THUTO EA 4
O Ile a Bolaea Ngoan’abo ka Lebaka la ho Koata
Ka mor’a hore Adama le Eva ba lelekoe serapeng sa Edene, ba ile ba ba le bana ba bangata. Mora oa bona oa pele Kaine, e ne e le molemi ’me oa bobeli e leng Abele e le molisa.
Ka letsatsi le leng, Kaine le Abele ba ile ba etsetsa Jehova mahlabelo. Na oa tseba hore na sehlabelo ke’ng? Ke mpho e khethehileng. Jehova o ile a thabela sehlabelo sa Abele empa a se ke a thabela sa Kaine. Kaine o ile a koata haholo. Eaba Jehova o re Kaine a se ke a koata hobane ha a koatile, o tla etsa phoso. Empa ha aa ka a mamela.
Kaine o ile a re ho Abele: ‘A re ee naheng.’ Ha ba le naheng, Kaine o ile a otla Abele ’me a mo bolaea. Jehova o ile a etsa’ng? O ile a lelekela Kaine hole le ba lelapa labo. A etsa hore a se ke a hlola a khutla.
Re ithuta’ng ho see? Re ka ’na ra koata ha re bona lintho li sa etsoe ka tsela eo re batlang ka eona. Haeba re koatile kapa batho ba bang ba re bolella hore re se ke ra koata, re lokela ho khaotsa ho koata e le hore re se ke ra etsa ntho e mpe.
Jehova o tla lula a hopola Abele hobane Abele o ile a etsa se nepahetseng. Molimo o tla tsosa Abele ha a etsa lefatše paradeise.
“U bope khotso le ngoan’eno pele ebe ha u khutlile u nyehela mpho ea hao.”—Matheu 5:24