Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 2/1 leq. 32
  • E Bonolo, Empa na e Nepahetse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Bonolo, Empa na e Nepahetse?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 2/1 leq. 32

E Bonolo, Empa na e Nepahetse?

KA September 2005, Kereke ea Chache e ile ea thoholetsa ho lokolloa ha phetolelo ea The 100-Minute Bible. Phetolelo ena e ncha e lokiselitsoeng hore e baloe ka metsotso e 100, e khutsufalitse Mangolo a Seheberu hore e be likarolo tse 17 tsa leqephe karolo ka ’ngoe, ’me Mangolo a Segerike ’ona ke likarolo tse 33, ’me ka ho etsa joalo, e ntšitse “likarolo [tsohle] tse tenang,” kamoo ho bolelang mohlahlobi e mong oa eona. Ke ’nete hore e baleha habonolo, empa na e nepahetse?

Ntle le hore e ntšitse lebitso la Molimo, e leng Jehova, liithuti tse hloahloa tsa Bibele li tla hlokomela lintho tse ’maloa tseo e seng tsona. (Pesaleme ea 83:18) Ka mohlala, karolo 1 e bolela hore Molimo “o bōpile leholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng.” Leha ho le joalo, Genese 1:1 e bolela habonolo feela hore, “tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” Ka mor’a moo, tlaleho ea tšimolohong e hlalosa lintho tse ling tse ileng tsa bōptjoa lefatšeng, tse ileng tsa nka “matsatsi” a tšeletseng, kapa linako tse tšeletseng. Joale, Genese 2:4 e akaretsa nako eo eohle ea pōpo ka hore e re ke ‘letsatsi leo ka lona Jehova Molimo a entseng leholimo le lefatše.’

Ho ea ka The 100-Minute Bible, Jobo, monna ea neng a tšepahala, o ile a hlaseloa ke “e mong oa bahlanka ba [Molimo], e leng Satane, . . . ea neng a fuoe boikarabelo ba ho iketsa moqosi oa moloko oa batho.” Na ua lemoha hore taba ee ha e lumellane? Lentsoe “Satane” le bolela “Mohanyetsi.” Ha e le hantle, ho e-na le hore Satane e be mohlanka oa Molimo, ke sera se seholo sa Molimo se ikentseng moqosi oa moloko oa batho.—Tšenolo 12:7-10.

Ho thoe’ng ka karolo ea Mangolo a Bakreste a Segerike a The 100-Minute Bible? Setšoantšong sa linku le lipōli, phetolelo ena e ncha e re Jesu o rata ba ileng ba thusa “mang le mang, ho sa tsotellehe hore na hase oa bohlokoa hakae,” empa ha e le hantle Jesu o itse o hlohonolofatsa ba etsetsang balateli ba hae, kapa “barab’abo,” molemo. (Matheu 25:40) Phetolelo e khutsufalitsoeng ea buka ea Tšenolo e bolella babali ba eona hore “Roma, e leng Babylona e moholo, e tla timetsoa ka ho feletseng.” Leha ho le joalo, liithuti tsa Bibele lia tseba hore libukeng tsa pele tsa Bibele, ha ho letho le tšehetsang qeto ea hore “Babylona e Moholo” ke Roma.—Tšenolo 17:15–18:24.

Batho ba batlang ho tseba ’Mōpi oa rōna le ho utloisisa morero oa hae, ba lokela ho tseba hore ha ho letho le ka nkang sebaka sa Bibele e feletseng. Ke ’nete hore ho bala Bibele ho ka nka nako e fetang metsotso e 100, empa ho e bala ho ka ba le melemo e meholo. (Johanne 17:3) E se eka u ka amohela boikarabelo bona ba ho bala Bibele, ’me u iphumanele melemo.—2 Timothea 3:16, 17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela