U ka Phonyoha Tlokotsi e Kang Sefefo
LINAKONG tsena tse mahlonoko, batho ba bangata ba mameletse litsietsi tse kang sefefo. Leha ho le joalo, kaha Bakreste ba rata Molimo ’me ba tšepahalla melao-motheo ea hae, sena se ba thusa ho sebetsana le tsona ka katleho. Ba khona joang? Re ka fumana karabo papisong e boletsoeng ke Jesu Kreste. O ile a tšoantša barutuoa ba hae ba mamelang le “monna ea masene, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lefika.” Jesu o ile a re: “Pula ea tšoloha le meroallo ea tla ’me meea ea foka eaba e otla ntlo eo, empa ha ea ka ea heleha, kaha e ne e thehiloe holim’a lefika.”—Matheu 7:24, 25.
Hlokomela hore le hoja monna eo ho builoeng ka eena papisong ena a le masene, o ntse a hlaheloa ke tsietsi—e tšoantšetsoang ke pula e tšolohang, meroallo le meea e bakang tšenyo. Ka lebaka leo, Jesu ha aa ka a re mathata ’ohle a ne a tla pota barutuoa ba hae ka thōko ebe ba phela bophelo ba boiketlo le ho hlaba khobe ka lemao. (Pesaleme ea 34:19; Jakobo 4:13-15) Empa o ile a re bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba ka lebella litsietsi le maqakabetsi a joaloka sefefo.
Jesu o ile a qala papiso ea hae ka ho re: “E mong le e mong ea utloang lipolelo tsena tsa ka ’me a li phetha o tla tšoantšoa le monna ea masene, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lefika.” Ka ho hlakileng, Jesu o ne a sa bue ka ho haha matlo a sebele, empa o ne a bua ka ho haha bophelo ba Bokreste. Ba mamelang mantsoe a Kreste ba sebelisa temoho ’me ba bonahatsa kahlolo e molemo. Ba haha lintho tse ba susumetsang le liketso tsa bona lefikeng le tiileng la lithuto tsa Kreste ka hore ba sebelise seo ba se rutiloeng. Ho thahasellisang ke hore lefika lena la tšoantšetso ha le fumanehe ka holimo feela. Ho ne ho hlokahala hore monna ea boletsoeng papisong eo a epe ho fihla “tlaase botebong” e le hore a ka fihla ho lona. (Luka 6:48) Ka ho tšoanang, barutuoa ba Jesu ba lula ba ikitlaelletsa ho hlaolela litšobotsi tse tšoarellang tse ba atametsang ho Molimo.—Matheu 5:5-7; 6:33.
Ho etsahala’ng ha mathata a kang sefefo a sisinya motheo oa Bokreste oa balateli ba Jesu? Ho ikokobelletsa lithuto tsa Kreste ka ho rata le litšobotsi tsa bona tsa Bokreste e ba mohloli oa matla mathateng a joalo ’me qetellong e tla ba mohloli oa matla nakong ea sefefo se ntseng se atamela sa Armagedone. (Matheu 5:10-12; Tšenolo 16:15, 16) Ka sebele, ha batho ba bangata ba latela lithuto tsa Kreste, ba phonyoha liteko tse kang sefefo. Le uena u ka etsa se tšoanang.—1 Petrose 2:21-23.