Pusong ea Persia

      26, 27. (a) Tlhōlo eo Jehova a ileng a e fa batho ba hae holim’a lira tsa bona, e ne e le e khōlō le e feletseng hakae? (b) Ke boprofeta bofe bo ileng ba phethahala ha ho timetsoa bara ba Hamane?

      26 Ha letsatsi le behiloeng le qetella le fihlile, batho ba Molimo ba ne ba se ba le malala-a-laotsoe. Bahlabani ba bangata ba Bapersia le bona ba ne ba le malala-a-laotsoe, etsoe litaba tsa tona-khōlō e ncha, e leng Mordekai oa Mojuda, li ne li phatlaletse hohle. Jehova o ile a fa batho ba hae tlhōlo e khōlō. Ha ho pelaelo hore o ile a sireletsa batho ba hae e le hore ba se ke ba hlōloa ’me lira tsa bona li ne li ke ke tsa hlola li utloisa batho ba hae bohloko.a—Esth. 9:1-6.

      27 Ho feta moo, Mordekai o ne a ke ke a hlokomela ntlo ea Hamane a sireletsehile hafeela bara ba leshome ba monna eo ea khopo ba ntse ba phela. Le bona ba ile ba bolaoa. (Esth. 9:7-10) Ka hona, boprofeta ba Bibele bo ile ba phethahala, kaha pejana Molimo o ne a ile a bolela hore o tla felisa Baamaleke ka ho feletseng, bao e neng e le lira tse khopo tsa batho ba hae. (Deut. 25:17-19) Ho bonahala bara ba Hamane ba ne ba le har’a ba ho qetela sechabeng seo se rohakiloeng.

      28, 29. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Esthere le batho ba habo hore ba kenelle ntoeng? (b) Ke hobane’ng ha mohlala oa Esthere o re ruisa molemo kajeno?

      28 Le hoja Esthere a ne a le monyenyane, o ne a lokela ho jara mejaro e boima mahetleng a hae—e kang ho etsa melao ea borena e akarelletsang ea lintoa le ea likahlolo. Ho ne ho se bonolo. Empa Jehova o ne a hloka hore batho ba hae ba sireletsoe hore ba se ke ba timetsoa; sechabeng sa Iseraele ho ne ho tla hlaha Mesia ea tšepisitsoeng, e leng eena feela ea neng a tla fa moloko oa batho tšepo! (Gen. 22:18) Bahlanka ba Molimo mehleng ena baa tseba hore ha Mesia, e leng Jesu, a ne a tlile lefatšeng, o ile a hanela balateli ba hae ho tloha ka nako eo ho ea pele hore ba nke karolo lintoeng.—Mat. 26:52.

      29 Leha ho le joalo, Bakreste ba loana ntoa ea moea; Satane o lula a ikemiselitse ho senya tumelo eo re nang le eona ho Jehova Molimo. (Bala 2 Bakorinthe 10:3, 4.) Re rua molemo hakaakang ka hore ebe re na le mohlala o kang oa Esthere! Joaloka eena, e se eka re ka bontša tumelo ka hore re be bohlale ’me re se fele pelo ha re kholisa motho ka taba e itseng, ka hore re be sebete le ka hore re itelle ho emela batho ba Molimo ka ho hloka boithati.

      Lipotso ka Buka ea Esthere

      Ke hobane’ng ha Mordekai a ile a lumella Esthere hore a nyaloe ke mohetene?

      Ha ho na bopaki tabeng eo litsebi li e buang ea hore Mordekai e ne e le ramenyetla ea neng a batla hore Esthere a nyaloe ke morena hobane feela a shebile botumo. Kaha e ne e le Mojuda ea tšepahalang, o ne a ke ke a amohela lenyalo le joalo. (Deut. 7:3) Lipale tsa boholo-holo tsa Bajuda li bolela hore Mordekai o ile a leka ho thibela lenyalo leo. Kaha e ne e le basele naheng e neng e busoa ke ’musi oa mohatelli ea matla ea neng a nkoa joaloka molimo, ha ho bonahale eka ho ne ho e-na le seo eena kapa Esthere ba neng ba ka se etsa ka taba eo. Ha nako e ntse e e-ea ho ile ha hlaka hore Jehova o ile a sebelisa lenyalo la Esthere e le mokhoa oa ho sireletsa batho ba hae.—Esth. 4:14.

      Ke hobane’ng ha buka ea Esthere e sa hlahise lebitso la Molimo, Jehova?

      Ho bonahala Mordekai e le eena ea ileng a bululeloa hore a ngole buka ena. Mohlomong qalong buka ena e ile ea bolokoa le litlaleho tsa ’muso tsa Persia pele e isoa Jerusalema. Ho sebelisoa ha lebitso la Jehova ho ne ho ka ’na ha etsa hore barapeli ba melimo ea Persia ba timetse buka ena. Leha ha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Jehova o ile a kenella paleng ena. Ho thahasellisang ke hore lebitso la Molimo le ne le patiloe ka litlhaku tse le emelang mengolong ea pele ea Seheberu, moo ho bonahalang hore lipolelo li ile tsa ngoloa ka boomo e le hore litlhaku tse qalang kapa tse qetellang mantsoe a latellanang li emele lebitso la Molimo.—Esth. 1:20, NW, ftn.

      Na buka ea Esthere e lumellana le histori?

      Bahlahlobisisi ba bolela hore buka ena ha e lumellane le histori. Leha ho le joalo litsebi tse ling li hlokometse hore mongoli oa buka ena o bontšitse tsebo e hlollang ka puso ea Persia, mehaho le mekhoa ea teng. Ke ’nete hore ha ho na moo ho buuoang ka Mofumahali Esthere litokomaneng tse sa amaneng le Bibele tse fumanehang kajeno, empa Esthere hase eena feela motho ea neng a phahame boreneng ea tlositsoeng litlalehong tsa sechaba. Ho feta moo litlaleho tse sa amaneng le Bibele li bontša hore monna ea bitsoang Mardukâ, e leng Mordekai ka Sepersia, o ile a sebeletsa e le molaoli oa lekhotla Shushane ka nako e hlalositsoeng bukeng ena.

      Boprofeta bo Phethahetseng

      Ka ho loanela batho ba Molimo, Esthere le Mordekai ba ile ba phethahatsa boprofeta bo bong ba Bibele. Lilemo tse fetang 1 200 pele ho moo, Jehova o ile a bululela mopatriareka Jakobo hore a bolele sena esale pele mabapi le e mong oa bara ba hae: “Benjamine o tla ’ne a rusolle joaloka phiri. Hoseng o tla ja phoofolo e nkiloeng ’me mantsiboea o tla arola thepa e hapuoeng.” (Gen. 49:27) “Hoseng,” e leng mathoasong a histori ea borena ba Iseraele, litloholo tsa Benjamine li ne li akarelletsa Morena Saule le bahlabani ba bang ba matla ba neng ba loanela batho ba Jehova. “Mantsiboea,” ka mor’a hore letsatsi le likelle lesika la borena la Iseraele, e leng qetellong ea histori eo ea borena, Esthere le Mordekai, bao ka bobeli e leng ba moloko oa Benjamine, ba ile ba loantša lira tsa Jehova ’me ba li hlōla. Ka tsela e itseng le bona ba ile ba arola thepa e hapuoeng hobane letlotlo le lengata la Hamane le ile la ea ho bona.

      a Morena o ile a fa Bajuda letsatsi la bobeli e le hore ba qetele tlhōlo ea lira tsa bona. (Esth. 9:12-14) Le kajeno, Bajuda ba ntse ba ikhopotsa tlhōlo eo selemo le selemo ka khoeli ea Adare, e lumellanang le nako ea ha February e fela ’me ho qala khoeli ea March. Mokete oo o bitsoa Purime, o reheletsoe ka lotho eo Hamane a ileng a e lahla ha a ne a batla ho felisa Baiseraele.

      SEO U KA NAHANANG KA SONA . . .

      • Esthere o ile a bontša bohlale joang ha a khetha “nako ea ho bua”?

      • Mamello ea Esthere e ile ea hlahisa melemo efe?

      • Esthere o ile a bontša sebete le ho hloka boithati joang ha ne a emela batho ba habo?

      • U ikemiselitse ho bontša tumelo e tšoanang le ea Esthere joang?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela