Pale ea Bophelo
Ho Etsa Liqeto Tse Nepahetseng ho Ntliselitse Melemo Bophelong Bohle ba Ka
Joalokaha ho boletse Paul Kushnir
KA 1897 Ntate-moholo le Nkhono ba ile ba tloha Ukraine ba fallela Canada ’me ba lula haufi le Yorkton, Saskatchewan. Ba ile ba fihla ba e-na le bana ba bane—bashanyana ba bararo le ngoanana a le mong. Ke ile ka hlaha ka 1923 ke le ngoan’a bosupa oa ’Mè Marinka; e leng morali’a bona. Nakong eo bophelo bo ne bo iketlile empa bo sireletsehile. Re ne re ja lijo tse matlafatsang re bile re apara liphahlo tse mofuthu, ’me ’muso o ne o fana ka litšebeletso tsa motheo. Baahelani ba botsoalle ba ne ba thusana ka bolokolohi ho etsa mesebetsi e boima. Mariheng a 1925, e mong oa Liithuti Tsa Bibele, e leng tsela eo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa ka eona ka nako eo, o ile a etela lapeng. Ketelo eo e ile ea re susumelletsa ho etsa liqeto tseo le kajeno ke sa ntseng ke leboha hore ebe re ile ra li etsa.
Lelapa Leso le Fumana ’Nete ea Bibele
’Mè o ile a amohela libukana tse itseng tseo a ileng a li fuoa ke Seithuti seo sa Bibele ’me hang-hang a utloa hore seo a ithutang sona ke ’nete. O ile a hatela pele ka potlako moeeng ’me a kolobetsoa ka 1926. Ha ’Mè e e-ba Seithuti sa Bibele, pono ea lelapa leso ka bophelo e ile ea fetoha ka ho feletseng. Lelapa leso le ne le lula le amohela baeti. Hangata balebeli ba tsamaeang, ba neng ba bitsoa batsamai, le Liithuti tse ling Tsa Bibele ba ne ba fihlela lapeng. Ka 1928 molebeli e mong ea tsamaeang o ile a re bontša “Eureka Drama,” e leng lenaneo le khutsufalitsoeng la “Photo-Drama of Creation.” Re ile ra mo alima sehohoana sa rōna sa mampapali se neng se lla ha se penngoa. Ha e le nako ea ho fetisa selaete, o ne a penya sehohoana seo. Re ne re le motlotlo haholo hore a sebelise sehohoana seo sa rōna sa mampapali!
Molebeli ea tsamaeang ea bitsoang Emil Zarysky o ne a etela lapeng khafetsa a tsamaea ka k’haravene ea hae. Ka linako tse ling o ne a tsamaea le mora oa hae ea neng a se a le moholo, ’me o ne a re khothalletsa hore re nahane ka ho ba basebeletsi ba nako e tletseng kapa bo-pula-maliboho. Bo-pula-maliboho ba bangata le bona ba ne ba fihlela lapeng. Ka nako e ’ngoe, ’Mè o ile a kalima mor’abo rōna oa pula-maliboho hempe ha a ntse a emetse hore ’Mè a qete ho rōka ea hae. Ha a tsamaea o ile a e nkella a sa hlokomela. O ile a e khutlisa ka mor’a nako e teletsana ’me a kōpa tšoarelo ka hore ebe o liehile ho e khutlisa. Lengolong la hae o ile a re: “Ke ne ke se na lisente tse leshome tse hlokahalang tsa setempe.” Re ile ra nahana hore ekare a ka be a sa e khutlisa! Ke ile ka lakatsa hore le ’na ka letsatsi le leng ke tšoane le bo-pula-maliboho bao ba itetseng. Kea leboha hore ebe ’Mè o ne a e-na le moea oa ho amohela baeti, o ileng oa entša bophelo ba rōna ’me oa etsa hore re rate mokhatlo oa rōna oa bara ba motho.—1 Petrose 4:8, 9.
Ntate ha ea ka ea e-ba Seithuti sa Bibele; empa o ne a sa re hanyetse. Ka 1930 o ile a ba a lumella barab’abo rōna hore ba tšoarele kopano ea letsatsi le le leng setorong sa hae se seholo. Le hoja ke ne ke le lilemo li supileng feela ka nako eo, ke ile ka khahloa ke kamoo kopano eo e neng e le monate ebile e hlompheha kateng. Ntate o ile a hlokahala ka 1933. Le hoja ’Mè e ne e se e le mohlolohali ea nang le bana ba robeli, o ile a lula a ikemiselitse ho re boloka re le tseleng ea borapeli ba ’nete. O ne a etsa bonnete ba hore ke ea le eena libokeng. Ka nako eo, liboka li ne li bonahala li le telele haholo, ’me ke ne ke lakatsa eka nka tsamaea le bana ba bang, ba neng ba lumeletsoe ho bapala ka ntle. Leha ho le joalo, kaha ke ne ke hlompha ’Mè, ke ne ke lula ka hare. Ha ’Mè a ntse a pheha, hangata o ne a qotsa lengolo ebe o mpotsa hore na le hlaha hokae ka Bibeleng. Ka 1933 re ile ra chaea haholo masimong, eaba ’Mè o reka koloi ka chelete e ’ngoe. Baahelani ba bang ba ile ba re o senya chelete, empa o ne a tšepile hore koloi eo e tla re thusa mesebetsing ea rōna ea puso ea Molimo. O ne a nepile.
Ba Bang ba Ile ba Nthusa ho Etsa Liqeto Tse Nepahetseng
Mocha o fihla nakong eo ka eona a tlamehang ho etsa liqeto tse tla ama bokamoso ba hae. Ha bo-ausi ba ka, e leng Helen le Kay, ba fihla nakong eo, ba ile ba qala ho bula maliboho. Pula-maliboho e mong ea neng a fihlela lapeng ke John Jazewsky, eo e neng e le mohlankana ea ratehang. ’Mè o ile a kōpa John hore a lule nako e teletsana e le hore a thuse ka mosebetsi oa polasi. Hamorao, John o ile a nyala Kay, ’me ba ile ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho sebakeng se seng hōle hakaalo le lapeng. Ha ke le lilemo li 12, ba ne ba nkōpa hore ke ee le bona tšimong ha likolo li koetsoe. Seo se ile sa mpha monyetla oa ho utloa hore na bopula-maliboho bo joang.
Ka mor’a nako, ’na le moholoane oa ka John re ile ra khona ho hlokomela polasi ka tsela ena kapa eane. Seo se ne se fa ’Mè monyetla oa hore likhoeling tsa lehlabula a nke bopula-maliboho bo seng bo bitsoa bopula-maliboho bo thusang. O ne a sebelisa kariki e mabili a mabeli e huloang ke pere e tsofetseng. Ntate o ne a e-na le pere e ’ngoe e tsofetseng ea lebelete eo a neng a e rehile Saul, empa e ne e le bonolo hoo ’Mè a neng a khona ho e laola. ’Na le John re ne re rata polasi eo, empa nako le nako ha ’Mè a ne a tsoa tšebeletsong ea tšimo ’me a re phetela liphihlelo tsa hae, lerato leo re neng re rata polasi ka lona le ile la qepha hanyane ka hanyane eaba re rata tšebeletso ea bopula-maliboho. Ka 1938, ke ile ka eketsa mosebetsi oa ka oa tšimo, ’me ka kolobetsoa ka la 9 February, 1940.
Nako e itseng ka mor’a moo, ke ile ka khethoa hore ke be mohlanka oa phutheho. Ke ne ke hlokomela litlaleho tsa phutheho ’me ka linako tsohle ha ke bona khōlo ke ne ke thaba. Ke ne ke e-na le tšimo ea ka toropong e lik’hilomithara tse ka bang 16 ho tloha lapeng. Nakong ea mariha, ke ne ke e-ea teng ka maoto beke e ’ngoe le e ’ngoe ’me ke robala bosiu bo le bong kapa a mabeli ka kamoreng e nyenyane e mokatong o holimo oa ntlo ea lelapa le leng le neng le thahasella Bibele. Ka mor’a ho buisana le moruti oa Lutere—e leng puisano eo ke neng ke ipuela feela ke se na temoho—o ile a ntšokela ka hore o tla mpitsetsa mapolesa haeba ke sa khaohane le mohlape oa hae. Seo se ile sa etsa hore ke ikemisetse le ho feta pele.
Ka 1942 ausi oa ka Kay le monna oa hae, John, ba ile ba etsa litokisetso tsa ho ea kopanong Cleveland, Ohio, United States. Ke ile ka thaba ha ba ’mema hore ke tsamaee le bona. Kopano eo ke e ’ngoe ea lintho tse molemohali tse kileng tsa nketsahalla. E ile ea tiisa merero ea ka ea bokamoso. Ha Mor’abo rōna Nathan Knorr, ea neng a eteletse pele mosebetsing oa lefatše ka bophara nakong eo, a phatlalatsa hore ho hlokahala bo-pula-maliboho ba 10 000, ke ile ka etsa qeto ka eona nako eo hore ke be e mong oa bona!
Ka January 1943, Henry, eo e neng e le molebeli ea tsamaeang, o ile a etela phutheho ea rōna. O ile a fana ka puo e matla e ileng ea re tsosa molota. Letsatsi ka mor’a hore a fane ka puo eo, mohatsela o ne o le tekanyong ea -40° Celsius, ’me moea o hlabang o tsoang ka leboea-bophirima o ile oa etsa hore ho bate le ho feta. Ka tloaelo re ka be re ile ra lula lapeng ha ho bata hakaalo, empa Henry o ne a labalabela ho ea tšebeletsong. Eena le ba bang ba ile ba ea motseng o mong o bohōle ba lik’hilomithara tse 11 ba palame selei se huloang ke lipere, se nang le setofo se beseletsoang ka patsi. Ke ile ka etela lelapa le leng la bana ba bahlano ke tsamaea ke le mong. Ba ile ba lumela hore ke ba khannele thuto ea Bibele, ’me ka mor’a nako ba amohela ’nete.
Ho Bolela Nakong ea Thibelo
Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, mosebetsi oa ’Muso o ne o thibetsoe Canada. Re ne re lokela ho pata lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele, ’me ho ne ho e-na le libaka tse ngata tseo re ka li patang ho tsona polasing eso. Mapolesa a ne a re etela khafetsa empa ho se mohla a fumanang letho. Re ne re sebelisa Bibele feela ha re etsa mosebetsi oa boboleli. Re ne re kopana ka lihlopha tse nyenyane, ’me ’na le moholoane oa ka John ra abeloa ho tsamaisa thepa ka sekhukhu.
Nakong ea ntoa, phutheho ea rōna e ile ea kopanela kabong e neng e etsoa naheng eohle ea bukana e bitsoang End of Nazism. Re ne re tsamaea har’a bosiu. Ke ne ke tšohile haholo ha re e-ea ntlong ka ’ngoe re patile mohoasa ebe re siea pampitšana monyako. E ne e le ntho e tšosang ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa. Ho ile ha ba ha re kokololo ha re siea bukana ea ho qetela! Eaba re khutlela koloing re tatile, ra bala hore na re feletse, ra ntan’o nyamella lefifing.
Bopula-maliboho, Literonko le Likopano
Ka la 1 May, 1943, ke ile ka tsamaea lapeng ka salisa ’Mè hantle. Ke ile ka ea kabelong ea ka ea pele ea bopula-maliboho ke e-na le lidolara tse 20 feela ka sepacheng ’me ke nkile sutuk’heise e nyenyane feela. Mor’abo rōna Tom Troop le lelapa la hae le nang le lerato le neng le lula Quill Lake, Saskatchewan, ba ile ba nkamohela ka liatla tse peli. Selemong se latelang, ke ile ka ea tšimong e ka thōko e Weyburn, Saskatchewan. Ka la 24 December, 1944, ke ile ka tšoaroa ke ntse ke etsa mosebetsi oa seterateng. Ka mor’a ho qeta nakonyana teronkong ea sebakeng seo, ke ile ka isoa kampong e Jasper, Alberta. Ke ne ke e-na le Lipaki tse ling moo, ’me re ne re pota-potiloe ke pōpo e hlollang ka botle ea Jehova, e leng Lithaba Tsa Rocky tsa Canada. Mathoasong a 1945, balaoli ba kampo eo ba ile ba re lumella ho ea sebokeng Edmonton, Alberta. Mor’abo rōna Knorr o ile a fana ka tlaleho e hlollang e buang ka tsoelo-pele ea mosebetsi lefatšeng ka bophara. Re ne re labalabela ho lokolloa teronkong e le hore re ka boela ra kopanela ka botlalo tšebeletsong.
Ha ke lokolloa teronkong, ke ile ka qalella ho bula maliboho. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha tsebisoa hore ho ne ho tla tšoaroa Kopano ea “Katoloso ea Lichaba Tsohle” Los Angeles, California. Mora e mong oabo rōna oa moo ke neng ke bula maliboho teng o ile a kenya litulo tsa batho ba 20 terakeng ea hae. Ka la 1 August, 1947, re ile ra kena leetong le sa lebaleheng, le ileng la re nka lik’hilomithara tse 7 200; re ne re feta makhulong, mahoatateng le libakeng tse ntle tsa naha, ho akarelletsa le libakeng tsa tlhokomelo ea tlhaho tse kang Yellowstone le Yosemite. Leeto leo lohle le ile la nka matsatsi a 27—’me e ne e le phihlelo e tsotehang!
Kopano ka boeona e ne e le tlhohonolofatso eo nke keng ka e lebala. E le hore nka kopanela ka botlalo kopanong eo, ke ne ke e-ba mohlokomeli motšehare ’me bosiu ke e-ba molebeli. Ka mor’a ho ea sebokeng sa ba thahasellang tšebeletso ea boromuoa, ke ile ka tlatsa foromo ea kōpo empa ke sa nahane hore nka amoheloa. Ho sa le joalo, ka 1948 ke ile ka ithaopela ho sebeletsa ke le pula-maliboho profinseng ea Quebec Canada.—Esaia 6:8.
Ho ea Gileade le Bophelo ba ka ka Mor’a Moo
Ka 1949, ke ile ka thaba ha ke fumana memo ea hore ke ee sehlopheng sa bo14 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Koetliso eo e ile ea matlafatsa tumelo ea ka ’me ea nkatametsa haufi le Jehova. John le Kay ba ne ba se ba fumane mangolo sehlopheng sa bo11 ’me ba ne ba sebeletsa e le baromuoa Rhodesia Leboea (eo e seng e le Zambia). Moholoane oa ka John o ile a fumana mangolo a Gileade ka 1956. Eena hammoho le mosali oa hae, Frieda, ba ile ba sebeletsa Brazil ka lilemo tse 32 ho fihlela John a hlokahala.
Letsatsing leo ke fumaneng mangolo ka lona ka February 1950, ke ile ka khothatsoa haholo ke melaetsa e ’meli ea thelekramo eo ke ileng ka e fumana, o mong o ne o tsoa ho ’Mè, ’me o mong o tsoa lelapeng la Troop le neng le lula Quill Lake. Thelekramo ea lelapa la Troop, eo sehlooho sa eona se neng se re “Keletso ho Moithuti ea Fumaneng Mangolo,” e ne e e-na le mantsoe a reng: “Lena ke letsatsi har’a matsatsi ho uena. Ke letsatsi leo u tla lula u le hopola kamehla; ’me e se eka u ka fumana katleho le thabo bophelong ba hao.”
Ke ile ka abeloa ho sebeletsa motseng oa Quebec, empa ke ile ka lula nakoana Kingdom Farm, New York State, moo Sekolo sa Gileade se neng se le teng ka nako eo. Ka letsatsi le leng, Mor’abo rōna Knorr o ile a mpotsa hore na nka rata ho ea Belgium. Leha ho le joalo, ka mor’a matsatsi a seng makae, a mpotsa hore na nka lumela ho abeloa Netherlands. Ha ke fumana lengolo la kabelo, le ne le re ke lokela ho “sebeletsa ke le mohlanka oa lekala.” Ke ne ke tsielehile.
Ka la 24 August, 1950, ke ile ka nka leeto la matsatsi a 11 ka sekepe ho ea Netherlands—ka fumana nako e lekaneng ea hore ke bale Phetolelo eohle ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e neng e sa tsoa lokolloa ka Senyesemane. Ke ile ka fihla Rotterdam ka la 5 September, 1950, ’me lelapa la Bethele la nkamohela ka mofuthu. Ho sa tsotellehe tšenyo e neng e bakiloe ke Ntoa ea II ea Lefatše, barab’abo rōna ba ne ba sebelitse ka thata hore ba tsosolose mesebetsi ea Bokreste. Ha ke ntse ke mametse liphihlelo tsa bona tsa kamoo ba ileng ba lula ba tšepahala kateng nakong ea mahloriso a matla, ke ne ke nahana hore bara bao babo rōna ba tla thatafalloa ke ho sebetsa tlas’a tataiso ea mohlanka oa lekala ea mocha lilemong le ea se nang phihlelo. Leha ho le joalo, kapele ho ile ha qaqa hore ke ne ke tšohile moru o se na nkoe.
Ho hlakile hore lintho tse ling li ne li lokela ho lokisoa. Ke ne ke fihlile nakoana pele ho tšoaroa kopano ’me ka hlolloa ha ke bona batho ba likete ba tlileng kopanong ba neng ba lokiselitsoe marobalo sebakeng seo kopano e tšoareloang ho sona. Ke ile ka etsa tlhahiso ea hore kopanong e latelang re lokisetse marobalo malapeng a batho. Barab’abo rōna ba ne ba nahana hore ke khopolo e ntle—empa e ne e ke ke ea sebetsa naheng ea habo bona. Ka mor’a ho tšohla taba eo, re ile ra lumellana hore halofo ea batho ba tlileng kopanong e lokisetsoe marobalo sebakeng seo kopanong e tšoareloang ho sona ’me halofo e ’ngoe e lokisetsoe marobalo malapeng a batho bao e seng Lipaki motseng oo kopano e tšoareloang ho oona. Ha Mor’abo rōna Knorr a tlile kopanong ke ile ka mo bolella liphello tsa seo ka pelo e tšoeu. Leha ho le joalo, khotsofalo ea ka e ile ea fela ka ho panya ha leihlo ha ke bala tlaleho e buang ka kopano ea rōna Molula-Qhooeng, e neng e re: “Re na le tšepo e tiileng ea hore nakong e tlang barab’abo rōna ba tla ba le tumelo ’me ba qale ka ho fumanela batho ba tlileng kopanong marobalo sebakeng se molemohali bakeng sa ho fana ka bopaki, e leng malapeng a batho.” “Nakong e tlang” ke sona seo re ileng ra se etsa!
Ka July 1961, baemeli ba babeli ba ofisi ea rōna ea lekala ba ile ba mengoa hore ba ee sebokeng le baemeli ba makala a mang London. Mor’abo rōna Knorr o ile a phatlalatsa hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e ne e tla ba teng ka lipuo tse eketsehileng, ho akarelletsa le Sedache. Tseo e ne e le litaba tse monate hakaakang! Ka lehlohonolo, re ne re sa tsebe hore na mosebetsi oo o tla ba mongata hakae. Ka mor’a lilemo tse peli, ka 1963, ke ile ka thabela ho ba le karolo lenaneong la kopano e neng e tšoaretsoe New York moo ho ileng ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sedache.
Liqeto le Likabelo Tse Ncha
Ka August 1961, ke ile ka nyala Leida Wamelink. Lelapa lohle labo le ne le amohetse ’nete ka 1942 nakong ea mahloriso a puso ea Manazi. Leida o ile a qala ho bula maliboho ka 1950 ’me a tla Bethele ka 1953. Tsela eo a neng a sebetsa ka eona Bethele le phuthehong e ile ea mpontša hore e ne e tla ba molekane ea tšepahalang tšebeletsong ea ka.
Ka mor’a selemonyana re nyalane, ke ile ka memeloa Brooklyn bakeng sa thupelo e eketsehileng ea likhoeli tse leshome. Ho ne ho se na tokisetso ea hore basali ba tsamaee le banna ba bona. Le hoja Leida a ne a sa phele hantle, ka lerato o ile a lumela hore ke amohele memo eo. Hamorao, Leida o ile a kula le ho feta. Re ile ra leka ho tsoela pele re sebeletsa Bethele empa qetellong ra etsa qeto ea hore ho ne ho tla ba molemo haholo hore re ntšetse pele tšebeletso ea rōna ea nako e tletseng re le tšimong. Kahoo re ile ra qala ho sebeletsa tšebeletsong ea ho tsamaea. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha hlokahala hore mosali oa ka a etsoe opereishene e khōlō. Ka lebaka la tšehetso e lerato ea metsoalle, re ile ra khona ho sebetsana ka katleho le boemo boo, ’me ka mor’a selemo ra ba ra khona ho amohela kabelo ea ho sebeletsa mosebetsing oa setereke.
Ka lilemo tse supileng, re ile ra thabela tšebeletso e khathollang mosebetsing oa ho tsamaea. Eaba ho boetse ho hlaha boemo bo hlokang hore re etse qeto e boima ha ke ne ke memeloa ho ea ruta Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso Bethele. Re ile ra lumela, le hoja e ne e le phetoho e khōlō, hobane re ne re rata mosebetsi oa ho tsamaea. Litlelase tse 47 tsa sekolo seo, tse neng li nka libeke tse peli tlelase ka ’ngoe, li ile tsa mpha monyetla o motle oa ho abelana litlhohonolofatso tsa moea le baholo ba phutheho.
Ka nako eo, ke ne ke ntse ke itokisetsa ho etela ’Mè ka 1978. Empa ka la 29 April, 1977, re ile ra fumana molaetsa oa tšohanyetso ka thelekramo, o re tsebisang hore ’Mè o hlokahetse. Ke ile ka felloa ke matla ha ke nahana hore nke ke ka utloa lentsoe la hae le mofuthu hape le ho boela ke mo bolella kamoo ke mo lebohang kateng ka sohle seo a neng a nketselitse sona.
Ha thupelo ea Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso e fela, re ile ra kōpuoa hore re be litho tsa lelapa la Bethele. Lilemong tse latelang, ke ile ka sebeletsa ke le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala ka lilemo tse leshome. Ka mor’a nako, Sehlopha se Busang se ile sa khetha mohokahanyi e mocha, ea neng a tla khona ho jara boikarabelo boo hamolemo. Kea leboha hore ebe ho ile ha etsoa joalo.
Ho Sebeletsa ha Lilemo li sa Ntse li Lumela
’Na le Leida re lilemo li 83 hona joale. Ke qetile lilemo tse fetang 60 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me tse 45 tsa tsona ke li qetile ke e-na le mosali oa ka ea tšepahalang. O ’nile a talima tsela eo a ntšehetsang ka eona likabelong tsohle tsa rōna e le karolo ea tšebeletso eo a e nehetseng ho Jehova. Hona joale, re etsa seo re ka se khonang Bethele le phuthehong.—Esaia 46:4.
Nako le nako, rea thaba ha re hopola liketsahalo tsa bohlokoa bophelong ba rōna. Ha re ikoahlaele seo re se entseng tšebeletsong ea Jehova, ’me re kholisehile hore liqeto tseo re li entseng bocheng ba rōna e bile tse molemo ka ho fetisisa. Re ikemiselitse ho tsoela pele re sebeletsa Jehova le ho mo hlompha ka matla ’ohle a rōna.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
’Na le Bill, moholoane oa ka, le pere eabo rōna e bitsoang Saul
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mohla lechato la rōna, ka August 1961
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
’Na le Leida kajeno