LEBOKOSE LA 2B
Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng
Lebitso Ezekiele le bolela “Molimo oa Matlafatsa.” Le hoja boholo ba boprofeta ba Ezekiele e le litemoso tseo Molimo a li fileng batho ba hae, molaetsa oa hae ka kakaretso o lumellana le seo lebitso la hae le se bolelang hobane o matlafatsa tumelo ho batho ba batlang ho sebeletsa Molimo ka tsela e nepahetseng.
BAPROFETA-’MOHO LE EZEKIELE
JEREMIA,
o hlaha lelapeng la boprista, boholo ba nako o ne a sebetsa a le Jerusalema (647-580 B.C.E.)
HULDA
e ne e le moprofeta nakong eo buka ea Molao e fumanoang ka tempeleng hoo e ka bang ka selemo sa 642 B.C.E.
DANIELE,
o ne a tsoa lelokong la borena la Juda, hape o ile a isoa Babilona ka 617 B.C.E.
HABAKUKE
ho ka etsahala hore e bile moprofeta Juda qalong ea puso ea Jojakime
OBADIA
o ile a profeta molaetsa oa kahlolo o eang ho Edomo ’me ho ka etsahala hore ebe e ne e le ka nako eo Jerusalema e neng e felisoa
BA PROFETILE NENG? (LILEMO TSOHLE KE TSA PELE HO MEHLA EA JESU)
LINTHO TSA BOHLOKOA TSE ETSAHETSENG MEHLENG EA EZEKIELE (LILEMO TSOHLE KE TSA PELE HO MEHLA EA JESU)
h. 643: Ezekiele oa hlaha
617: O isoa botlamuoeng Babilona
613: E ba moprofeta, o bona lipono ka Jehova
612: O bona pono ea hore ho tla ba le bokoenehi tempeleng
611: O soma Jerusalema
609: Mosali oa hae oa shoa ’me Jerusalema e thibelloa ka lekhetlo la ho qetela
607: O fumana molaetsa oa hore Jerusalema e felisitsoe
593: O bona pono ea tempele
591: O profeta hore Nebukadnezare o tla hlasela Egepeta, o qeta ho ngola buka ea hae
MARENA A JUDA LE A BABILONA
659-629: Josiase o khothaletsa borapeli ba ’nete empa o shoella ntoeng ha a ntse a loana le Faro ea bitsoang Neko
628: Joakaze e ba morena ea khopo ’me o busa likhoeli tse tharo feela. Ka mor’a moo o tšoaroa ke Faro Neko
628-618: Jojakime ke morena ea khopo ’me Faro Neko oa mo laola
625: Nebukadnezare o hlola Baegepeta
620: Nebukadnezare o hlasela Juda ka lekhetlo la pele ’me o laola Jojakime Jerusalema
618: Jojakime o fetohela Nebukadnezare ’me ho ka etsahala hore ebe o ile a shoa ha Babilona e hlasela Naha e Tšepisitsoeng ka lekhetlo la bobeli
617: Jojakine eo hape a bitsoang Jekonia ke morena ea khopo ebile o busa likhoeli tse tharo feela ’me hamorao o inehela ho Nebukadnezare
617-607: Morena Tsedekia ea khopo, oa lekoala o laoloa ke Nebukadnezare
609: Tsedekia o fetohela Nebukadnezare. Ka mor’a moo, Nebukadnezare o hlasela Juda ka lekhetlo la boraro
607: Nebukadnezare o felisa Jerusalema, o hapa Tsedekia, o mo honya mahlo ebile o mo isa Babilona