Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Lintho Tsohle li Tla Phela’
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
    • Ezekiele o tsamaea ka har’a noka ’me monna ea shebahalang joaloka koporo o mo shebile a le lebopong la noka.

      KHAOLO EA 19

      ‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Lintho Tsohle li Tla Phela’

      EZEKIELE 47:9

      NTLHA-KHOLO: Tsela eo pono ea noka e phallang ho tsoa tempeleng e ileng ea phethahala ka eona mehleng ea khale, mehleng ena le kamoo e tla phethahala kateng nakong e tlang

      1, 2. Ho Ezekiele 47:1-12, Ezekiele o ile a bona’ng, a ba a ithuta’ng? (Sheba setšoantšo se qalang.)

      EZEKIELE o boetse o bona ntho e makatsang ponong ea hae ea tempele. O bona noka e phalla ho tsoa tempeleng. Ak’u mo bone feela a le ka har’a noka eo e nang le metsi a hloekileng, a e latela. (Bala Ezekiele 47:1-12.) E tloha monyako oa tempele ’me e kopana le mohaho oa tempele pel’a keiti e ka bochabela. Lengeloi le tsamaea le Ezekiele le mo tlosa tempeleng, le metha sebaka ha ba ntse ba tsamaea. Lengeloi le re Ezekiele a tšele noka ka makhetlo a mangata. Ha a le ka metsing oa hlokomela hore noka e ntse e teba ’me haufinyane ho tla hlokahala hore a sese e le hore a khone ho tšela.

      2 Ezekiele o hlokomela hore noka e phallela Leoatleng le Shoeleng ’me e hloekisa metsi a lona a letsoai, ao liphoofolo li neng li sa khone ho phela ka har’a oona. Hohle moo noka e kopanang le metsi a leoatle lena ho ba le litlhapi tse ngata. Lebopong la noka, o bona lifate tse ngata tsa mefuta e fapaneng li hola. Khoeli le khoeli li hlahisa litholoana tse nang le phepo e ntle ebile li hlahisa makhasi a folisang. Ha Ezekiele a bona lintho tsena tsohle, li ile tsa etsa hore a be le tšepo le khotso. Empa karolo ee ea boprofeta ba pono ea tempele e ne e le bohlokoa hakae ho eena le ho Bajuda ba neng ba le botlamuoeng le eena? E bohlokoa hakae ho rona mehleng ee?

      Noka eo Ezekiele a e Boneng e ne e le Bohlokoa Hakae ho Bajuda ba Botlamuoeng?

      3. Ke hobane’ng ha Bajuda ba mehleng ea khale ba ne ba sa nke hore noka e ponong ea Ezekiele ke ea sebele?

      3 Bajuda ba mehleng ea khale ba ne ba sa nke hore noka e ponong ea Ezekiele ke noka e neng e le teng ka nako eo. Ho e-na le hoo, ho ka etsahala hore e ile ea ba hopotsa mantsoe a builoeng ke moprofeta Joele lilemo tse fetang 200 tse fetileng. (Bala Joele 3:18.) Ha Bajuda ba botlamuoeng ba bala mantsoe a Joele, ba ne ba sa lebella hore lithaba tsa moo ba lulang teng li ‘rothe veine e monate’ le maralla a “phalle lebese.” Ba ne ba boetse ba sa lebella hore ho be le seliba “ntlong ea Jehova.” Ho ka etsahala hore Bajuda ba bang le bona ba ne ba utloisisa hore noka e hlahang ponong eo Ezekiele a e boneng e ne e le ea tšoantšetso.a Ke molaetsa ofe oo Jehova a neng a fana ka oona ka pono ee? Mangolo a hlalosa ka ho hlaka hore na likarolo tse ling tse setšoantšong sena li bolela’ng. Hona joale re tl’o bua ka lintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona boprofeteng bona.

      Noka.

      LEBOKOSE LA 19A: Linoka Tse Tlisang Litlhohonolofatso Tse Tsoang ho Jehova

      4. (a) E ka ’na eaba noka e ponong ea Ezekiele e ile ea etsa hore Bajuda ba lebelle litlhohonolofatso life tse tsoang ho Jehova? (b) Tsela eo Bibele e sebelisitseng mantsoe “noka” le “metsi” e re kholisa joang hore Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae? (Sheba lebokose le reng “Linoka Tse Tlisang Litlhohonolofatso Tse Tsoang ho Jehova.”)

      4 Noka e fanang ka litlhohonolofatso. Hangata ka Bibeleng ha ho buuoa ka linoka le metsi, e ea be e le ha ho buuoa ka tsela eo Jehova a hlohonolofatsang batho ba hae ka eona. Ezekiele o ile a bona noka e kang ena e phalla ho tsoa tempeleng. Kahoo, e ka ’na eaba pono ena e ile ea etsa hore batho ba Molimo ba lebelle hore Jehova o tla tsoela pele a ba hlohonolofatsa hafeela ba ntse ba mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang. Ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso life? Ba ne ba tla boela ba fumane melao e tsoang ho baprista. Kaha ho ne ho etsoa mahlabelo tempeleng, ba ne ba ka boela ba kholiseha hore ba tla tšoareloa libe. (Ezek. 44:15, 23; 45:17) Ka tsela eo, ba ne ba tla hloeka hape joalokaha eka ba hlatsuoa ka metsi a hloekileng a tsoang tempeleng.

      5. Noka eo Ezekiele a ileng a e bona ponong e ile ea kholisa Bajuda joang hore Jehova o tla ba hlohonolofatsa kaofela?

      5 Na batho bohle ba ne ba tla lula ba fumana litlhohonolofatso? Pono ea Ezekiele e ne e khothatsa hobane e ne e bontša hore ka mohlolo metsi a noka a ne a tla ’ne a eketsehe ’me a be mangata. (Ezek. 47:3-5) Ho sa tsotellehe hore na Bajuda ba ne ba ka ba bangata hakae, litlhohonolofatso tsa Jehova le tsona li ne li tla ba ngata, li ba lekane. Noka eo e ne e bontša hore litlhohonolofatso tsa Jehova li tla ba ngata.

      6. (a) Pono ea Ezekiele e re kholisa hore ho tla ba joang nakong e tlang? (b) Pono ea Ezekiele e ile ea fana ka temoso efe? (Sheba naletsana.)

      6 Metsi a fanang ka bophelo. Ponong ea Ezekiele noka e ile ea phallela Leoatleng le Shoeleng ’me la boela la e-ba le liphoofolo. Hlokomela hore metsi ao a ile a etsa hore ho phele litlhapi tse ngata tse fapaneng ka leoatleng leo. Bongata ba litlhapi tseo bo ne bo ka bapisoa le tse fumanehang Leoatleng le Leholo kapa Leoatleng la Mediterranean. Ho ne ho boetse ho e-na le likhoebo tse atlehang tsa ho cheha litlhapi lebopong la Leoatle le Shoeleng le neng le le lipakeng tsa metse e ’meli e neng e arohane. Lengeloi le ile la re: “Hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla phela.” Na taba ee e bolela hore metsi a tsoang ntlong ea Jehova a ne a fihla likarolong tsohle tsa Leoatle le Shoeleng? Che. Lengeloi le ile la re metsi a fanang ka bophelo a ne a ke ke a fihla libakeng tse tletseng seretse. Libaka tseo li ne “li tla lula li e-na le letsoai.”b (Ezek. 47:8-11) Pono ena ea Ezekiele ea re kholisa hore borapeli ba ’nete bo tla etsa hore batho ba phele hamonate ba be ba atlehe. Empa ho ne ho boetse ho e-na le temoso: E ne e se batho bohle ba neng ba tla amohela litlhohonolofatso tsa Jehova ebile e ne e se batho bohle ba neng ba tla folisoa.

      7. Lifate tse ponong tse neng li le pel’a noka li ile tsa etsa hore Bajuda ba botlamuoeng ba kholisehe ka eng?

      7 Lifate tse nang le litholoana le tse folisang. Lifate tse lebopong la noka li etsa hore sebaka seo ho buuoang ka sona ponong se be setle. Li re thusa ho utloisisa boprofeta bona. Ho ka etsahala hore Ezekiele le banna ba habo ba ne ba rata ho nahana ka litholoana tse monate tseo lifate tsena li neng li tl’o li hlahisa khoeli le khoeli. Taba ena le eona e ile ea ba kholisa hore Jehova o tla ba thusa hore ba mo sebeletse. Ba ile ba boela ba kholiseha hore makhasi a lifate tseo a tla ‘folisa.’ (Ezek. 47:12) Jehova o ne a tseba hore Bajuda ba tsoang botlamuoeng ba ne ba lokela ho thusoa hore ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. Khaolong ea 9 ea buka ena re ile ra ithuta ka boprofeta bo bontšang hore na Molimo o ile a ba thusa joang hore ba mo sebeletse.

      8. Re tseba joang hore pono ea Ezekiele e ne e tla phethahala kaofela?

      8 Bajuda ba tsoang botlamuoeng ha baa ka ba bona ha boprofeta boo ho buuoang ka bona Khaolong ea 9 bo phethahala kaofela. Ke bona ba ileng ba etsa hore boprofeta boo bo se ke ba phethahala kaofela. Ha baa ka ba fumana litlhohonolofatso tsa Jehova kaofela hobane ba ne ba mo fetohela, ba sa mo mamele ba bile ba sa mo rapele ka tsela eo a e amohelang. Lintho tseo Bajuda ba sa tšepahaleng ba neng ba li etsa, li ne li utloisa batho ba tšepahalang bohloko. Leha ho le joalo, barapeli ba tšepahalang ba Jehova ba ne ba tseba hore kamehla litšepiso tsa hae li lula li phethahala. (Bala Joshua 23:14.) Kahoo, pono ea Ezekiele e ne e tla phethahala kaofela. Empa neng?

      Noka eo e Ntse e Phalla le Kajeno!

      9. Boprofeta ba Ezekiele ba tempele bo tla phethahala le ho feta neng?

      9 Khaolong ea 14 ea buka ena re ithutile hore boprofeta ba Ezekiele ba pono ea tempele bo tla phethahala le ho feta “matsatsing a ho qetela,” e leng nakong eo ka eona batho ba bangata ba tla beng ba hlompha borapeli ba ’nete le ho rapela Molimo ka tsela e nepahetseng. (Esa. 2:2) Karolo ee ea boprofeta ba Ezekiele e phethahala joang kajeno?

      10, 11. (a) Ke litlhohonolofatso life tseo re li fumanang mehleng ee tse tšoantšoang le noka e phallang? (b) Litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova li ile tsa eketseha joang hore li lekane batho bohle mehleng ee ea bofelo?

      10 Noka e tlisang litlhohonolofatso. Metsi a phallang ho tsoa ntlong ea Jehova a re hopotsa litlhohonolofatso life kajeno? A re hopotsa lintho tse ngata tseo Jehova a re fang tsona tse matlafatsang tumelo ea rona. Ntho ea bohlokoa eo a re hopotsang eona ke matla a sehlabelo sa Kreste, se re thusang hore re tšoareloe libe. ’Nete e tsoang ka Lentsoeng la Molimo e tšoantšoa le metsi a hloekisang le a fanang ka bophelo. (Baef. 5:25-27) Rona mehleng ee re fumana litlhohonolofatso tseo joang?

      11 Ka selemo sa 1919, ho ne ho e-na le bahlanka ba Jehova ba likete tse ’maloa ’me ba ne ba thabile haholo ha ba hlalosetsoa ’nete e tsoang Bibeleng. Ha lilemo li ntse li e-ea, ba ile ba eketseha haholo. Kajeno batho ba Molimo ba feta limilione tse robeli. Na batho baa kaofela ba fumana lintho tse ba rutang ’nete e ka Bibeleng? Ho joalo! Re na le lintho tse ngata tse re thusang ho utloisisa ’nete e ka Bibeleng. Lilemong tse 100 tse fetileng, batho ba Molimo ba fumane Libibele, libuka, limakasine, libukana le lipampitšana tse libilione. Joaloka noka e phallang eo Ezekiele a e boneng ponong, ’nete ea Lentsoe la Molimo le eona e fihla ka bongata ho batho bohle ba batlang ho ithuta ka Molimo. Haesale lingoloa tse thehiloeng Bibeleng li hatisoa ho tloha khale. Mehleng ena re na le websaete ea jw.org e nang le lintho tse ngata tse thusang batho hore ba ithute ka Molimo tse fetoletsoeng ka lipuo tse fetang 1 000. ’Nete e tsoang Lentsoeng la Molimo e tšoantšoang le metsi e thusitse batho ba lipelo li ntle joang?

      12. (a) ’Nete e ka Bibeleng e thusitse batho ba lipelo li ntle joang? (b) Pono ea Ezekiele e re hlokomelisa eng kajeno? (Sheba naletsana.)

      12 Metsi a fanang ka bophelo. Lengeloi le ile la re ho Ezekiele: “Hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla phela.” Nahana kamoo ’nete ea Bibele e ileng ea fihla ho batho bohle bao hona joale e seng e le karolo ea naha ea batho ba Molimo. ’Nete ea Bibele e thusitse batho ba bangata ba lipelo li ntle hore ba lumele ho Jehova. Pono ea Ezekiele e boetse e fana ka temoso: Ha se batho bohle ba tla lula ba amohela ’nete e ka Bibeleng. Joaloka libaka tse tletseng metsi le seretse tse Leoatleng le Shoeleng tseo Ezekiele a li boneng ponong, ho na le batho ba ke keng ba amohela kapa ba tla hana ho mamela ’nete e ka Bibeleng le ho sebelisa seo ba ithutileng sona.c Le ka mohla re se ke ra tšoana le batho bao.—Bala Deuteronoma 10:16-18.

      13. Kajeno re ithuta’ng lifateng tse hlahileng ponong?

      13 Lifate tse nang le litholoana le tse folisang. Na kajeno ho na le lintho tse khothatsang tseo re ka ithutang tsona ka lifate tse lebopong la noka tse hlahileng ponong ea Ezekiele? Ho joalo. Hopola hore lifate tseo li ne li hlahisa litholoana tse monate khoeli le khoeli ’me makhasi a tsona a ne a folisa. (Ezek. 47:12) Kahoo, lifate tsena lia re hopotsa hore re sebeletsa Molimo ea re folisang le ea re fepang ka lintho tse matlafatsang tumelo ea rona. Kajeno batho ba bangata ha ba utloisise lithuto tsa Bibele. Empa rona Jehova o re fa lintho tse ngata tse re thusang ho utloisisa Bibele. Ka mor’a ho bala sehlooho se itseng se hlahang makasineng ea rona, ho bina pina e koalang kopanong e kholo kapa e nyenyane, ho shebella video kapa lenaneo la broadcasting, na ha u ke u ikutloe u ananela lintho tseo Jehova a re fang tsona? Kannete Jehova o re hlokometse. (Esa. 65:13, 14) Na lintho tseo Jehova a re fang tsona li matlafatsa tumelo ea rona? Likeletso tseo re li fumanang ka Lentsoeng la Molimo li re thusa hore re se ke ra etsa boitšoaro bo bobe, ra ba meharo kapa ra felloa ke tumelo. Jehova o hlophisitse hore Bakreste ba entseng libe tse tebileng ba thusoe. (Bala Jakobo 5:14.) Kannete Jehova oa re hlokomela joalokaha lifate tse hlahileng ponong ea Ezekiele li bontša.

      14, 15. (a) Re ithuta’ng libakeng tse seretse tseo Ezekiele a ileng a li bona ponong? (b) Boprofeta ba Ezekiele ba noka bo re tsoela molemo joang kajeno?

      14 Ho boetse ho na le ntho eo re ka ithutang eona libakeng tse sa hloekang tse lulang li tletse seretse. Le ka mohla ha re batle ho etsa lintho tse tla etsa hore Jehova a se ke a re hlohonolofatsa. E ka ba ntho e bohloko ho hana litlhohonolofatso tsa Jehova joalokaha batho ba bangata ba etsa kajeno. (Mat. 13:15) Ho e-na le hoo, rona rea thaba ha Jehova a re hlohonolofatsa. Ha re ithuta Lentsoe la Molimo, re bolella batho ba bang lintho tseo re ithutileng tsona, re eletsoa, re khothatsoa ebile re thusoa ke baholo ba koetlisitsoeng ke mohlanka ea tšepahalang, lintho tsena kaofela li ka etsa hore re nahane ka noka e hlahang ponong ea Ezekiele. Noka ena e fana ka bophelo hohle moo e phallelang teng.

      15 Boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka bo tla phethahala joang nakong e tlang? Joalokaha re tla ithuta, noka ena e tla ba kholo haholo e leng se bolelang hore nakong e tlang Paradeiseng re tla fumana litlhohonolofatso tse ngata.

      Boprofeta Boo bo Tla Phethahala Joang Paradeiseng?

      16, 17. (a) Noka ee e tla atoloha joang Paradeiseng? (b) Ke litlhohonolofatso life tseo re tla li fumana Paradeiseng tse joaloka noka?

      16 Na u ee u ipone u se u phela Paradeiseng le metsoalle le ba lelapa le thabile? Ho ithuta ka boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka ho tla u thusa hore u ipone u se u le Paradeiseng. Joang? Hona joale a re bueng hape ka likarolo tse tharo tsa boprofeta bona tse bontšang hore Jehova o lerato.

      17 Noka e tlisang litlhohonolofatso. Noka ena ea tšoantšetso e tla atoloha haholo Paradeiseng hobane e ke ke ea matlafatsa tumelo ea rona feela empa e tla re tsoela molemo le bophelong. Nakong ea Puso ea Jesu ea Lilemo tse Sekete, ’Muso oa Molimo o tla thusa batho ba tšepahalang hore ba fumane litlhohonolofatso tse ngata ka lebaka la hore Jesu o ile a re shoela. Hanyane hanyane batho ba tla phethahala. Ho kula ho tla fela ’me ho ke ke ha hlola ho e-ba le lingaka, baoki le lipetlele! Batho ba limilione ba tla beng ba pholohile Armagedone e leng “bongata bo boholo” bo tla beng bo tsoa ‘mahlomoleng a maholo’ bo tla fumana litlhohonolofatso tse ngata tse ka tšoantšoang le metsi a bophelo. (Tšen. 7:9, 14) Empa litlhohonolofatso tseo li tla be li le nyenyane ha li bapisoa le tseo re tla li fumana nakong e tlang. Joalokaha noka e hlahileng ponong ea Ezekiele e ile ea e-ba kholo, ka ho tšoanang litlhohonolofatso tseo re tla li fumana li tla ba ngata ’me li thuse batho bohle.

      Batho ba bacha le ba phetseng hantle baa sebetsa ’me ba thabile Paradeiseng. Noka e ntse e phalla ka mor’a bona.

      Paradeiseng, noka e tlisang litlhohonolofatso e tla etsa hore batho bohle ba be bacha ’me ba phele hantle ’meleng (Sheba serapa sa 17)

      18. Ho tla etsahala’ng ha “noka ea metsi a bophelo” e tlala nakong ea Lilemo Tse Sekete?

      18 Metsi a fanang ka bophelo. Nakong ea Lilemo Tse Sekete “noka ea metsi a bophelo” e tla tlala haholo. (Tšen. 22:1) Batho ba bangata ba tla tsosoa ’me ba fuoe monyetla oa ho phela Paradeiseng ka ho sa feleng. Litlhohonolofatso tseo Jehova a tla li fa batho ha ’Muso oa hae o se o busa li akareletsa hore a tsose bafu e leng batho bao esale ba hlokahala khale. (Esa. 26:19) Empa na batho ba tla be ba tsositsoe ba tla phela ka ho sa feleng?

      19. (a) Re tseba joang hore re tla ithuta lintho tse ncha Paradeiseng? (b) Ho boleloa’ng ha ho thoe nakong e tlang batho ba bang ba tla lula ba “e-na le letsoai”?

      19 Motho e mong le e mong o tla tlameha ho ikhethela. Ka nako eo, ho tla buloa meqolo e mecha. Kahoo, re tla fuoa litaelo le lithuto tse ncha tse tsoang ho Jehova tse tla ba joaloka metsi a khathollang. Ho nahana ka taba ena hoa thabisa. Leha ho le joalo, batho ba bang ba tla hana ho mamela litaelo tsa Jehova. Batho ba bang ba tla batla ho itaola nakong ea Lilemo Tse Sekete empa Molimo a ke ke a ba lumella hore ba senye Paradeise. (Esa. 65:20) Taba ena e re hopotsa libaka tse hlahileng ponong ea Ezekiele tse neng li tletse liretse ebile ‘li lula li e-na le letsoai.’ Batho ba sa batleng ho mamela litaelo tsa Jehova tse joaloka metsi a bophelo ke maoatla! Ka mor’a Lilemo Tse Sekete, batho ba fetohetseng Jehova ba tla ba ka lehlakoreng la Satane. Batho bohle ba sa mameleng melao ea Jehova ba tla felisoa ka ho sa feleng.—Tšen. 20:7-12.

      20. Ke’ng e tla etsahala nakong ea Lilemo Tse Sekete e re hopotsang lifate tseo Ezekiele a ileng a li bona?

      20 Lifate tse nang le litholoana le tse folisang. Jehova o batla hore kaofela ha rona re fumane bophelo bo sa feleng. E le hore a re thuse hore re fumane monyetla oo, o tla etsa bonnete ba hore o boetse o etsa ntho eo Ezekiele a ileng a e bona ponong ea lifate. Leha ho le joalo, Paradeiseng Jehova o tla re hlokomela ’meleng a be a re fe lintho tse matlafatsang tumelo ea rona. Jesu Kreste le batlotsuoa ba 144 000 ba tla busa e le marena leholimong ka Lilemo Tse Sekete. Kaha batlotsuoa ba 144 000 ke baprista, ba tla sebetsa le Jesu ho thusa batho ba tšepahalang hore ba phethahale ka lebaka la sehlabelo sa Kreste. (Tšen. 20:6). Taba ena e re hopotsa lifate tseo Ezekiele a ileng a li bona tse neng li le lebopong la noka. Lifate tseo li ne li e-na le litholoana tse nang le phepo e ntle le makhasi a folisang. Pono ea Ezekiele e tšoana le boprofeta bo bong bo ileng ba ngoloa ke moapostola Johanne. (Bala Tšenolo 22:1, 2.) Makhasi a lifate tseo Johanne a ileng a li bona “a phekola lichaba.” Batho ba limilione ba tšepahalang ba tla thabela lintho tseo ba tla li etsetsoa ke baprista ba 144 000.

      Ezekiele o bona noka e nyenyane e ba noka e kholo.

      LEBOKOSE LA 19B: Nokana e ba Noka e Kholo!

      21. Ho nahana ka noka eo Ezekiele a ileng a e bona ho etsa hore u ikutloe joang ’me sehloohong se latelang re tl’o bua ka eng? (Sheba lebokose le reng “Nokana e ba Noka e Kholo”)

      21 Ha u ntse u nahana ka noka eo Ezekiele a ileng a e bona ponong na ntho eo ha e etse hore u be le tšepo le khotso? Kannete re emetsoe ke linako tse monate! E se e le lilemo tse likete joale Jehova a ntse a re fa boprofeta bo re thusang hore re ipone re se re le Paradeiseng. Ka mamello Jehova o ntse a re mema hore re be teng Paradeiseng e le hore re tle re bone ha boprofeta bona bo phethahala kaofela. Na u tla be u le teng? Mohlomong uena ha oa kholiseha hore u tla ba teng Paradeiseng. Hona joale re tl’o bua ka karolo e qetellang ea boprofeta ba Ezekiele bo re thusang hore re kholisehe ka taba eo.

      a Ho ekelletsa moo, Bajuda ba neng ba le botlamuoeng ba neng ba hopola hantle hore na sebaka seo ba neng ba lula ho sona se ne se le joang ba ne ba tseba hore noka ena ke ea tšoantšetso hobane e ne e phalla ho tsoa tempeleng e neng e le thabeng e holimo haholo. Empa ba ne ba tseba hore ho ne ho se na thaba e joalo sebakeng seo ho buuoang ka sona. Taba e ’ngoe ke hore pono ena e bontša eka noka e ne e tloha tempeleng ’me e ea Leoatleng le Shoeleng ka ho toba empa ho latela hore na sebaka seo ba neng ba lula ho sona se ne se le joang, ntho ena e ne e ke ke ea khoneha.

      b Batho ba bang ba nka hore ntho ena ke ntho e ntle hobane ho tloha khale haesale batho ba nka letsoai Leoatleng le Shoeleng ’me ba le rekisa. Hlokomela hore tlaleho ena e re libaka tseo tse tletseng seretse “li ke ke tsa hloekisoa.” Li ne li tla lula li se na bophelo, li sa hloeka hobane metsi a fanang ka bophelo a tsoang ntlong ea Jehova a ne a sa fihle ho tsona. Kahoo, hoa hlaka hore taba ea hore libaka tsena li tletse letsoai ha se ntho e ntle.—Pes. 107:33, 34; Jer. 17:6.

      c Taba ena re ka e tšoantša le papiso ea Jesu ea letlooa le leholo. Letlooa leo le tšoasa litlhapi tse ngata empa ha se kaofela ha tsona li leng “ntle.” Tse mpe lia lahloa. Jesu o ile a re hlokomelisa hore ho na le batho ba bangata ba tla sebeletsa Jehova empa ha nako e ntse e e-ea ba tla tlohela ho mo sebeletsa.—Mat. 13:47-50; 2 Tim. 2:20, 21.

      U ITHUTILE’NG KA BORAPELI BA ’NETE?

      1. Boprofeta ba Ezekiele ba noka bo ile ba phethahala joang mehleng ea khale?

      2. Boprofeta boo bo phethahala joang mehleng ea rona?

      3. Noka e phallang eo Ezekiele a e boneng ponong e tla phalla le ho feta joang nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete?

  • “Arola Naha e le Lefa”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
    • Noka e phallelang leoatleng, e pota-potiloeng ke naha e tl’o aroloa.

      KHAOLO EA 20

      “Arola Naha e le Lefa”

      EZEKIELE 45:1

      NTLHA-KHOLO: Khaolo ena e tla bontša hore na ho arola naha ho bolela’ng

      1, 2. (a) Jehova o ile a fa Ezekiele litaelo life? (b) Re tl’o bua ka lipotso life?

      EZEKIELE o qeta ho bona pono e mo hopotsang mehleng ea Moshe le Joshua e leng lilemo tse ka bang 900 tse fetileng. Ka nako eo, Jehova o ile a hlalosetsa Moshe meeli ea Naha e Tšepisitsoeng ’me hamorao a bolella Joshua hore na naha eo e lokela ho aroleloa maloko a Iseraele joang. (Num. 34:1-15; Josh. 13:7; 22:4, 9) Hona joale, ka selemo sa 593 pele ho mehla ea Jesu, Jehova o laela Ezekiele le Bajuda ba botlamuoeng hore ba arolele maloko a Iseraele Naha e Tšepisitsoeng hape.—Ezek. 45:1; 47:14; 48:29.

      2 Pono eo Ezekiele a ileng a e bona e ne e le bohlokoa hakae ho eena le ho Bajuda ba botlamuoeng? Ke hobane’ng ha pono ee e khothatsa batho ba Molimo kajeno? Na pono ee e tla phethahala kaofela nakong e tlang?

      Pono e Etsang Hore re Kholisehe ka Litšepiso Tse ’Nè

      3, 4. (a) Pono ea ho qetela ea Ezekiele e ile ea bua ka litšepiso life tse ’nè? (b) Khaolong ee re tl’o bua ka tšepiso efe?

      3 Pono ea ho qetela ea Ezekiele e hlaha likhaolong tse robong tsa buka ea hae. (Ezek. 40:1–48:35) Pono eo e ile ea bua ka litšepiso tse ’nè tse neng li tla khothatsa sechaba sa Iseraele. Litšepiso tseo ke life? Ea pele ke hore batho ba ne ba tla boela ba sebeletse Molimo ka tsela eo a e amohelang tempeleng ea hae. Ea bobeli ke hore sechaba se ne se tla boela se tataisoe ke baprista le balisa ba tšepahalang. Ea boraro ke hore batho bohle ba neng ba tla khutlela Iseraele ba ne ba tla fuoa naha e le lefa la bona. Ea bone ke hore Jehova o ne a tla ba le bona, a lule le bona hape.

      4 Khaolo ea 13 le ea 14 bukeng ena li ile tsa bua ka hore borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa le hore batho ba Molimo ba ne ba tla etelloa pele ke balisa ba tšepahalang. Khaolong ena re tl’o bua ka tšepiso ea boraro, e leng ea hore ba ne ba tla fumana naha e le lefa. Khaolong e latelang, re tla bua ka tšepiso ea hore Jehova o tla ba le bona.—Ezek. 47:13-21; 48:1-7, 23-29.

      “Naha Ena . . . e Fuoa Lona e le Lefa”

      5, 6. (a) Ke sebaka sefe se neng se tl’o aroloa ponong ea Ezekiele? (Sheba setšoantšo se qalang.) (b) Ke hobane’ng ha pono ea ho arola naha e le ea bohlokoa?

      5 Bala Ezekiele 47:14. Ponong, Jehova o ile a bontša Ezekiele karolo ea naha eo haufinyane e neng e tla tšoana le “serapa sa Edene.” (Ezek. 36:35) Jehova o ile a re: “Sena ke sebaka seo le tla se fa maloko a 12 a Iseraele e le lefa la naha.” (Ezek. 47:13) “Sebaka” se neng se tl’o aroloa e ne e le naha ea Iseraele eo Bajuda ba botlamuoeng ba neng ba tl’o khutlela ho eona. Ho Ezekiele 47:15-21, Jehova o hlalosa meeli ea naha eo kaofela ka ho hlakileng.

      6 Ke hobane’ng ha pono ea ho arola naha e le ea bohlokoa? Tlhaloso e hlakileng ea meeli e ile ea etsa hore Ezekiele le Bajuda ba botlamuoeng ba kholisehe hore ba tla khutlela naheng ea habo bona. Tsela eo Jehova a ileng a hlalosa lintho ka eona e ile ea ba khothatsa haholo. Na kannete batho ba Molimo ba ile ba fumana naha eo ba neng ba e abetsoe e le lefa? E, ba ile ba e fumana.

      Noka e phallelang leoatleng, e pota-potiloeng ke naha e tl’o aroloa.

      7. (a) Ke ntho efe e ileng ea etsahala ka selemo sa 537 ’me e re hopotsa’ng? (b) Re tl’o araba potso efe?

      7 Ka selemo sa 537 pele ho mehla ea Jesu, e leng lilemo tse 56 ka mor’a hore Ezekiele a bone pono ena, batlamuoa ba bangata ba Bajuda ba ile ba qala ho khutlela naheng ea Iseraele ’me ba lula teng. Liketsahalo tsa khale tse kang tsena li re hopotsa ntho e tšoanang e ntseng e etsahalla batho ba Molimo mehleng ena. Ka tsela e itseng le bona ba ile ba aroleloa naha. Joang? Jehova o ile a lumella bahlanka ba hae hore ba be le naha ea bona ’me ba lule ho eona. Kahoo, rea hlokomela hore ho ithuta ka Naha e Tšepisitsoeng e ileng ea tsosolosoa, ho ka re ruta lintho tse ngata ka naha e tsosolositsoeng ea batho ba Molimo mehleng ena. Pele re bua ka lintho tseo re ka ithutang tsona, a re qaleng ka ho araba potso e reng, “Re tseba joang hore le kajeno naha ea batho ba Molimo e ntse e le teng?”

      8. (a) Sechaba sa Jehova sa Iseraele se ile sa nkeloa sebaka ke sechaba sefe? (b) Naha ea batho ba Molimo ke’ng? (c) Naha eo e bile teng neng ’me ke bo-mang ba lulang ho eona?

      8 Ponong e ’ngoe ea Ezekiele, Jehova o ile a hlalosa hore boprofeta bo buang ka hore Iseraele e tla tsosolosoa bo ne bo tla phethahala ka ho feletseng ka mor’a hore ‘mohlanka oa hae Davida’ e leng Jesu Kreste a qale ho busa e le Morena. (Ezek. 37:24) Nako eo e ile ea fihla ka 1914. Ka selemo seo, ho ne ho se ho fetile nako e telele Baiseraele e se e se sechaba sa Molimo, ba nketsoe sebaka ke Bakreste ba tlotsitsoeng. (Bala Matheu 21:43; 1 Petrose 2:9.) Jehova o ile a boela a etsa hore naha ea Iseraele e nkeloe sebaka ke naha ea batho ba mo sebeletsang ka tsela eo a e amohelang. (Esa. 66:8) Khaolong ea 17 ea buka ena, re ithutile hore naha ena ke tsela eo batho ba rapelang Jehova hantle ka eona. Haesale batlotsuoa ba sebeletsa Molimo ka tsela eo a e amohelang ho tloha ka selemo sa 1919. (Sheba lebokose la 9B le reng, “Hobane’ng re re 1919?”) Ha nako e ntse e e-ea, batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng e leng “linku tse ling,” le bona ba ile ba qala ho sebeletsa Molimo ka tsela eo a e amohelang. (Joh. 10:16) Le hoja naha ea batho ba Molimo e ntse e atoloha kajeno, litlhohonolofatso tsa eona re tla li thabela ka ho feletseng ka mor’a ntoa ea Armagedone.

      Ho Arola Naha ka ho Lekana le ka Makhethe

      9. Jehova o ile a re naha e aroloe joang?

      9 Bala Ezekiele 48:1, 28. Ka mor’a hore Jehova a bue ka meeli e ka ntle ea naha, o ile a hlalosa hantle hore na e lokela ho aroloa joang. O ile a laela hore naha e aroloe ho ea ka maloko a 12 ka ho lekana le ka makhethe ho tloha ka leboea ho ea ka boroa. Ho ile ha qaloa ka leloko la Dane, le neng le le moeling qetellong ea lehlakore le ka leboea ’me ha qetelloa ka leloko la Gade le neng le le moeling qetellong ea lehlakore le ka boroa. Leloko ka leng le ne le e-na le moeli o tlohang karolong e ka ntle ea naha lehlakoreng le ka bochabela la Leoatle le Leholo kapa Leoatle la Mediterranean ka bophirimela.—Ezek. 47:20.

      10. Pono ee ea ho arola naha e ile ea etsa hore Bajuda ba botlamuoeng ba kholisehe ka eng?

      10 Pono ee ea ho arola naha e ile ea etsa hore Bajuda ba botlamuoeng ba kholisehe ka eng? Tsela e hlakileng eo Ezekiele a ileng a hlalosa ka eona hore na naha e lokela ho aroloa joang, e tlameha ebe e ile ea kholisa Bajuda ba botlamuoeng hore naha e ne e tla aroloa ka tsela e hlophisehileng. Taba ea hore naha e ne e tla aroloa ka ho lekana malokong ’ohle a 12, e ne e hatisa taba ea hore Bajuda ba tsoang botlamuoeng ba ne ba tla fumana naha e le lefa la bona. Batho bohle ba khutlileng ba ne ba tla ba le sebaka se ba lekaneng.

      Monna ea shebahalang joaloka koporo o bontša Ezekiele naha.

      LEBOKOSE LA 20A: Naha ea Aroloa

      11. Re ka ithuta’ng ponong ea boprofeta bo buang ka ho arola naha? (Sheba lebokose le reng “Naha ea Aroloa.”)

      11 Kajeno re ka ithuta lintho life ponong ee ea Ezekiele? Naheng e Tšepisitsoeng e ileng ea tsosolosoa, ho ne ho e-na le sebaka bakeng sa baprista, Balevi, likhosana le maloko ’ohle a 12. (Ezek. 45:4, 5, 7, 8) Ka tsela e tšoanang, kajeno ha se batlotsuoa le batho ba etellang pele ba “bongata bo boholo” feela ba tla fumana sebaka naheng ea batho ba Molimo empa le batho ba bang bohle ba bongata bo boholo ba tla fumana sebaka.a (Tšen. 7:9) Ho sa tsotellehe hore na u etsa mosebetsi ofe ka mokhatlong oa Molimo, u ka kholiseha hore Molimo oa u bona ebile o ananela mosebetsi oa hao haholo. Taba ena e re khothatsa haholo.

      Litšoantšo: Batho ba Molimo kajeno. 1. Morali oa bo rona o hlokomela ’mè oa hae ea seng a holile ’me o mo fa meriana. 2. Moromuoa o koetlisa mohoeletsi e mocha tšimong. Ba bolela litaba tse monate lebopong la leoatle. 3. ’Mè o balla bana ba hae ba babeli Bibele. 4. Mor’abo rona Gerrit Lösch o hlalosa temana ea letsatsi Bethele. 5. Nkhono oa rapela. O tšoere Bibele le lethathamo la mabitso a Bakreste-’moho le rona ba teronkong. 6. Mor’abo rona o hloekisa ntloana Holong ea ’Muso. 7. Mor’abo rona o pakisa likoloi Holong ea Kopano. 8. Bara ba bo rona baa rekota ofising ea phetolelo.

      Ho sa tsotellehe hore na re na le boikarabelo bofe ka mokhatlong oa Jehova, o ananela boiteko ba rona (Sheba serapa sa 11)

      Lintho Tse Peli Tse Fapaneng Tsa Boprofeta ba Ezekiele li Bohlokoa Hakae ho Rona?

      12, 13. Jehova o ile a re maloko a aroleloe naha joang?

      12 Litaelo tse ling tseo Jehova a ileng a li fa Ezekiele e tlameha ebe li ile tsa mo makatsa hobane li ne li fapane le tseo a ileng a li fa Moshe. Li ne li fapane ka litsela tsena tse peli: E ’ngoe e ne e bua ka naha, e ’ngoe e bua ka baahi ba eona.

      13 A re bueng ka ea pele e leng naha. Moshe o ne a laetsoe hore a fe maloko a maholo naha e kholo ho feta maloko a manyenyane. (Num. 26:52-54) Leha ho le joalo, ponong ea Ezekiele Jehova o ile a laela hore maloko ’ohle a aroleloe naha “ka ho lekana.” (Ezek. 47:14) Kahoo, moeli o tlohang ka leboea ho ea ka boroa oa lefa la leloko ka leng, o ne o lokela ho lekana malokong ’ohle a 12. Baiseraele bohle, ho sa tsotellehe hore na ba tsoa lelokong lefe, ba ne ba tla fumana ka ho lekana lijalo tse hlahisoang ke Naha e Tšepisitsoeng e neng e na le metsi.

      14. Jehova o ile a fa Ezekiele litaelo life tse fapaneng le tseo a ileng a li fa Moshe?

      14 A re bueng ka ea bobeli e leng baahi. Molao oa Moshe o ne o sireletsa balichaba ebile o ba lumella hore ba sebeletse Jehova empa ba ne ba sa aroleloe naha. (Lev. 19:33, 34) Empa ntho eo Jehova a e bolellang Ezekiele hona joale e fapane haholo le litaelo tseo a ileng a li fa Moshe. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Le fe molichaba lefa naheng ea leloko leo a lulang ho lona.” Ka taelo ena Jehova o ile a etsa hore ho se ke ha e-ba le phapang pakeng tsa “Baiseraele” le balichaba ba neng ba lula le bona. (Ezek. 47:22, 23) Naheng eo Ezekiele a ileng a e bona, batho ba lulang teng ba ne ba rapela Jehova hammoho, ho se na ea betere ho feta e mong.—Lev. 25:23.

      15. Litaelo tsa Jehova tse buang ka naha le baahi ba eona li bontša hore ke Molimo ea joang?

      15 E tlameha ebe litaelo tsena tse peli tseo Ezekiele a ileng a li fumana mabapi le naha le baahi ba eona li ile tsa khothatsa Bajuda ba botlamuoeng haholo. Ba ne ba kholisehile hore Jehova o tla ba arolela naha ka ho lekana ho sa tsotellehe hore na ke Baiseraele kapa ke balichaba ba mo rapelang. (Esdr. 8:20; Neh. 3:26; 7:6, 25; Esa. 56:3, 8) Litaelo tsena li ile tsa ba kholisa hore Jehova o rata bahlanka ba hae kaofela ka ho lekana ebile ke ba bohlokoa ho eena. (Bala Hagai 2:7.) Le rona taba ena e re khothatsa haholo, ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho ea phela leholimong kapa lefatšeng.

      16, 17. (a) Ho ithuta ka lintlha tse buang ka naha le baahi ba eona ho re thusa joang? (b) Re tl’o bua ka’ng khaolong e latelang?

      16 Ho ithuta ka lintlha tse buang ka naha le baahi ba eona ho re thusa joang? Ho re hopotsa hore re lokela ho rapela Jehova hammoho ho se na motho ea nkang hore o bohlokoa ho feta ba bang. Jehova ha a na khethollo. Re lokela ho ipotsa: ’Na le ’na ha ke na khethollo joaloka Jehova? Na ke hlompha barapeli-’moho le ’na ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe kapa ho sa tsotellehe maemo a bona?’ (Bar. 12:10) Rea thaba hore ebe Jehova Ntate oa rona ea leholimong o etsa hore kaofela ha rona re fumane lintho tse re thusang hore re matlafatse tumelo ea rona le hore re thabele litlhohonolofatso tseo a re fang tsona ha re ntse re mo sebeletsa.—Bagal. 3:26-29; Tšen. 7:9.

      Barali ba bo rona ba merabe le lilemo tse sa tšoaneng ba etsa borapeli ba lelapa ha morali oa bo rona ea holofetseng.

      Na joaloka Jehova ha re na khethollo ebile re hlompha batho ba bang? (Sheba serapa sa 15 le 16)

      17 Hona joale a re bueng ka tšepiso ea bone ea Jehova ea hore o tla ba le Bajuda ba botlamuoeng. Re tl’o ithuta’ng tšepisong eo? Re tla fumana karabo khaolong e latelang.

      a E le hore u fumane lintlha tse ling ka sebaka se khethehileng le mosebetsi oo Jehova a o fileng baprista le likhosana naheng ea batho ba hae, sheba Khaolo ea 14 ea buka ena.

      U ITHUTILE’NG KA BORAPELI BA ’NETE?

      1. Ke hobane’ng ha u lumela hore le kajeno re ka khona ho sebeletsa Jehova ka tsela eo a e amohelang?

      2. U ka kholisoa ke’ng hore le uena u ka khona ho sebeletsa Jehova ka tsela eo a e amohelang?

      3. Pono ea Ezekiele ea ho arola naha e u ruta’ng ka Jehova?

  • “Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
    • Setšoantšo sa motse o bitsoang ‘Jehova o Teng Moo.’

      KHAOLO EA 21

      “Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”

      EZEKIELE 48:35

      NTLHA-KHOLO: Khaolo ena e tl’o bua ka hore na motse le monehelo li bolela’ng

      1, 2. (a) Ke karolo efe ea naha e khethehileng e neng e lokela ho behelloa ka thoko? (Sheba setšoantšo se ka mor’a buka.) (b) Pono ee e khothatsa Bajuda ba botlamuoeng joang?

      PONONG ea hae ea ho qetela, Ezekiele o bona karolo e itseng ea naha e beheletsoe ka thoko bakeng sa mosebetsi o khethehileng. Karolo eo ha ea behelloa ka thoko bakeng sa leloko le itseng la Baiseraele empa ke monehelo oa Jehova. Ezekiele o boetse o bona motse o nang le lebitso le makatsang. Karolo ena ea pono ea Ezekiele, e khothatsa Bajuda ba botlamuoeng hore Jehova o tla ba le bona ha ba khutlela naheng ea habo bona.

      2 Ezekiele o re fa lintlha tse hlakileng tse buang ka naha ena e beheletsoeng ka thoko e le monehelo. A re ke re bueng ka naha ena le hore na e bolela’ng ho rona barapeli ba Jehova.

      Setšoantšo sa naha e bitsoang ‘sebaka sohle se fanoeng e le monehelo’ le motse o bitsoang ‘Jehova o Teng Moo.’ Tempele eo Ezekiele a e boneng ponong e khantšitsoeng ke khanya ea Jehova e lutse holim’a thaba e telele e nang le noka e phallang.

      “Monehelo o Halalelang Hammoho le . . . Motse”

      ’Mapa oa naha eo Jehova a e beheletseng ka thoko e bitsoang ‘monehelo’ le lebokose le bontšang ‘sebaka sohle se fanoeng e le monehelo.’

      LEBOKOSE LA 21A: “Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko”

      3. Ke likarolo life tse hlano tsa naha tseo Jehova a ileng a li behella ka thoko ’me li ne li sebelisetsoa eng? (Sheba lebokose le reng “Monehelo oo le Tla o Behella ka Thoko.”)

      3 Sebaka se khethehileng se ne se e-na le mahlakore a mane a lekanang ’me a le bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 13. Karolo ena ea naha e ne e bitsoa “sebaka sohle se fanoeng e le monehelo.” Se ne se arotsoe ka likarolo tse tharo. Karolo e ka holimo e ne e le ea Balevi ’me e mahareng e le ea tempele le baprista. Likarolo tseo tse peli, e ne e le “monehelo o halalelang.” Karolo e nyenyane e tlase kapa “sebaka se setseng” se ne “se tla sebelisoa ke batho bohle.” Sebaka seo e ne e le sa motse.—Ezek. 48:15, 20.

      4. Re ithuta’ng tlalehong e buang ka naha e ileng ea fuoa Jehova?

      4 Re ithuta’ng tlalehong e buang ka naha e ileng ea fuoa Jehova? Taba ea hore sechaba sa Iseraele se ne se lokela ho qala pele ka ho fa Jehova karolo e itseng ea naha ebe ka mor’a moo ho fuoa maloko a Iseraele, e bontša hore Jehova o ne a batla hore karolo ena ea naha e nkoe e le ea bohlokoa. (Ezek. 45:1) E tlameha ebe Bajuda ba botlamuoeng ba ile ba ithuta lintho tse ngata tseleng eo naha e ileng ea ajoa ka eona. Ho sebeletsa Jehova e ne e lokela ho ba ntho ea bohlokoa bophelong ba bona. Le kajeno re nka ho ithuta Lentsoe la Molimo, ho ea libokeng le ho ruta batho Bibele e le tsona lintho tsa bohlokoa bophelong ba rona. Jehova o re behela mohlala o motle ka ho etsa lintho tsa bohlokoa pele. Le rona re ka mo etsisa ka ho etsa hore ho mo sebeletsa e be eona ntho ea bohlokoa bophelong ba rona.

      “Motse o Tla ba Bohareng ba Sebaka Seo”

      5, 6. (a) Motse oo e ne e le oa mang? (b) Motse oo e ne e se eng? Fana ka mabaka.

      5 Bala Ezekiele 48:15. Ke’ng e neng e etsa hore “motse” le libaka tse haufi le oona e be tsa bohlokoa? (Ezek. 48:16-18) Ponong Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Sebaka se fuoeng motse . . . e tla ba sa Baiseraele bohle.” (Ezek. 45:6, 7) Kahoo, motse le libaka tse haufi le oona e ne e se “monehelo o halalelang” o neng o tla ‘behelloa ka thoko hore o fuoe Jehova.’ (Ezek. 48:9) Ha re ntse re nahanne ka taba ena, a re bueng ka hore na re ka ithuta’ng ka motse ona mehleng ena.

      6 Re lokela ho tseba hore na motse oo e ne e le eng e le hore re tle re fumane lintho tseo re ka ithutang tsona ho oona. E ne e se motse oa Jerusalema o hahiloeng bocha le tempele ea oona. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane motse oo Ezekiele a ileng a o bona ponong o ne o se na tempele. Hape motse ona e ne e se o mong oa metse e neng e le teng naheng e tsosolositsoeng ea Iseraele. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane Bajuda ba tsoang botlamuoeng kapa bana ba bona ha ba e-s’o ka ba haha motse o nang le lintho tse hlalositsoeng ponong ena. Ho ekelletsa moo, motse oo e ne e se motse o leholimong. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Ke hobane o ne o hahiloe sebakeng se “sebelisoang ke batho bohle [se sa halaleleng.]” Sebaka sena se ne se fapane le sebaka se khethetsoeng borapeli.—Ezek. 42:20.

      7. Ezekiele o bone motse ofe ’me ho bonahala eka o ne o tšoantšetsa’ng? (Sheba setšoantšo se qalang.)

      7 Ha e le hantle, ke motse ofe oo Ezekiele a o boneng? Hopola hore o ile a bona motse ona ha a ne a bona pono ea ho arola naha. (Ezek. 40:2; 45:1, 6) Lentsoe la Molimo le bontša hore naha ena ke ea tšoantšetso, kahoo le motse ona e tlameha ebe ke oa tšoantšetso. Ha e le hantle lentsoe “motse” le bolela’ng? Lentsoe lena le etsa hore re nahane ka batho ba lulang hammoho ka tsela e hlophisehileng. Kahoo, ho bonahala eka motse o hahiloeng ka makhethe oo Ezekiele a ileng a o bona, o tšoantšetsa balaoli ba hlophisehileng.

      Setšoantšo sa motse o bitsoang ‘Jehova o Teng Moo.’

      8. Balaoli ba tla be ba okametse bo-mang ’me ke hobane’ng ha re cho joalo?

      8 Balaoli ba tla be ba okametse bo-mang? Pono ea Ezekiele e re thusa ho bona hore balaoli ba tla etella pele batho ba sebeletsang Molimo ka tsela eo a e amohelang. Kahoo, kajeno balaoli ba etella pele mosebetsi o etsoang ke batho ba Molimo. Taba ea hore motse ona o naheng ea batho bohle e bolela’ng? Taba ena e re hopotsa hore balaoli bana ha ba etelle lintho pele leholimong empa ba li etella pele mona lefatšeng e le hore ba tle ba thuse batho ba Molimo.

      9. (a) Kajeno ke bo-mang ba etellang pele batho ba Molimo lefatšeng? (b) Jesu o tla etsa’ng nakong ea Lilemo Tse Sekete?

      9 Ke bo-mang ba tla beng ba etella pele lintho mona lefatšeng? Ponong ea Ezekiele, motho ea neng a etella pele motse o ne a bitsoa “khosana.” (Ezek. 45:7) Khosana e ne e se moprista kapa Molevi empa mosebetsi oa hae e ne e le ho etella batho pele. Khosana ena e etsa hore re nahane ka banna ba etellang pele liphuthehong bao e seng batlotsuoa. Balisa bana ke karolo ea “linku tse ling” ebile ba sebetsa ba ikokobelitse tlas’a puso e leholimong ea Kreste. (Joh. 10:16) Nakong ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla khetha baholo kapa “likhosana” tse tšoanelehang “lefatšeng lohle.” (Pes. 45:16) Ba tla hlokomela batho ba Molimo nakong ea Lilemo Tse Sekete ba tataisoa ke ’Muso o leholimong.

      “Jehova o Teng Moo”

      10. Motse oo o bitsoa’ng? Lebitso la oona le etsa hore re kholisehe ka eng?

      10 Bala Ezekiele 48:35. Lebitso la motse oo ke “Jehova o Teng Moo.” Lebitso leo lea re kholisa hore Jehova o teng motseng oo. Ha Jehova a bontša Ezekiele motse ona o bohareng ba naha, ha e le hantle o ne a re ho Bajuda ba botlamuoeng: ‘Ke tla ba le lona hape!’ Kannete taba ena ea khothatsa.

      11. Re ithuta’ng ponong ea Ezekiele e buang ka motse le lebitso la oona?

      11 Re ithuta’ng boprofeteng boo ba Ezekiele? Lebitso la motse ona le etsa hore le rona bahlanka ba Molimo kajeno re kholisehe hore Jehova o lula a e-na le bahlanka ba hae ba tšepahalang mona lefatšeng ebile o tla lula a e-na le bona. Lebitso lena le hatisa ntlha ena ea bohlokoa: Motse oo ha oa etsetsoa ho fa balaoli matla empa o etselitsoe ho thusa batho ba Jehova hore ba phele ka melao ea hae e lokileng. Ka mohlala, re ka re Jehova ha aa ka a fa balaoli bao matla a ho arola naha. Empa Jehova o lebeletse hore balaoli ba hlomphe litaelo tsa hae tsa ho arola naha eo a e fileng bahlanka ba hae, ho akareletsa le ‘bafutsana.’—Liprov. 19:17; Ezek. 46:18; 48:29.

      12. (a) Ke ntho efe e ikhethang ka motse oo ’me ntho eo e bontša’ng? (b) Pono eo e hopotsa baholo ntlha efe ea bohlokoa?

      12 Ke ntho efe e ikhethang ka motse oo o bitsoang “Jehova o Teng Moo”? Metse ea mehleng ea khale e ne e e-na le marako a e sireletsang ebile e e-na le likeiti tse ’maloa feela empa motse ona oona o na le likeiti tse 12. (Ezek. 48:30-34) Likeiti tsena tse ngata (ho ne ho e-na le tse tharo ka mahlakoreng ’ohle a mane a motse) li bontša hore balaoli ba motse oo ke batho ba atamelehang ebile ba lula ba ikemiselitse ho thusa bahlanka bohle ba Molimo. Taba ea hore motse ona o ne o e-na le likeiti tse 12 e ne e bontša hore “Baiseraele bohle” ba ne ba ka kena ho oona. (Ezek. 45:6) Batho ba ne ba ka kena habonolo motseng ona hobane o ne o e-na le likeiti tse ngata. Ntlha ena e ka hopotsa baholo ba Bakreste hore Jehova o batla hore e be batho bao ho leng bonolo ho bua le bona le ba lulang ba ikemiselitse ho thusa bahlanka bohle ba Jehova.

      Moholo o qoqa le bana ba banyenyane ka Holong ea ’Muso ’me o shebile litšoantšo tseo ba li teroileng.

      Baholo ke batho bao ho leng bonolo ho buisana le bona ebile ba lula ba ikemiselitse ho thusa batho ba bang (Sheba serapa sa 12)

      Batho ba Molimo “ba Tlileng ho Tla mo Rapela” le “ba Sebetsang Motseng”

      13. Jehova o re’ng ka mesebetsi e fapaneng eo batho ba neng ba tla e etsa?

      13 A re ke re khutleleng mehleng ea Ezekiele ’me re bone lintlha tse ling tseo a li ngotseng ka pono ea ho arola naha. Jehova o bua ka batho ba etsang mesebetsi e fapaneng. Baprista “ba sebeletsang sehalalelong” ba ne ba fana ka mahlabelo ba bile ba sebeletsa Jehova. Balevi e leng “batho ba sebetsang tempeleng” ba ne “ba tla hlokomela mesebetsi eohle e lokelang ho etsoa ho eona.” (Ezek. 44:14-16; 45:4, 5) Pel’a motse ho ne ho tl’o ba le basebetsi. Basebetsi bao ke bo-mang?

      14. Batho ba sebetsang pel’a motse ba re hopotsa eng?

      14 Basebetsi bao ba tsoa “malokong ’ohle a Iseraele” pel’a motse. Mosebetsi oa bona e ne e le ho tšehetsa batho ba sebetsang motseng. Ba ne ba jala ’me “batho ba sebetsang motseng ba je lihlahisoa” tseo. (Ezek. 48:18, 19) Na taba ee e re hopotsa monyetla oo re nang le oona kajeno? Ho joalo. Kajeno, bahlanka bohle ba lulang naheng ea batho ba Molimo ba na le monyetla oa ho tšehetsa bana ba bo Kreste, e leng batlotsuoa le ho tšehetsa ba bang ba “bongata bo boholo” bao Jehova a ba khethileng hore ba etelle pele. (Tšen. 7:9, 10) Tsela ea bohlokoa eo re ka bontšang hore re tšehetsa ba re etellang pele ka eona ke ka ho mamela litaelo tseo re li fuoang ke mohlanka ea tšepahalang.

      15, 16. (a) Re ka ithuta eng hape ponong ea Ezekiele? (b) Ke mesebetsi efe eo re ka e etsang kajeno?

      15 Ho na le ntho e ’ngoe ponong ea Ezekiele e ka re thusang ha re ntse re etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele. Ke ntho efe? Jehova o re batho ba Iseraele ba sa tsoeng lelokong la Levi ba ne ba tla sebetsa libakeng tse peli: lebaleng la tempele le lekhulong la motse. Ba ne ba etsa’ng libakeng tseo? Lebaleng la tempele maloko ’ohle a ne a tla ‘ho tla rapela’ Jehova le ho mo etsetsa mahlabelo. (Ezek. 46:9, 24) Naheng ea motse maloko ’ohle a ne a tla hore a tl’o tšehetsa motse ka hore a leme naha. Re ka ithuta’ng ho basebetsi baa?

      16 Kajeno batho ba bongata bo boholo ba na le monyetla oa ho etsa mosebetsi o tšoanang le o neng o etsoa ponong ea Ezekiele. Ba rapela Jehova “tempeleng ea hae” ha ba mo etsetsa mahlabelo ka ho mo rorisa. (Tšen. 7:9-15) Ba mo rorisa hape ha ba ruta batho Bibele le ha ba nka karolo libokeng tsa Bokreste. Ho sebeletsa Jehova ka tsela ena ke ntho ea bohlokoa bophelong ba bona. (1 Likron. 16:29) Batho ba bang ba tšehetsa mokhatlo oa Molimo ka litsela tse ling tse ngata. Ka mohlala, ba bang ba thusa ka ho haha le ho hlokomela Liholo tsa ’Muso le mehaho ea makala ebile ba thusa ka liprojeke tse ling tse ngata tsa mokhatlo oa Jehova. Ba bang bona ba tšehetsa liprojeke tsena ka menehelo. Ba etsa mesebetsi ena kaofela, e tšoantšoang le ho lema naha e le hore “Molimo a rorisoe.” (1 Bakor. 10:31) Ba etsa mosebetsi oa bona ka mafolo-folo ba bile ba thabile hobane baa tseba hore Jehova “o thabisoa ke mahlabelo a joalo.” (Baheb. 13:16) Uena u tšehetsa mokhatlo oa Jehova ka litsela life?

      Batho ba tšoere koro ebile ba hlokometse likhomo le linku keiting ea motse o bitsoang ‘Jehova o Teng Moo.’

      Re ka ithuta’ng tseleng eo Ezekiele a ileng a hlalosa mesebetsi e neng e etsoa pel’a likeiti tsa motse? (Sheba serapa sa 14 ho ea ho 16)

      “Re Lebeletse Maholimo a Macha le Lefatše le Lecha”

      17. (a) Boprofeta ba Ezekiele bo tl’o phethahala kaofela joang nakong e tlang? (b) Nakong ea Lilemo Tse Sekete balaoli ba motse ba tla be ba tataisa bo-mang?

      17 Na nakong e tlang re tla bona ha boprofeta ba Ezekiele bo buang ka monehelo bo phethahala kaofela? Ho joalo! Nahana ka taba ena: Ezekiele o ile a bona hore sebaka se bitsoang “monehelo o halalelang” se ne se le bohareng ba naha. (Ezek. 48:10) Ka tsela e tšoanang ka mor’a Armagedone, Jehova o tla lula le rona ho sa tsotellehe hore na re hokae lefatšeng. (Tšen. 21:3) Nakong ea Lilemo Tse Sekete, batho ba tšoantšoang le motse oa balaoli, e leng balisa ba tla khethoa hore ba hlokomele batho ba Molimo mona lefatšeng, ba tla etsa mosebetsi o moholo lefatšeng lohle oa ho tataisa batho ba tla beng ba phela ‘lefatšeng le lecha.’—2 Pet. 3:13.

      18. (a) Ke hobane’ng ha re kholisehile hore balaoli ba tšoantšoang le motse ba tla etsa liqeto tse thabisang Molimo? (b) Lebitso la motse le etsa hore re kholisehe ka eng?

      18 Ke hobane’ng ha re kholisehile hore balaoli ba motse ba tla etsa lintho ka tsela e thabisang Molimo? Ke hobane Lentsoe la Molimo le bontša ka ho hlaka hore motse o lefatšeng o nang le likeiti tse 12 o tšoana le o leholimong o nang le likeiti tse 12, e leng Jerusalema e Ncha e nang le batlotsuoa ba 144 000 ba tla busa le Kreste. (Tšen. 21:2, 12, 21-27) Taba ena e bontša hore balaoli ba mona lefatšeng ba tla phethahatsa liqeto tse entsoeng ke ’Muso oa Molimo o leholimong. Lebitso la motse le reng “Jehova o Teng Moo” lea re kholisa hore borapeli ba ’nete bo tla lula bo le teng Paradeiseng. Kannete ho tla ba monate nakong e tlang!

      U ITHUTILE’NG KA BORAPELI BA ’NETE?

      1. Boprofeta ba Ezekiele bo buang ka monehelo oa Jehova bo re ruta’ng ka ho etsa lintho tsa bohlokoa pele?

      2. U ka tšehetsa mokhatlo oa Jehova ka litsela life?

      3. Ke mosebetsi ofe oo e leng oa bohlokoa bophelong ba hao?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela