-
’Muso oa Molimo ke Eng?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 31
’Muso oa Molimo ke Eng?
Molaetsa o ka sehloohong oo Bibele e buang ka oona ke ’Muso oa Molimo. Jehova o tla sebelisa ’Muso oo ho etsa hore lefatše e be Paradeise joalokaha a ne a rerile ho tloha qalong. ’Muso oa Molimo ke eng? Re tseba joang hore oa busa hona joale? O se o entse lintho life? Hona o tla etsa lintho life nakong e tlang? Khaolo ena le tse peli tse latelang li tla araba lipotso tsena.
1. ’Muso oa Molimo ke eng, hona Morena oa oona ke mang?
’Muso oa Molimo ke puso e thehiloeng ke Jehova Molimo. Morena oa oona e leng Jesu Kreste o busa a le leholimong. (Matheu 4:17; Johanne 18:36) Ha Bibele e bua ka Jesu e re: “O tla busa e le morena . . . ka ho sa feleng.” (Luka 1:32, 33) Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla busa batho bohle ba lefatšeng.
2. Jesu o busa le bo-mang?
Jesu ha a buse a le mong. Batho ba tsoang “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng . . . ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:9, 10) Ke batho ba bakae ba tla busa le Kreste? Ho tloha ha Jesu a ne a le lefatšeng, Bakreste ba limilione e ile ea e-ba balateli ba hae. Empa ke ba 144 000 feela ba tla ea leholimong ho ea busa le Jesu. (Bala Tšenolo 14:1-4.) Bakreste ba bang bohle ba lefatšeng, ba tla ba tlas’a ’Muso oo.—Pesaleme ea 37:29.
3. Ke joang ’Muso oa Molimo o leng molemo ho feta mebuso ea batho?
Le hoja babusi ba bang ba batla ho etsetsa batho lintho tse molemo, ha ba na matla a ho etsa lintho tsohle tseo ba li batlang. Ha nako e ntse e e-ea ba hlahlangoa ke ba bang ba ka ’nang ba se ke ba nahanela litlhoko tsa batho. Empa Jesu Morena oa ’Muso oa Molimo o tla lula a busa. Molimo o ‘emisitse ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla.’ (Daniele 2:44) Jesu o tla busa lefatše lohle ’me a ke ke a rata batho ba bang ho feta ba bang. O lerato, o mosa ’me o na le toka ebile o tla ruta batho hore le bona ba tšoare ba bang ka lerato, mosa le ka toka.—Bala Esaia 11:9.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Hlokomela hore na ke hobane’ng ha ’Muso oa Molimo o le molemo ho feta mebuso ea batho.
4. Lefatše lohle le tla busoa ke ’muso o matla
Jesu Kreste o na le matla a ho busa ho feta ’musi leha e le ofe. Bala Matheu 28:18 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha Jesu a e-na le matla a ho busa a fetang a babusi ba bang?
Babusi ba lefatše ba busa karolo e itseng feela ea lona hape ba busa nako e khutšoanyane. Empa ’Musong oa Molimo teng ho ke ke ha e-ba joalo. Bala Daniele 7:14 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Ke hobane’ng ha e le ntho e thabisang ho tseba hore ’Muso oa Molimo o ke ke oa felisoa?
Ke hobane’ng ha e le ntho e thabisang ho tseba hore ’Muso oa Molimo o tla busa lefatše lohle?
5. Mebuso ea lefatše e lokela ho felisoa
Ke hobane’ng ha e le ’Muso oa Molimo feela o lokelang ho busa batho? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Litla-morao tsa ho busoa ke batho ke life?
Bala Moeklesia 8:9 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Na u nahana hore ke ’Muso oa Molimo feela o lokelang ho busa? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
6. Batho ba il’o busa ’Musong oa Molimo baa re utloisisa
Kaha Morena oa rona Jesu e kile ea e-ba motho, o tla khona ho “utloela mefokolo ea rona bohloko.” (Baheberu 4:15) Jehova o khethile banna le basali ba tšepahalang ba 144 000 “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng” hore ba il’o busa le Jesu.—Tšenolo 5:9.
Na u utloa e le ntho e khothatsang ho tseba hore Jesu le batho ba il’o busa le eena baa tseba hore na ho joang ho ba motho? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Jehova o khethile banna le basali ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše hore ba il’o busa le Jesu
7. Melao ea ’Muso oa Molimo e molemo ho feta ea batho
Mebuso ea lefatše e etsa melao eo e nahanang hore e tla sireletsa batho. ’Muso oa Molimo le oona o na le melao eo batho ba busoang ke oona ba lokelang ho e latela. Bala 1 Bakorinthe 6:9-11 ebe le buisana ka lipotso tsena:
U nahana hore lefatšeng ho tla ba joang ha batho bohle ba se ba mamela melao ea Molimo?a
Na u nahana hore ke ntho e utloahalang hore ebe Jehova o lebeletse hore batho ba busoang ke ’Muso oa hae ba mamele melao ea hae? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Ke eng e bontšang hore batho ba sa mameleng melao ea Molimo ba ka fetoha? (Sheba temana ea 11.)
Mebuso ea lefatše e etsa melao e le hore e thuse batho le ho ba sireletsa. Empa ’Muso oa Molimo oona o na le melao e molemo le ho feta e thusang batho ba busoang ke oona le ho ba sireletsa
MOTHO A KA ’NA A RE: “ ’Muso oa Molimo ke eng?”
U tla mo araba joang?
KAKARETSO
’Muso oa Molimo ke ’muso o leholimong o tla busa lefatše lohle.
Re Ithutile’ng?
Ke bo-mang ba tl’o busa ’Musong oa Molimo?
Ke ka tsela efe ’Muso oa Molimo o leng molemo ho feta mebuso ea lefatše?
Jehova o lebeletse hore batho ba tla busoa ke ’Muso oa hae ba etse’ng?
BATLA
Ithute hore na Jesu o ile a re ’Muso oa Molimo o hokae.
“Na ’Muso oa Molimo o ka Pelong ea Hao?” (Sehlooho se websaeteng)
Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li khetha ho tšepahalla ’Muso oa Molimo eseng mebuso ea batho?
Hlokomela hore na Bibele e re’ng ka batho ba 144 000 bao Jehova a ba khethileng hore ba il’o busa le Jesu.
Ke eng e thusitseng ’mè e mong ea neng a le teronkong ho bona hore Molimo ke eena feela ea tla etsa hore ho be le toka lefatšeng?
“Kamoo ke Ileng ka Fumana Hore na ke Hobane’ng ha ho E-na le ho Hloka Toka” (Tsoha!, November 2011)
a E meng ea melao ena ho tla buuoa ka eona Karolong ea 3.
-
-
’Muso oa Molimo oa BusaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 32
’Muso oa Molimo oa Busa
’Muso oa Molimo o qalile ho busa leholimong ka selemo sa 1914, e leng nako eo mehla ea bofelo e qalileng ka eona. Re tseba seo joang? Re tl’o bua ka boprofeta ba Bibele, lintho tse etsahalang lefatšeng le tsela eo esale batho ba etsa lintho ka eona ho tloha ka 1914.
1. Ke’ng seo Bibele e ileng ea se profeta?
Buka ea Bibele ea Daniele e ile ea bontša hore ’Muso oa Molimo o ne o tla busa qetellong ea “linako tse supileng.” (Daniele 4:16, 17) Lilemo tse makholo hamorao, Jesu o ile a hlalosa linako tseo e le “linako tse behiloeng tsa lichaba,” a ba a ruta hore ha li e-s’o fele. (Luka 21:24) Ha re ntse re ithuta, u tl’o hlokomela hore linako tse supileng li ile tsa fela ka selemo sa 1914.
2. Lintho tse ileng tsa etsahala lefatšeng ho tloha ka 1914 le tsela eo batho ba etsang lintho ka eona
Barutuoa ba Jesu ba ile ba re ho eena: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Ha Jesu a ba araba, o ile a ba bolella lintho tse ngata tse neng li tla etsahala ha a qala ho busa leholimong e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Tse ling tsa tsona ke lintoa, khaello ea lijo le litšisinyeho tsa lefatše. (Bala Matheu 24:7.) Hape khale Bibele e boletse hore tsela eo batho ba etsang lintho ka eona “matsatsing a ho qetela” e ne e tla etsa hore bophelo bo be “thata.” (2 Timothea 3:1-5) Lintho tsena li ile tsa bonahala hantle ho tloha ka selemo sa 1914.
3. Ke hobane’ng ha maemo a lefatše a ile a ba mabe le ho feta ha ’Muso oa Molimo o qala ho busa?
Ka mor’a hore Jesu e be Morena oa ’Muso oa Molimo, o ile a loana le Satane le bademona ba hae leholimong. Jesu o ile a hlola Satane. Bibele e re Satane o ile a ‘liheloa tlaase lefatšeng ’me mangeloi a hae a liheloa tlaase le eena.’ (Tšenolo 12:9, 10, 12) Satane o halefile haholo hobane oa tseba hore o tl’o felisoa. Ka lebaka leo, o etsa hore ho be le mathata le lintho tse bohloko lefatšeng. Taba ena e re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse mpe hakana. ’Muso oa Molimo o tla felisa mathata ana kaofela.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na re tseba joang hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914 le hore na seo se bolela’ng ho rona.
4. Linako tse hlahang ka Bibeleng li bontša hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914
Molimo o ile a etsa hore Morena Nebukadnezare oa Babylona a be le toro e neng e mo bontša hore na ho ne ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Toro eo le tlhaloso eo Daniele a faneng ka eona e bua ka puso ea Nebukadnezare le ’Muso oa Molimo.—Bala Daniele 4:17.a
Bala Daniele 4:20-26 ebe u sebelisa chate e latelang ho araba lipotso tsena:
(A) Nebukadnezare o ile a bona’ng torong ea hae? (Sheba temana ea 20 le 21.)
(B) Ho ne ho tla etsahala’ng ka sefate seo? (Sheba temana ea 23.)
(C) Ho ne ho tla etsahala’ng qetellong ea “linako tse supileng”? (Sheba temana ea 26.)
Toro ea Sefate e Amana Joang le ’Muso oa Molimo?
BOPROFETA (Daniele 4:20-36)
Puso
(A) Sefate se seholo
Puso ea emisa
(B) “Remang sefate” ’me le emele hore ‘linako tse supileng li fete’
Puso e tsoela pele
(C) “ ’Muso oa hao o tla [khutlisetsoa] ho uena”
Ha ho phethahala karolo ea pele ea boprofeta bona . . .
(D) Sefate se ne se emela mang? (Sheba temana ea 22.)
(E) O ile a emisa ho busa neng? (Bala Daniele 4:29-33.)
(F) Ho ile ha etsahala’ng ka Nebukadnezare qetellong ea “linako tse supileng”? (Bala Daniele 4:34-36.)
KAROLO EA PELE EA BOPROFETA EA PHETHAHALA
Puso
(D) Nebukadnezare Morena oa Babylona
Puso ea emisa
(E) Ka mor’a selemo sa 606 pele ho mehla ea Jesu, Nebukadnezare o lahleheloa ke kelello ebile o hloleha ho busa ka lilemo tse supileng
Puso e tsoela pele
(F) Nebukadnezare oa fola ’me o tsoela pele ho busa
Ha karolo ea bobeli ea boprofeta bona e phethahala . . .
(G) Sefate se ne se emela mang? (Bala 1 Likronike 29:23.)
(H) Ba ile ba emisa ho busa neng? Re tseba joang hore ba ne ba sa buse ha Jesu a le lefatšeng? (Bala Luka 21:24.)
(I) ’Muso oo o ile oa qala ho busa neng hape, hona o busa hokae?
KAROLO EA BOBELI EA BOPROFETA EA PHETHAHALA
Puso
(G) Marena a Iseraele a emelang bobusi ba Molimo
Puso ea emisa
(H) Jerusalema ea felisoa ’me marena a Iseraele a emisa ho busa ka lilemo tse 2 520
Puso e tsoela pele
(I) Jesu o qala ho busa leholimong e le Morena oa ’Muso oa Molimo
Linako tse supileng li telele hakae?
Likarolo tse itseng tsa Bibele li re thusa ho utloisisa likarolo tse ling tsa eona. Ka mohlala, lengolo la Tšenolo le re linako tse tharo le halofo li lekana le matsatsi a 1 260. (Tšenolo 12:6, 14) Linako tse supileng ke matsatsi a 1 260 ka makhetlo a mabeli, e leng matsatsi a 2 520. Ka linako tse ling ka Bibeleng, letsatsi le emela selemo. (Ezekiele 4:6) Sena ke sona se etsahetseng ka linako tse supileng tseo ho buuoang ka tsona lengolong la Daniele. Linako tseo tse supileng li emela lilemo tse 2 520.
5. Ho tloha ka 1914 boemo ba lefatše bo ile ba fetoha
Jesu o ile a bua ka lintho tse neng li tla etsahala lefatšeng ka mor’a hore e be Morena. Bala Luka 21:9-11 ebe le buisana ka potso ena:
Linthong tse hlahang moo, ke life tseo u kileng oa li bona kapa oa utloela ka tsona?
Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na batho ba ne ba tla ba joang mehleng ea bofelo. Bala 2 Timothea 3:1-5 ebe le buisana ka potso ena:
Na ho na le batho bao u kileng oa bona ba etsa lintho tsee?
6. Taba ea hore ’Muso oa Molimo oa busa e lokela ho re khothatsa
Bala Matheu 24:3, 14 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa o bontšang hore ’Muso oa Molimo oa busa hona joale?
U ka thusetsa joang mosebetsing oo?
’Muso oa Molimo oa busa hona joale ’me nako ea hore o buse ka ho feletseng lefatšeng e haufi. Bala Baheberu 10:24, 25 ebe le buisana ka potso ena:
E mong le e mong oa rona o lokela ho etsa’ng joalokaha re bona “letsatsi le ntse le atamela”?
Haeba ho ne ho e-na le ntho eo u e tsebang e neng e tla thusa batho ba bang e be e pholose bophelo ba bona, u ne u tla etsa’ng?
MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li re 1914 ke selemo sa bohlokoa?”
U ka mo araba joang?
KAKARETSO
Boprofeta ba Bibele, linako tse hlahang ka Bibeleng le maemo a lefatše li bontša hore ’Muso oa Molimo oa busa hona joale. Re bontša hore re lumela sena ka ho etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele le ka ho ea libokeng tsa Bokreste.
Re Ithutile’ng?
Ho ile ha etsahala’ng qetellong ea linako tse supileng tseo lengolo la Daniele le buileng ka tsona?
Ke’ng e etsang hore u lumele hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka selemo sa 1914?
U ka bontša joang hore oa lumela hore ’Muso oa Molimo oa busa hona joale?
BATLA
Hlokomela hore na bo-rahistori le batho ba bang ba re’ng ka liphetoho tseo esale li etsahala mona lefatšeng ho tloha ka 1914.
“Nakong eo ka Eona Boitšoaro bo Ileng ba Nyehla ka Sekhahla” (Tsoha!, April 2007)
Bala hore na boprofeta bo ho Matheu 24:14 bo ile ba ama ntate e mong joang.
“Ke ne ke Rata Papali ea Baseball Haholo” (Molula-Qhooa No. 3 2017)
Re tseba joang hore boprofeta bo hlahang lengolong la Daniele khaolo ea bone bo bua ka ’Muso oa Molimo?
“’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 1)” (Molula-Qhooa, October 1, 2014)
Ke’ng e bontšang hore “linako tse supileng” tseo ho buuoeng ka tsona ho Daniele khaolo ea bone li ile tsa fela ka 1914?
“’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 2)” (Molula-Qhooa, November 1, 2014)
a Bala lihlooho tse peli tse qetellang karolong ea Batla khaolong ena.
-
-
’Muso oa Molimo o Tl’o Etsa’ng?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 33
’Muso oa Molimo o Tl’o Etsa’ng?
’Muso oa Molimo o se o qalile ho busa. Haufinyane o tl’o etsa liphetoho tse kholo mona lefatšeng. Re tl’o ithuta ka liphetoho tse ling tse thabisang tseo u ka li lebellang ’Musong oa Molimo.
1. ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng e le hore ho be le khotso le toka lefatšeng?
Morena oa ’Muso oa Molimo e leng Jesu, o tl’o felisa batho ba khopo le mebuso ntoeng ea Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Ka nako eo, tšepiso ena e tsoang ka Bibeleng e tla phethahala: “Ho setse nakoana e seng kae ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” (Pesaleme ea 37:10) Tlas’a ’Muso ona, Jesu o tla etsa bonnete ba hore ho ba le khotso le toka lefatšeng lohle.—Bala Esaia 11:4.
2. Bophelo bo tla ba joang ha ho se ho etsahala thato ea Molimo lefatšeng?
Ha ’Muso oa Molimo o se o busa, batho “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Nahana u se u phela lefatšeng leo ho lona ho lulang batho ba lokileng feela, ba ratang Jehova le ba ratang batho ba bang. Ka nako eo, ho tla be ho se na motho ea kulang ebile batho bohle ba tla phela ka ho sa feleng.
3. ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng ka mor’a hore batho ba khopo ba felisoe?
Ka mor’a hore batho ba khopo ba felisoe, Jesu o tla busa e le Morena ka lilemo tse 1 000. Ka nako eo, Jesu le ba 144 000 ba tla beng ba busa le eena ba tla thusa batho hore ba phethahale. Qetellong ea lilemo tseo, lefatše e tla be e le paradeise ebile ho lula batho ba thabileng hobane ba mamela melao ea Jehova. Ka mor’a moo, Jesu o tla khutlisetsa ’muso ho Ntate oa hae Jehova. Lebitso la Jehova le tla halaletsoa ka ho feletseng. (Matheu 6:9, 10) Ho tla be ho hlakile hore Jehova ke ’Musi ea lokileng ea khathallang batho ba hae. Jehova o tla felisa Satane, bademona le batho bohle ba khethang ho fetohela bobusi ba hae. (Tšenolo 20:7-10) Lintho tse thabisang tseo ’Muso oa Molimo o tl’o li etsa li tla lula li le teng.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa hore Molimo o tla sebelisa ’Muso oa hae ho phethahatsa litšepiso tsohle tse ka Bibeleng.
4. ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso ea batho
‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa bothata bona.
Bala Daniele 2:44 le 2 Bathesalonika 1:6-8 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Jehova le Mora oa hae Jesu ba tla etsa’ng ka mebuso ea batho le batho ba e tšehetsang?
Lintho tseo u ithutileng tsona ka Jehova le Jesu li u kholisa joang hore ba tla etsa lintho ka toka?
5. Jesu ke Morena ea molemo
Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla thusa batho ka litsela tse ngata. Bapala VIDEO e le hore u bone kamoo Jesu a bontšitseng kateng hore o batla ho thusa batho le hore Molimo o mo file matla a ho etsa joalo.
Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore na ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng. Litlhohonolofatsong tsena tse latelang, ke life tseo u li lebeletseng ka ho fetisisa? Bala mangolo a tsamaisanang le tsona.
HA JESU A NE A LE LEFATŠENG, O ILE A . . .
NAKONG E TLANG JESU O TLA . . .
laola boemo ba leholimo. —Mareka 4:36-41.
felisa mathata a tikoloho. —Esaia 35:1, 2.
fepa batho ba likete. —Matheu 14:17-21.
felisa tlala lefatšeng. —Pesaleme ea 72:16.
folisa maloetse a mefuta eohle.—Luka 18:35-43.
etsa hore batho bohle ba phele hantle. —Esaia 33:24.
tsosa batho ba hlokahetseng.—Luka 8:49-55.
felisa lefu. —Tšenolo 21:3, 4.
6. ’Muso oa Molimo o tl’o etsa hore re thabele bophelo
’Musong oa Molimo, batho ba tl’o thabela bophelo feela joalokaha Jehova a ne a batla. Ba tla phela ka ho sa feleng lefatše e se e le paradeise. Bapala VIDEO e le hore u bone hore na Jehova o sebelisa Mora oa hae Jesu joang ho phethahatsa morero oa hae.
Bala Pesaleme ea 145:16 ebe le buisana ka potso e latelang:
Ho tseba hore Jehova o tla “khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang” ho etsa hore u ikutloe joang?
BATHO BA BANG BA RE: “Ha re sebetsa hammoho, re ka khona ho felisa mathata a teng lefatšeng.”
’Muso oa Molimo o tla felisa mathata afe ao mebuso ea batho e sa khoneng ho a felisa?
KAKARETSO
’Muso oa Molimo o tla etsa lintho tseo a li batlang. Lefatše lohle e tla ba paradeise ’me ho tla phela batho ba lokileng feela ba tla beng ba sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.
Re Ithutile’ng?
’Muso oa Molimo o tla halaletsa lebitso la Jehova joang?
Ke’ng e etsang hore re lumele hore ’Musong oa Molimo litšepiso tse ka Bibeleng li tla phethahala?
Linthong tsohle tse ntle tseo ’Muso oa Molimo o tla li etsa, ke efe eo u e lebeletseng ka ho fetisisa?
BATLA
Ithute hore na Armagedone ke eng.
Bala ka lintho tse tla etsahala nakong eo Jesu a e bitsitseng “mahlomola a maholo.”—Matheu 24:21.
Hlokomela hore na malapa a ka etsa’ng e le hore a ipone a le Paradeiseng.
Sehloohong se reng “Ke ne ke E-na le Lipotso Tse Ngata Tse Ntšoenyang,” hlokomela hore na ke joang ntate e mong ea neng a rata lipolotiki a ileng a fumana likarabo tsa lipotso tsa hae.
-