Katleho—U e Lekanya Joang?
JESSE LIVERMORE, eo ba bang ba neng ba mo talima e le mohoebi ea ipabolang khoebong ea liabo Wall Street, o ne a tsebahala ka ho etsa liqeto tsa khoebo ka bohlale. Ka lebaka leo, ea e-ba morui e moholo. O ne a apara lisutu tse ntle ka ho fetisisa tse roketsoeng eena ka ho khetheha, a lula ntlong e khōlō e likamore li 29 a bile a palama koloi e ntšo ea Rolls-Royce eo a neng a e khanneloa.
Davida o ne a lelekisa boemo bona boo. Kaha e ne e le motlatsi oa mopresidente le mookameli-kakaretso oa feme e khōlō e etsang litšoantšo, o ne a le mocheng oa ho ba mopresidente oa likarolo tse itseng tsa k’hamphani. O ile a hoheloa ke leruo le botumo. Leha ho le joalo, David o ile a iketsetsa qeto ea ho lihela mosebetsing. David o ile a re: “Kea tseba hore ha ke sa tla hlola ke e-ba boemong bo phahameng mosebetsing.” Na u nahana hore David o ne a entse phoso?
Ba bangata ba lumela hore katleho e akarelletsa ho ba morui, ho ratoa le bophahamo. Leha ho le joalo, ba hafang ka nkatana ba ka ’na ba ikutloa ba sa khotsofala ba bile ba se na morero bophelong. Monghali Livermore o ne a le boemong bona boo. Ho sa tsotellehe leruo la hae, o ne a phela bophelo ba masisa-pelo, tlokotsi le masoabi. O ile a tepella maikutlo, manyalo a hae a qhalana, ’me o ne a se na kamano e mofuthu le bara ba hae. Qetellong, ka mor’a ho lahleheloa ke karolo e khōlō ea leruo la hae, ka letsatsi le leng Monghali Livermore o ile a lula bareng ea hotele e majabajaba eaba o llela lintho tse mo lahlehetseng. O ile a reka seno, a ntša buka ea letlalo eo a neng a ngolla lintlha tsa bohlokoa ho eona, eaba o ngolla mosali oa hae molaetsa oa ho mo salisa hantle. Ha a qeta ho noa seno sena, o ile a ea phaposing eo baeti ba behang liaparo tsa bona ho eona, eo mabone a eona a neng a le lerootho, ’me a ipolaea ka sehlōhō.
Le hoja e le ’nete hore mabaka a entseng hore a ipolaee a rarahane, phihlelo ena e paka hore polelo ena ea Bibele ke ’nete: “Ba ikemiselitseng ho rua . . . ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:9, 10.
Na ho ka etsahala hore ebe ba lekanyang katleho ka leruo, maemo kapa ho hlahella ba sebelisa tekanyetso e fosahetseng? Na u nahana hore u atlehile? Hobane’ng? U sebelisa tekanyetso efe hore u fihlele qeto ee? Tsela eo u talimang katleho ka eona e susumetsoa ke eng? Sehlooho se latelang se hlahloba keletso e molemo e nolofalelitseng ba limilione hore ba atlehe. A re boneng hore na le uena u ka atleha joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.