Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rr leq. 212
  • Naha ea Aroloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Naha ea Aroloa
  • Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebaka le mosebetsi oa bohlokoa
  • Naha e aroloa ka ho lekana
  • “Arola Naha e le Lefa”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • ‘Beha Pelo ea Hao’ Tempeleng ea Molimo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • “Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • “Tempele” le “Morena” Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
rr leq. 212
Monna ea shebahalang joaloka koporo o bontša Ezekiele naha.

LEBOKOSE LA 20A

Naha ea Aroloa

Tsela e hlakileng eo meeli e neng e tl’o aroloa ka eona e ile ea kholisa Bajuda ba botlamuoeng hore ba ne ba tla khutlela naheng ea habo bona. Kajeno re ka ithuta’ng ponong ee? Nahana ka likarolo tse peli tsa pono ena:

’Mapa o bontšang meeli eo naha e aroloang e lokelang ho fella ho eona bakeng sa Bajuda ba tsoang botlamuoeng joalokaha boprofeta ba Ezekiele bo bontša. Naha e aroloa ka ho lekana bakeng sa maloko ho tloha ka leboea ho ea ka boroa, ho qaloa ka leloko la Dane, Ashere, Nefthali, Manase, Efraime, Rubene, Juda, Monehelo (moo ho lulang balaoli), Benjamine, Simeone, Isakare, Zabulone le Gade.

Sebaka le mosebetsi oa bohlokoa

Batho bohle ba khutlileng botlamuoeng ba ne ba tla fumana lefa la naha Naheng e Tšepisitsoeng. Le kajeno, bahlanka bohle ba Jehova ba na le sebaka ka mokhatlong oa hae. Ho sa tsotellehe hore na u etsa mosebetsi ofe ka mokhatlong oa Molimo, u ka kholiseha hore Molimo oa u bona ebile o ananela mosebetsi oa hao haholo. Jehova o nka bahlanka bohle ba hae e le ba bohlokoa.

Naha e aroloa ka ho lekana

Ponong ea Ezekiele, motho e mong le e mong ea neng a tla phela Naheng e Tšepisitsoeng o ne a tla fuoa sebaka se mo lekaneng. Le kajeno, Jehova o file bahlanka bohle ba hae lintho tse ba thusang ho matlafatsa tumelo ea bona le hore ba thabele litlhohonolofatso tseo a ba fang tsona ha ba ntse ba mo sebeletsa.

Khutlela khaolong ea 20, lirapeng tsa 5-11

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela