KAROLO EA BONE
“Ke Tla Etsa ka Hohle ho Loanela Lebitso la ka le Halalelang”—Molimo o Sireletsa Borapeli ba ’Nete
NTLHA-KHOLO: Jehova o sireletsa batho ba hae nakong ea mahlomola a maholo
Jehova oa re rata, leha ho le joalo o tla re ahlola ho ea ka lintho tseo re li etsang. Molimo o ikutloa joang ka batho ba reng baa mo rapela empa tsela eo ba itšoereng ka eona e bontša hore ha ba mo tšepahalle? O tl’o khetha batho ba tla pholoha mahlomola a maholo joang? Ke hobane’ng ha Jehova e leng Molimo ea lerato a tla ahlola batho ba bangata ba khopo?