Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rr leq. 47
  • Ke ne ke “Shebile Mangeloi”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke ne ke “Shebile Mangeloi”
  • Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Mangeloi a Nang le Lifahleho Tse ’nè’ ke Bo-mang?
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • ‘Hlalosa Tempele’
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Buka ea Bibele ea 26—Ezekiele
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • ‘Beha Pelo ea Hao’ Tempeleng ea Molimo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
rr leq. 47
Seemahale sa poho e nang le hlooho ea motho le mapheo.

LEBOKOSE LA 4A

Ke ne ke “Shebile Mangeloi”

Ezekiele o ile a bona liemahale tsa lipoho tse kholo le litau tse nang le lihlooho tsa batho li eme li katile ka pel’a matlo a borena le litempele. Liemahale tseo li ne li fumaneha Asiria le Babilona ea mehleng ea khale. Joaloka batho ba bang, e ka ’na eaba o ne a ema a sheba liemahale tsena tse kholo tse tšosang tse bolelele ba limithara tse 6. Ho sa tsotellehe hore na liemahale tseo li ne li shebahala li le matla hakae, li ne li sa phele ebile li entsoe ka majoe.

POHO E NANG LE HLOOHO EA MOTHO LE MAPHEO

Setšoantšo se bapisang motho le seemahale sa poho e nang le hlooho ea motho le mapheo. (Motho o bolelele ba limithara tse ka bang 1,8 ha seemahale sona se le limithara tse ka bang 4,42)

Seemahale sena sa poho e nang le hlooho ea motho le mapheo, se ne se le keiting ea motse oa Khorsabad oa Asiria ea mehleng ea khale. Ho ne ho thoe seemahale sena se thibela moea o mobe kapa o khopo ho kena ka har’a motse.

Ho fapana le liemahale tseo tse sa pheleng, Ezekiele ponong o bone mangeloi a phelang. Phapang e kaalo! Pono eo e ile ea mo ama hoo a ileng a sebelisa lentsoe “mangeloi” kapa “libopuoa tse phelang” joalokaha naletsana e bontša, ka makhetlo a fetang 11 qalong ea boprofeta ba hae. (Ezek. 1:5-22) Ka mor’a hore Ezekiele a bone mangeloi tlas’a terone ea Molimo a ea nģa e le ’ngoe ka nako e tšoanang, e tlameha ebe o ile a utloisisa ka tsela e hlakileng hore Jehova o laola lintho tsohle tseo a li bopileng. Le rona kajeno rea hlolloa ha re nahana ka pono ea Ezekiele, re bona boholo le matla a Jehova le boholo ba puso ea hae.—1 Likron. 29:11.

Le leng la mangeloi a mane a nang le lifahleho tse ’nè le phukalalitse mapheo.

Khutlela khaolong ea 4, serapa 4

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela