Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rr maq. 26-27
  • Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng
  • Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BAPROFETA-’MOHO LE EZEKIELE
  • Jerusalema ea Timetsoa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ho Sebeletsa Molimo “Karolong e Qetellang ea Matsatsi”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Ho Senoloa Sephiri sa Sefate se Seholo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Jehova O Ntša Sabole ea Hae Selateng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
rr maq. 26-27

LEBOKOSE LA 2B

Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng

E Hatisitsoeng

Lebitso Ezekiele le bolela “Molimo oa Matlafatsa.” Le hoja boholo ba boprofeta ba Ezekiele e le litemoso tseo Molimo a li fileng batho ba hae, molaetsa oa hae ka kakaretso o lumellana le seo lebitso la hae le se bolelang hobane o matlafatsa tumelo ho batho ba batlang ho sebeletsa Molimo ka tsela e nepahetseng.

Ezekiele.

BAPROFETA-’MOHO LE EZEKIELE

  • Jeremia.

    JEREMIA,

    o hlaha lelapeng la boprista, boholo ba nako o ne a sebetsa a le Jerusalema (647-580 B.C.E.)

  • Hulda.

    HULDA

    e ne e le moprofeta nakong eo buka ea Molao e fumanoang ka tempeleng hoo e ka bang ka selemo sa 642 B.C.E.

  • Daniele.

    DANIELE,

    o ne a tsoa lelokong la borena la Juda, hape o ile a isoa Babilona ka 617 B.C.E.

  • Habakuke.

    HABAKUKE

    ho ka etsahala hore e bile moprofeta Juda qalong ea puso ea Jojakime

  • Obadia.

    OBADIA

    o ile a profeta molaetsa oa kahlolo o eang ho Edomo ’me ho ka etsahala hore ebe e ne e le ka nako eo Jerusalema e neng e felisoa

BA PROFETILE NENG? (LILEMO TSOHLE KE TSA PELE HO MEHLA EA JESU)

Setšoantšo se bontšang baprofeta-’moho le Ezekiele (Lilemo tsohle ke tsa pele ho mehla ea Jesu). Jeremia: o profetile ho tloha ka selemo sa 647 ho ea ho sa bo-580; Hulda: o profetile ka selemo sa bo-642; Daniele: o profetile ho tloha ka selemo sa bo-617 ho ea ho sa bo-537; Habakuke: o profetile ka selemo sa bo-625; Ezekiele: o profetile ho tloha ka selemo sa 613 ho ea ho sa bo-591; Obadia: o profetile ka selemo sa bo-607.

LINTHO TSA BOHLOKOA TSE ETSAHETSENG MEHLENG EA EZEKIELE (LILEMO TSOHLE KE TSA PELE HO MEHLA EA JESU)

  1. h. 643: Ezekiele oa hlaha

  2. 617: O isoa botlamuoeng Babilona

  3. 613: E ba moprofeta, o bona lipono ka Jehova

  4. 612: O bona pono ea hore ho tla ba le bokoenehi tempeleng

  5. 611: O soma Jerusalema

  6. 609: Mosali oa hae oa shoa ’me Jerusalema e thibelloa ka lekhetlo la ho qetela

  7. 607: O fumana molaetsa oa hore Jerusalema e felisitsoe

  8. 593: O bona pono ea tempele

  9. 591: O profeta hore Nebukadnezare o tla hlasela Egepeta, o qeta ho ngola buka ea hae

MARENA A JUDA LE A BABILONA

  1. 659-629: Josiase o khothaletsa borapeli ba ’nete empa o shoella ntoeng ha a ntse a loana le Faro ea bitsoang Neko

  2. 628: Joakaze e ba morena ea khopo ’me o busa likhoeli tse tharo feela. Ka mor’a moo o tšoaroa ke Faro Neko

  3. 628-618: Jojakime ke morena ea khopo ’me Faro Neko oa mo laola

  4. 625: Nebukadnezare o hlola Baegepeta

  5. 620: Nebukadnezare o hlasela Juda ka lekhetlo la pele ’me o laola Jojakime Jerusalema

  6. 618: Jojakime o fetohela Nebukadnezare ’me ho ka etsahala hore ebe o ile a shoa ha Babilona e hlasela Naha e Tšepisitsoeng ka lekhetlo la bobeli

  7. 617: Jojakine eo hape a bitsoang Jekonia ke morena ea khopo ebile o busa likhoeli tse tharo feela ’me hamorao o inehela ho Nebukadnezare

  8. 617-607: Morena Tsedekia ea khopo, oa lekoala o laoloa ke Nebukadnezare

  9. 609: Tsedekia o fetohela Nebukadnezare. Ka mor’a moo, Nebukadnezare o hlasela Juda ka lekhetlo la boraro

  10. 607: Nebukadnezare o felisa Jerusalema, o hapa Tsedekia, o mo honya mahlo ebile o mo isa Babilona

Khutlela khaolong ea 2, lirapeng tsa 28, 29

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela